Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lefu le re Utloisa Bohloko
    Tsoha!—2018 | No. 3
    • Monna ea siameng o lutse a le mong ka reschurenteng

      U KA THUSOA KE’NG HA U SIAME?

      Lefu Le Re Utloisa Bohloko

      “ ’Na le mohats’aka Sophiaa re ne re qetile lilemo tse 39 re nyalane ha a hlokahala ka mor’a ho kula nako e telele. Metsoalle ea ka e ile ea ntšehetsa haholo, ntle ho moo le ’na ke ne ke iphathahanya ka mesebetsi. Empa ke qetile selemo ke sitoa ho tšeliseha. Ke ne ke sa khone ho laola tsela eo ke ikutloang ka eona. Le hoja ho se ho fetile lilemo tse tharo a hlokahetse, ka linako tse ling ke ntse ke sithabela haholo ha ke mo hopola.”​—⁠Kostas.

      Na u kile oa hlokahalloa ke motho eo u mo ratang? Haeba ho joalo, mohlomong u utloisisa hantle tsela eo Ntate Kostas a ikutloang ka eona. Re utloa bohloko haholo ha re hlokahalloa ke balekane, beng ka rona kapa metsoalle. Batho ba ithutileng haholo ka se etsahalang ha motho a siame ba lumellana le taba ena. Makasine e ’ngoe ea Amerika ea mafu a kelello e re “lefu ke e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa tseo bohloko ba tsona bo sa feleng.” Hangata batho ba siameng ba ee ba ipotse: ‘Na bohloko boo bo tla ke bo fele? Na ke tla boela ke thabe? Ke tla fumana matšeliso hokae?’

      Makasine ena ea Tsoha! e tla araba lipotso tsena. Sehlooho se latelang se tla hlalosa lintho tseo u ka ’nang oa li lebella haeba u oele ka phatla hona joale. Lihlooho tse hlahlamang seo li tla u thusa ho fokotsa bohloko boo u bo utloileng.

      Re tšepa hore lihlooho tse makasineng ena li tla tšelisa batho ba siameng, li be li ba thuse ho imoloha.

      a Mabitso a mang a fetotsoe lihloohong tse makasineng ena.

  • Lintho Tseo U ka li Lebellang
    Tsoha!—2018 | No. 3
    • Banyalani ba siameng

      U KA THUSOA KE’NG HA U SIAME?

      Lintho Tseo U Ka Li Lebellang

      Batho ba ithutileng haholo ka se etsahalang ha motho a siame ba re ho siama ho etsahala ka mekhahlelo. Leha ho le joalo, batho ba siama ka litsela tse sa tšoaneng. Na ho se tšoane hoo ho bolela hore batho ba bang ha baa utloa bohloko haholo ke ho hlokahalloa ke batho bao ba ba ratang kapa ba mpa ba “hateletse” maikutlo a bona feela? Ha ho joalo. Motho e mong le e mong o siama ka tsela ea hae. Batho ba bang ba ka ’na ba siama ho latela setso sa bona, semelo, lintho tse ba hlahetseng bophelong kapa tsela eo mong ka bona a hlokahetseng ka eona.

      HO TLA MPEFALA HAKAE?

      Ka mor’a lefu, batho ba hlokahaletsoeng ba ka ’na ba ipotsa hore na ba tla tsoela pele joang ka bophelo. Leha ho le joalo, ho ba le maikutlo a joalo ke ntho e tloaelehileng. A re ke hlahlobeng lintlha tse latelang:

      Ho imeloa kelellong. Hangata ha motho a siame, maikutlo a hae a ka ’na a feto-fetoha ka lebaka la tlholohelo. Batho ba bang ba ka ’na ba siama ha ba hopola linako tse monate tseo ba bileng le tsona le mong ka bona ea hlokahetseng. Qalong, ha batho ba utloa pii, ba ka ’na ba tšoha haholo ba be ba utloe ba sa kholoe. ’Mè Tiina oa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng ha monna oa hae a hlokahala ka tšohanyetso. O re: “Qalong, ke ne ke ferekane haholo. Ke ne ke sa khone le ho lla. Ke ne ke sithabetse habohloko hoo ke neng ke thatafalloa ke ho hema. Ke ne ke sa kholoe ntho e etsahetseng.”

      Ho ferekana, ho koata le ho ipeha molato. Ntate Ivan o re: “Ka mor’a hore mora oa rona Eric a hlokahale a le lilemo li 24 ’na le mohats’aka, Yolanda re ne re halefile haholo. Re ile ra makala ha re hlokomela hore re se re le bohale. Re ile ra ikutloa re le molato re bile re ipotsa hore na re entse sohle seo re ka se khonang ho thusa mora oa rona.” Ntate Alejandro le eena o ile a ikutloa a le molato ha mosali oa hae a hlokahala ka mor’a ho kula nako e telele. O re: “Qalong ke ne ke nahana hore haeba Molimo o lumeletse hore ke utloe bohloko bo joalo, e tlameha ebe ha a nthate. Ka mor’a moo, ke ile ka ikutloa ke le molato haholo hore ebe ke qositse Molimo ka bothata ba ka.” Ntate Kostas eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng o re: “Ka linako tse ling ke ne ke utloa ke koatetse Sophia hore na hobaneng a hlokahetse. Ka mor’a moo ke ile ka ipeha molato hore ebe ke ikutloa joalo hobane e ne e se molato oa Sophia hore ebe o hlokahetse.”

      Ho lula u nahana ka lintho tse bohloko. Ka linako tse ling maikutlo a motho a ka farasa. Mohlala, ha motho a siame a ka ’na a nahana hore mong ka eena ea hlokahetseng oa utloa kapa oa bona. Motho ea siameng a ka sitoa ho tsepamisa kelello kapa ho hopola lintho tse ling. ’Mè Tiina o re: “Ka linako tse ling ha ke qoqa le batho, kelello ea ka ea lelera ebe ke nahana ka lefu la mohatsa’ka Timo. Ha ke sitoa ho tsepamisa kelello ea ka nthong eo ke e etsang, kea nyahama.

      Ho batla ho itšehla thajana. Motho ea siameng a ka ’na a utloa ho le betere ha a itšehla thajana. Ntate Kostas o re: “Ha ke e-⁠na le batho ba nyalaneng leha ke e-⁠na le masoha hoa tšoana, ke utloa ke le motoai-toai.” ’Mè Yolanda eena o re: “Ho ne ho e-⁠ba boima ha ke utloa batho ba bua ka mathata a bona a fokolang ha a bapisoa le a rona. Ba bang bona ba ne ba re bolella kamoo bana ba bona ba ntseng ba tsoela pele hantle bophelong. Le hoja ke ne ke ba thabetse, ho ne ho e-⁠ba thata ho ba mamela. ’Na le mohats’aka re ne re tseba hore bophelo bo lokela ho tsoele pele empa ho ne ho le thata.”

      Ho kula. Ha motho a siame a ka ’na a hloka takatso ea lijo, a hlobaela kapa a theoha ’meleng. Selemo ka mor’a hore ntate oa Aaron a hlokahale, Aaron o ile a re: “Ke ne ke sa robale hantle ’me ke phaphama bosiu bo bong le bo bong ka nako e tšoanang ebe ke nahana ka lefu la ntate oa ka.”

      Ka li nako tse ling, Ntate Alejandro o ne a kula empa lingaka li sa fumane hore na o tšoeroe ke’ng. O re: “Hangata ha ke ile ngakeng, ho ne ho thoe ke ntse ke phetse hantle. Ke ile ka belaela hore ho siama ke hona ho mpakelang mafu a mangata.” Qetellong, o ile a ba betere. Empa ntate Alejandro o ne a entse hantle ka ho ea ngakeng. Ho siama ho ka thefula sesole sa ’mele, ha etsa hore motho a kule le ho feta kapa a tšoaroe ke mafu ao a neng a ntse a se na oona.

      Ho thatafalloa ho etsa mesebetsi ea bohlokoa. Ntate Ivan o re: “Ka mor’a hore mora oa rona Eric a hlokahale, re ile ra tlameha ho tsebisa beng ka rona, metsoalle, mohiri oa hae le mong’a ntlo eo a neng a lula ho eona. Hape, ho ne ho e-⁠na le lifomo tsa molao tseo re lokelang ho li tlatsa kahoo re ne re lokela ho sheba litokomane tsa Eric. Lintho tsena kaofela li ne li hloka motho ea pholileng ka hloohong empa ka bomalimabe re ne re imetsoe kelellong le maikutlong ebile re khathetse.”

      Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea batho ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke ho etsa lintho tse ling tse neng li etsoa ke mong ka bona ea hlokahetseng. Ke se ileng sa etsahalla ’mè Tiina. O re: “Mohats’aka Timo e ne e le eena ea ikarabellang litabeng tsa khoebo ea rona le tsa banka. Joale lintho tseo kaofela li se li etsoa ke ’na ’me li mpakela khatello ea maikutlo le ho feta. Ke ne ke ipotsa hore na ebe nke ke ka etsa liphoso.”

      Mathata ana a boletsoeng ka holimo a bontša hore ho boima ho mamella ho siama. Ha e le hantle, bohloko ba ho hlokahalloa ke motho eo u mo ratang bo tebile haholo, empa ho tseba ’nete ena esale pele ho ka thusa batho ba oeleng ka phatla ho mamella. Empa re lokela ho hopola hore ha se motho e mong le e mong ea ka bang le mathata ao ha a siame. Ho feta moo, batho ba siameng ba ka tšelisoa ke ho tseba hore tsela eo ba ikutloang ka eona ha ba siame, ha e phoso.

      NA KE TLA BOELA KE THABE?

      Lintho tseo u ka li lebellang: Motho ha a lule a siame. Ha nako e ntse e ea, o ba betere empa ha se hore o lebala tu! ka mong ka eena ea hlokahetseng. Leha ho le joalo, hanyane ka hanyane bohloko boa kokobela. Ho na le linako tse ling tse ka etsang hore motho a boele a siame, tse kang ha a hopola linako tse monate tseo ba bileng le tsona le mong ka eena ea hlokahetseng. Hanyane ka hanyane motho ea siameng oa imoloha kelellong, e be o tsoela pele ka bophelo. Haeba ba lelapa le metsoalle ba mo tšehetsa, ho ba bonolo hore a mamelle.

      Motho a ka siama nako e kae? Batho ba bang ba nka likhoeli tse seng kae feela ba siame. Leha ho le joalo, boholo ba batho ba nka selemo ho isa ho tse peli ba ntse ba siame. Ha ba bang bona ba hloka nako e telele ho feta moo.a Ntate Alejandro eena o re: “Ke qetile lilemo tse ka bang tharo ke siame.”

      U se ke oa ikhahlapetsa. Nka nako ea hao ha u etsa lintho hape hopola hore u ke ke oa lula u siame. Na see se bolela hore ho na le lintho tseo u ka li etsang e le hore u se ke oa lula u siame?

      Batho ba siameng ba ka tšelisoa ke ho tseba hore tsela eo ba ikutloang ka eona ha ba siame, ha e phoso

      a Ke batho ba seng ba kae feela ba siamang nako e telele haholo ha mong ka bona a hlokahetse. Motho eo a ka ’na a hloka thuso ea ngaka ea mafu a kelello.

  • U ka Etsa’ng ha U Siame?​—Lintho Tseo U ka li Etsang Hona Joale
    Tsoha!—2018 | No. 3
    • Batho ba lebopong la leoatle ba ntse ba fofisa lik’haete, ba bang ba nka lifoto

      U KA THUSOA KE’NG HA U SIAME?

      U Ka Etsa’ng Ha U Siame? Lintho Tseo U Ka Li Etsang Hona Joale

      Ho na le likeletso tse ngata tse ka u thusang ha u siame ’me tse ling li bohlokoa haholo ho feta tse ling. Mohlomong ke hobane batho ba siama ka litsela tse fapaneng joalokaha ho boletsoe pejana. Keletso e thusitseng motho e mong e ka ’na ea se ke ea thusa batho kaofela.

      Leha ho le joalo, ho na le likeletso tsa bohlokoa tse thusitseng batho ba bangata. Tse ling li tsoa ho bahlabolli ba eletsang batho ba siameng. Likeletso tseo li lumellana le melao-motheo e sa felloeng ke nako eo re e fumanang ka Bibeleng.

      1: AMOHELA TŠEHETSO E TSOANG HO BA LELAPA LE METSOALLE

      • Batho ba lebopong la leoatle ba ntse ba fofisa lik’haete, ba bang ba nka lifoto

        Batho ba bang ba ithutileng ka se etsahalang ha motho a siame ba re ho bohlokoa haholo ho amohela tšehetso e tsoang ho ba lelapa le metsoalle. Ka linako tse ling u ka ikutloa u tenehile ha ba leka ho u thusa. Ha se phoso ha u ikutloa joalo.

      • Ha se hore u lokela ho lula u e-⁠na le batho empa haeba ba batla ho u thusa u se ke oa ba leleka hobane u ka hloka thuso ea bona ka moso. Bolella batho ba bang ka lintho tseo u li hlokang le tseo u sa li hlokeng.

      • Leka-lekanya nako ea ho ba mong le ea ho ba le batho ba bang.

      MOLAO-MOTHEO: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong . . . Etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.”​—Moeklesia 4:​9, 10.

      2: E-ja Hantle ’Me U Ikoetlise

      • Ho ja lijo tse nepahetseng ho tla u thusa ho fokotsa khatello ea kelello e bakiloeng ke ho siama. Leka ho ja litholoana, meroho le lihaha ’mele.

      • E-noa metsi khafetsa.

      • Haeba u se na takatso ea lijo, leka ho ja hanyane empa ebe khafetsa. Hape,u ka ’na oa botsa ngaka hore na ke’ng e ka u thusang hore u be le takatso ea lijo.a

      • Ho ikoetlisa ho ka fokotsa khatello ea maikutlo. Ho ka boela ha u thusa hore u se ke ua lula u nahana ka motho eo ea hlokahetseng.

      MOLAO-MOTHEO: “Ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa.”​—Baefese 5:29.

      3: E-BA LE NAKO E LEKANENG EA HO ROBALA

      • Bethe

        Hangata batho ba siameng ba lula ba khathetse kahoo ho bohlokoa hore ba robale ka ho lekaneng.

      • U se ke oa sebelisa tahi haholo le lintho tse ka etsang hore u felloe ke boroko.

      MOLAO-MOTHEO: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”​—Moeklesia 4:6.

      4: UTLOISISA HORE BATHO HA BA TŠOANE

      • ’Mè ea siameng o bua le motsoalle oa hae

        Hopola hore batho ba siama ka litsela tse fapaneng. Qetellong u tla fumana tsela e tla u thusa.

      • Batho ba bangata ba siameng ba utloa ho le betere ha ba phetlela motho e mong sefuba empa ba bang bona ba khetha ho se bue ho hang. Batho ba ithutileng ka se etsahalang ha motho a siame ba na le maikutlo a fapaneng hore na motho o ikutloa a le betere ha a phetletse motho e mong sefuba kapa che. Haeba u sa khone ho ntša maikutlo a hao, e ka ba bohlale hore hanyane ka hanyane u bue le motsoalle.

      • Batho ba bang ha ba siame ba utloa ho ba betere ha ba lla haholo, athe ba bang bona ba ntse ba e-⁠ba betere le ha ba sa lle hakaalo.

      MOLAO-MOTHEO: “Pelo e hlokomela bohloko ba moea oa motho.”​—Liproverbia 14:10.

      5: QOBA MEKHOA E KOTSI

      • Ntate ea noang joala

        Batho ba bang ha ba siame ba sebelisa lithethefatsi le joala hampe hore ba itebatse mathata a bona. Ba utloa ba le betere ka nakoana empa hamorao li ba tlisetsa mathata a mangata. Ka hona, qoba mekhoa eo e kotsi.

      MOLAO-MOTHEO: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.”​—2 Bakorinthe 7:1.

      6: LEKA-LEKANYA NAKO

      • Batho ba bang ha ba siame ba iphathahanya ka mesebetsi e meng e le hore ba se ke ba lula ba nahana ka motho ea hlokahetseng.

      • U ka ikutloa u le betere ha u etsa setsoalle le batho ba bang, u ithuta ho etsa mesebetsi e meng kapa u ikhatholla.

      • Hanyane ka hanyane u tla utloa u ntse u hlaphoheloa. Ha nako e ntse e ea u ka qeta nako e telele u sa nahane haholo ka motho ea hlokahetseng.

      MOLAO-MOTHEO: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe . . . nako ea ho lla le nako ea ho tšeha; nako ea ho bokolla le nako ea ho tlōla-tlōla.”​—Moeklesia 3:​1, 4.

      7: LULA U ETSA LINTHO TSEO U NENG U TLOAETSE HO LI ETSA

      • ’Mè ea ntseng a ngola merero ea hae k’halendareng

        Hang ha u ba betere, qalella ho etsa lintho tseo u neng u tloaetse ho li etsa.

      • Ha u lula u etsa lintho ka tsela eo u neng u tloaetse ho li etsa ka eona, mohlomong u tla u imoloha kelellong.

      • Ho lula u phathahane ka ho etsa lintho tseo u li ratang ho ka u thusa hore u fokotse ho imeloa kelellong.

      MOLAO-MOTHEO: “Hase hangata a tlang ho hopola matsatsi a bophelo ba hae, hobane Molimo oa ’nete o etsa hore a tšoarehe ka ho thaba ha pelo ea hae.”​—Moeklesia 5:20.

      8: U SE KE OA POTLAKELA HO ETSA LIQETO

      • Boholo ba batho ba etsa liqeto hang ha ba qeta ho hlokahalloa ke moratuoa oa bona ’me ba ikoahlaee ha morao.

      • U se ke oa potlakela ho falla, ho chencha mosebetsi kapa ho lahla lintho tsa motho ea hlokahetseng.

      MOLAO-MOTHEO: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.”​—Liproverbia 21:5.

      9: U SE KE OA LEBALA BARATUOA BA HAO BA HLOKAHETSENG

      • Ntate ea bontšang metsoalle lifoto tsa mosali oa hae ea hlokahetseng

        Batho ba bang ba siameng ba nka hore ho etsa lintho tse tla lula li ba hopotsa motho ea hlokahetseng ke ntho ea bohlokoa.

      • Baa tšeliseha ha ba sheba lifoto tsa motho ea hlokahetseng.

      • Boloka lintho tse tla lula li u hopotsa linako tse monate tseo le bileng le tsona le motho ea hlokahetseng, ’me u li shebe ha maikutlo a kokobetse.

      MOLAO-MOTHEO: “Hopolang matsatsi a khale.”​—Deuteronoma 32:7.

      10: U KA HAHLOA KE MOEA

      • U ka chakela sebakeng se seng hore u hahloe ke moea.

      • Haeba u sa khone ho nka leeto le le lelele, u ka etsa lintho tse tla u thabisa tse kang ho ea bona liphoofolo tse hlaha, ho ea leoatleng kapa ho intša le metsoalle ea hao.

      • Esita le ho etsa lintho tseo u sa li etseng kamehla ho ka u thusa ha u siame.

      MOLAO-MOTHEO: “Tloong boinotšing sebakeng se ka thōko ’me le phomole hanyenyane.”​—Mareka 6:31.

      11: U KA THUSA BATHO BA BANG

      • ’Mè ea ntseng a le mocha o thusa ea holileng ho reka lintho tseo a li hlokang

        Hopola hore ha u thusa batho ba bang le uena u tla thuseha ’me u tla ikutloa u le betere.

      • U ka ’na oa qala ka ho thusa batho ba anngoeng ke lefu la motho eo, ba kang metsoalle kapa beng ka uena ba ka ’nang ba hloka motho eo ba ka buang le eena ea utloisisang tsela eo ba ikutloang ka eona.

      • Ho thusa le ho tšelisa batho ba bang ho ka u thusa hore u thabe.

      MOLAO-MOTHEO: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”​—Liketso 20:35.

      12: U KA HLAHLOBA MAEMO A HAO BOCHA

      • Ho siama ho ka u thusa hore u utloisise hore na lintho tsa bohlokoa ke life.

      • Hlahloba tsela eo u phelang ka eona ’me u bone hore na u ka etsa liphetoho hokae bophelong ba hao.

      • Haeba ho hlokeha hore u etse liphetoho, e ka ba hantle hore u li etse.

      Molao-Motheo: “Ho molemo ho ea ntlong ea ho siama ho feta ho ea ntlong ea mokete, hobane eo ke pheletso ea moloko oohle oa batho; ’me ea phelang o lokela ho e tebisetsa pelong ea hae.”​—Moeklesia 7:2.

      KAKARETSO EA LINTHO TSEO U KA LI ETSANG HA U SIAME

      • 1: AMOHELA TŠEHETSO E TSOANG HO BA LELAPA LE METSOALLE

        Leka-lekanya nako ea ho ba mong le ea ho ba le batho ba bang.

      • 2: E-JA HANTLE ’ME U IKOETLISE

        Leka ho ja lijo tse nepahetseng, ho noa metsi a mangata le ho ikoetlisa.

      • 3: E-BA LE NAKO E LEKANENG EA HO ROBALA

        Hangata batho ba siameng ba lula ba khathetse kahoo ho bohlokoa hore ba robale ka ho lekaneng.

      • 4: UTLOISISA HORE BATHO HA BA TŠOANE

        Hopola hore batho ba siama ka litsela tse fapaneng. Qetellong u tla fumana tsela e tla u thusa.

      • 5: QOBA MEKHOA E KOTSI

        Qoba ho sebelisa tahi le lithethefatsi hampe hobane li ka u bakela mathata a mangata hamorao.

      • 6: LEKA-LEKANYA NAKO

        Iphathahanye ka mesebetsi e meng u be u etse setsoalle le batho ba bang e le hore u se ke oa qeta nako e ngata u nahana ka motho ea hlokahetseng.

      • 7: LULA U ETSA LINTHO TSEO U NENG U TLOAETSE HO LI ETSA

        Ho lula u phathahane ka ho etsa lintho tseo u li ratang ho ka u thusa hore u fokotse ho imeloa kelellong.

      • 8: U SE KE UA POTLAKELA HO ETSA LIQETO

        U se ke oa potlakela ho etsa liqeto ha motho a qeta ho hlokahala kaha u ka ’na oa ikoahlaea hamorao.

      • 9: U SE KE OA LEBALA BARATUOA BA HAO BA HLOKAHETSENG

        Boloka lintho tse tla lula li u hopotsa ka linako tse monate tseo le bileng le tsona le motho ea hlokahetseng ’me u li shebe ha maikutlo a kokobetse.

      • 10: U KA HAHLOA KE MOEA

        U ka chakela sebaka se seng kapa u etse lintho tse tla u thabisa e le hore u ka ikutloa u imolohile.

      • 11: U KA THUSA BATHO BA BANG

        Ho thusa batho ba bang ba anngoeng ke lefu leo ho ka u tsoela molemo.

      • 12: U KA HLAHLOBA MAEMO A HAO BOCHA

        Hlahloba tsela eo u phelang ka eona ’me u bone hore na u ka etsa liphetoho hokae bophelong ba hao.

      Ka linako tse ling re tla lula re utloa bohloko ha re hopola baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba fetileng boemong bona baa lumela hore ho sebelisa likeletso tse fanoeng sehloohong sena hoa thusa. Ke ’nete hore ha se lintlha tse hlahang sehloohong sena feela tse ka thusang motho ea siameng. Empa haeba u ka li leka, li ka u tsoela khomo.

      a Makasine ena ea Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng oa phekolo.

  • Matšeliso a Molemo ho Batho ba Siameng
    Tsoha!—2018 | No. 3
    • Batho ba Paradeiseng ba emetseng ho amohela baratuoa ba bona ba tsositsoeng bafung

      U KA THUSOA KE’NG HA U SIAME?

      Matšeliso A Molemo Ho Batho Ba Siameng

      MEHLENG ENA HO ENTSOE LIPATLISISO TSE NGATA MABAPI LE HORE NA BATHO BA UTLOA BOHLOKO HAKAE HA BA HLOKAHALLOA KE BARATUOA BA BONA. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, keletso e nepahetseng ke e lumellanang le Bibele. Taba ena ke ’nete kaha likeletso tse ka Bibeleng ha li felloe ke nako ebile li ka tšeptjoa. Bibele e na le boitsebiso bo ke keng ba fumanoa kae kapa kae, bo fanang ka matšeliso a ke keng a lekanngoa.

      • Re ka kholiseha hore baratuoa ba rona ba hlokahetseng ha ba utloe bohloko

        Moeklesia 9:5 e re: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Hape, ‘menahano ea bona e ea timela.’ (Pesaleme ea 146:4) Bibele e boetse e tšoantša lefu le boroko bo tebileng, bo se nang litoro.​—Johanne 11:11.

      • Haeba re e-na le tumelo e matla ho Molimo, re tla fumana matšeliso

        Pesaleme ea 34:​15 e re: “Mahlo a Jehovaa a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe.” Ha re rapela Molimo, re tla tšeliseha haholo ho feta ha re bua le batho ba bang kapa re ea sebakeng se seng ho ea ikhatholla. Thapelo e ka etsa hore re be metsoalle e haufi ea Molimo hobane o na le matla a ho re fa matšeliso ao re a hlokang.

      • Re lebeletse bokamoso bo molemo

        Nahana hore na e tla ba thabo e kaakang ha batho bohle ba hlokahetseng ba tsosoa mabitleng! Bibele e re nakong e tlang, Molimo ‘o tla hlakola meokho eohle mahlong a rona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.’​—Tšenolo 21:3, 4.

      Batho ba nang le tumelo ho Jehova ba fumana matšeliso ha ba siame kaha o ba tšepisa hore ba tla boela ba kopane le baratuoa ba bona ba hlokahetseng. ’Mè Ann o ile a hlokahalloa ke molekane ka mor’a lilemo tse 65 ba nyalane. O re: “Bibele e ile ea nkholisa hore batho ba hlokahetseng ha ba utloe bohloko ho hang le hore Molimo o tla tsosa bafu. Kamehla ha ke hopotse monna oa ka, ke lula ke nahana ka tšepiso ena ’me kea tšeliseha.”

      ’Mè Tiina eo re buile ka eena lihloohong tse fetileng o re: “Ho tloha tsatsing leo mohats’a ka Timo a hlokahetseng ka lona, esale Molimo a ntšehelitse. Ke ile ka bona ha Jehova a nthusa nakong eo ea mathata. Ke lumela ka ho feletseng tšepisong ea Jehova ea hore bafu ba tla boela ba tsohe. Ke tšelisoa ke ho tseba hore ka letsatsi le leng ke tla boela ke bone mohatsa’ka Timo.”

      Batho ba bang ba limilione ba kholisehile hore tšepiso ena ea Bibele e tla phethahala. Haeba u ikutloa ka tsela e fapaneng, u lokela ho batlisisa hore na litšepiso tsa Bibele ke ’nete le hore na lia tšepahala. U ka ’na oa hlokomela hore litšepiso tsa Bibele li ka thusa batho ba siameng.

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG HORE NA HO NA LE TŠEPO EFE KA BATHO BA HLOKAHETSENG

      Shebella livideo tse buang ka taba ena ho jw.org/st

      Batho ba Paradeiseng ba emetseng ho amohela baratuoa ba bona ba tsositsoeng bafung

      Bibele e re tšepisa hore re tla boela re bone baratuoa ba rona ba hlokahetseng

      BOEMO BA BAFU KE BOFE?

      Ho etsahala’ng ka batho ba hlokahetseng?

      Ho etsahala’ng ka rona ha re e-shoa? Bibele e fana ka karabo e hlakileng ebileng e khothatsang

      Sheba tlas’a LAEBRARI > LIVIDEO (Video e fumaneha tlas’a: BIBELE > LITHUTO TSA BIBELE)

      NA U KA THABELA HO UTLOA LITABA TSE MOLEMO?

      Na u ka thabela ho utloa litaba tse monate?

      Kamehla re utloa litaba tse bohloko, ebe tse monate tsona re ka li fumana hokae?

      Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > KHOTSO LE THABO

      a Jehova ke Lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela