Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bakreste ba ʼNete ke Baboleli ba ʼMuso
    Molula-Qhooa—1985 | August 1
    • . . . le libakeng tse ling.” Ka mohlala, li etsa mosebetsi oa limakasine seterateng (li tšoere makasine oona le motsoalle oa oona Tsoha!) ʼme li tsejoa ka ho khethehileng ka bopaki ba tsona ba ntlo le ntlo.

      19. Liqeto tse amang mekhoa ea boboleli e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova kajeno li etsoa joang?

      19 Mekhoa ea metheo e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e ne e theoe hantle lekholong la pele la lilemo, hape, ke taba e lokileng hore Sehlopha se Busang sa mehleng ena se bōptjoang ke Bakreste ba tlotsitsoeng se etse qeto mabapi le hore ke mekhoa efe ea boboleli e loketseng nako ena. Karolo e ʼngoe ea liqeto tse joalo e theoa “bohlaleng le phihlelong e sebetsang” ea banna bana. Leha ho le joalo, ka ho khethehileng ba etsa liqeto ho etsisa sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholong la pele la lilemo. Ka thapelo ba kōpa tsamaiso ea Molimo le tataiso ea moea oa oona o halalelang, le ho latela mehlala ea Mangolo bakeng sa liqeto tse amang mekhoa ea ho bolela e tšoanelang hantle ʼmehla ena ea qetello.’—2 Timothea 3:1; Liketso 15:23, 28.

      20. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore mekhoa ea boboleli e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e amoheloa ke Molimo? (b) Bahlanka bohle ba Jehova ba lokela ho ba le boikutlo bofe ka mosebetsi oa boboleli ba ʼMuso?

      20 Ho hlakile hore mekhoa ea boboleli e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e fanoe ka tataiso ea Molimo, kahobane Molimo o atlehisitse le ho hlohonolofatsa mekhoa ena haholo. (Liproverbia 10:22) Matšoele a amohela borapeli ba ʼnete le ho kopana le balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba masala e le bona feela mokhatlo o hlophisitsoeng o hlomphang lebitso le halalelang la Jehova ʼme o bolela ka sebete litaba tse molemo tsa ʼMuso oa leholimo o hlonngoeng. E se e ka bahlanka bohle ba Jehova ba ka tsoela pele ba sebetsa ka matla mosebetsing oa ho etsa barutuoa ha tsamaiso ena e atamela bofelo ba eona. Re lokela ho etsa sena ka botšepehi, kahobane Bakreste ba ʼnete ke baboleli ba ʼMuso.

  • Ruta ka Phihlelo le ka Cheseho
    Molula-Qhooa—1985 | August 1
    • Ruta ka Phihlelo le ka Cheseho

      “E-eang ke hona le etse batho barutuoa lichabeng tsohle, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—MATTHEU 28:19, 20, NW.

      1. Ho Liproverbia 22:29, ho khothalletsoa eng, hona joang?

      LENTSOE la Jehova le khothalletsa phihlelo le mahlahahlaha. Ka mohlala, le re, “Na u lemohile motho ea nang le phihlelo mosebetsing oa hae? O ema pel’a marena; ha a eme pel’a batho feela ba tloaelehileng.” (Liproverbia 22:29, NW) Ha ho letho le lihlong ka ho sebeletsa “batho feela ba tloaelehileng.” Empa mosebetsi o tsoileng matsoho oa sesebetsi se nang le phihlelo o ke ke oa lula o patehile. Litaba tsa phihlelo ea sona li tla fihla litsebeng tsa morena, ʼme a ka rata hore a mo sebeletse!

      2. (a) Ho hōlisa phihlelo mosebetsing leha e le ofe, ho hlokahala eng? (b) Ke hobane’ng ha katleho ea Mokreste e le ea bohlokoa ha a ruta?

      2 Tsebo le phihlelo li hlokahala mosebetsing o mong le o mong. Motho a ka ithuta bobetli ’me a ka ithuta lintho tse ngata ka ho sheba batho ba nang le phihlelo mosebetsing oo. Empa hore eena ka boeena a be le phihlelo ea oona, o lokela ho sebelisa tsebo eo a e fumaneng. Ngaka e buoang e lokela ho rutoa. Empa hore e be hloahloa mosebetsing oa eona, e lokela ho bontša tsebo eo kamoreng eo ho buoang ho eona. ’Me phihlelo ke ea bohlokoa mosebetsing oa ho buoa, kahobane ho khona mosebetsi ho ka etsa phapang pakeng tsa ho phela le ho shoa ha mokuli. Empa, ntho ea bohlokoa bo boholo ke ho ba mosebeletsi ea nang le phihlelo. Lebaka? Kahobane mokhoa oo mosebeletsi a atlehang ka oona ha a ruta o ka ama tsela eo batho ba tla arabela ka eona ha ba utloa litaba tse molemo. Karabelo ea bona e ka etsa phapang pakeng tsa bophelo bo sa feleng le lefu la ka ho sa feleng.—Deuteronoma 30:19, 20; Johanne 17:3.

      3. Ho hlokahala eng ha ho etsoa barutuoa?

      3 Taelo eo Jesu Kreste a e neileng balateli ba hae e akarelletsa ho ruta. O itse: “E-eang ke hona le etse batho barutuoa lichabeng tsohle, le ba kolobetse lebitsong la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ʼMe, bonang! Ke na le lōna kamehla eohle ho fihla bofelong ba tsamaiso ea lintho. ” (Mattheu 28:19, 20, NW) Phihlelo e-ea hlokahala ho ruta batho ba pelo li tšepahalang lintho tsohle tse laetsoeng ke Jesu.

      4. (a) Ho ruta ka phihlelo ho lokela ho etsoa ka boikutlo bofe? (b) Apollose o ile a rua molemo joang ha a ne a na le Akila le Priscilla?

      4 Ho ruta ka phihlelo ho lokela ho etsoa ka cheseho. E, Bakreste ba lokela ‘ho chesehela mesebetsi e metle,’ ʼme mesebetsi ena e akarelletsa ho fana ka thuto ea moea boboleling le ka phuthehong. (Tite 2:14) Akila le Priscilla ba ne ba ruta ka phihlelo, ba “nkela [Apollose] ha bona, ʼme ba mo hlalosetsa tsela ea Molimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele.” Apollose a rua molemo o moholo, hobane hamorao ha a le Akaia o ne “a hlōla ba-Jode pontšeng ka matla a maholo, a ba bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.” (Liketso 18:24-28) Ho hlakile hore Apollose o ne a ruta ka phihlelo le ka cheseho.

      ‘U Lebele Thuto ea Hao’

      5. Timothea oa Pele 4:16 e bontša hore ke ka baka la’ng ha re lokela ho ruta ka phihlelo le ka cheseho?

      5 Moapostola Pauluse a bolella motsoalle oa hae oa Mokreste Timothea, a re: “U ke u itebele, u lebele le eona thuto; ʼme u tiee teng; hobane, ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.” (1 Timothea 4:16) Erekaha poloko ea moruti le morutuoa e le kotsing, ka sebele thuto e joalo e lokela ho etsoa ka phihlelo le ka cheseho.

      6. U ka fumana phihlelo joang ha u sebelisa mangolo, me ho ka nahanoa ka lipotso life tse loketseng?

      6 Babetli le lingaka tse buoang ba lokela ho itebela. Ba lokela ho tseba ho sebelisa litšepe kapa lisebelisoa tsa bona. Ke sona se lebelletsoeng ho mosebeletsi oa Mokreste, eo kofuto ea hae e khōlō e leng “lerumo la Moea, . . . lentsoe la Molimo.” (Ba-Efese 6:17) U ka fumana joang phihlelo ea ho sebelisa Mangolo? Ka ho ithuta kamehla le ka ho a sebelisa. Na u balile Bibele eohle, le ho ipha nako ea ho nahanisisa ka keletso ea eona e ntle? Na u e bala kamehla? Na u e sebelisa kamehla tšebeletsong ea tšimo? Na u amohela ka matsoho a mabeli lijo tse enneng tsa moea tse fanoang ke Jehova ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?—Mattheu 24:45-47.

      7. Ho fanoa ka litlhahiso life mabapi le nako ea ho ithuta, me Mangolo a bontša joang hore re hloka ho etsa sena?

      7 Tiisa hore u behela kathoko nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo le libuka tsa Bakreste ba ʼnete. Ho etsa joalo ho tla tlatsa kelello ea hao ka boitsebiso bo hahang bo tla u tsoela molemo le boo u ka bo sebelisang ho araba ba botsang ka botšepehi. (1 Petrose 3:15; Ba-Kolosse 4:6) Nako ea ho ithuta le ho nahanisisa e ke ke ea tšoana malapeng le ho motho ka mong. Ba bang ba fumana ho le molemo ho ithuta qetellong ea letsatsi. Ba bang ba iphumana ba falimehile haholo ha ba tsoha. Athe ba bang ba thabela ho bala motšehare. Ho sa tsotellehe hore na nako e fumanoa neng, taba ea bohlokoa bo boholo ke ho bala kamehla le ka khothalo. Joshua le marena a Iseraele ba ne ba tlameha ho bala Lentsoe la Molimo kamehla.—Joshua 1:7, 8; Deuteronoma 17:18-20.

      Sebeletsa ho ba Moruti ea Molemo

      8. Ho amahanya lintlha le tse ling ho ka ntlafatsa phihlelo ea hao ea ho ruta joang?

      8 Ho ntlafatsa phihlelo ea ho ruta ho hloka hore u sebetse ka thata. Tsela e ’ngoe ea ho hōlisa tsebo ea hao ea ho ruta ke ka hore kelello ea hao e amahanye lintho tseo u ithutang tsona ka Bibeleng kapa libokeng tsa Bokreste. Amahanya mehopolo e mecha le eo u seng u e tseba. Hona ho tla u thusa ho hlophisa boitsebiso bo leng ka kelellong ea hao e le hore u tsebe ho hlalosa litaba ka tsela e hlakileng ha u ruta ba bang. Ha ho pelaelo hore u ’nile ua sebelisa mokhoa ona oa ho amahanya mehopolo nakong e fetileng ha u ne u ithuta. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe u ne u sa elelloe hore Bakreste ba lokela ho ikokobeletsa “borena” ka tsela e sehetsoeng meeli. Empa hona joale u-ua tseba hore ho utloa Molimo ho nka sebaka sa pele bophelong ba bona. (Ba-Roma 13:1-8; Mareka 12:17; Liketso 5:29) U utloisisa sena kahobane u ile ua amahanya lintlha tse ncha le tseo u seng u li tseba.

      9. Bontša kamoo ho ka bonoang ka mahlo a kelello ketsahalo e tlalehiloeng ka Bibeleng.

      9 Tsela e ’ngoe ea ho hōlisa matla a ho ruta ke ka ho bona ka mahlo a kelello liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Ke hobane’ng ha u sa etse sena hona joale ka Baahloli 7:19-22? E ne e le bosiu bo boholo, Gideone le banna ba 300 ba teela liahelo tsa Bamediane hare me ba fihla moo ba sa tsoa beha balebeli. Hang-hang u utloa sehlopha sa Gideone sa banna ba 100 se letsa literompeta tsa bona, ’me u bona ba pshatla linkho tseo ba li tšoereng ka matsoho. Baiseraele ba bang ba 200 ba etsa ho tšoanang. ʼMe bohle ba phahamisa lirumula tsa bona, u ba utloa ba hoa, ba re: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Ha Bamediane ba tšohileng ba qala ho baleha, lihlopha tse tharo tsa Gideone li tsoela pele ho letsa literompeta tsa tsona, ’me u bona ha Jehova a etsa hore lira tse balehang li hlabane ka marumo. Kahobane u bone ka mahlo a kelello ketsahalo, ha ho pelaelo hore u tla e hopola hantle ’me u tla tseba ho e sebelisa ha u ruta ba bang. Ketsahalo eo e re ruta hore Jehova a ka lopolla batho ba hae ntle ho hore ba be le lebothohali la masole.—Pesaleme ea 94:14.

      10. Ha u ruta, u ka sebelisa papiso e fumanoang ho Baahloli 9:8-15 joang?

      10 Lipapiso tse ntle, ho akarelletsa le tse leng ka Mangolong, li ka hōlisa phihlelo ea hao ha u ruta. Ka mohlala, hlokomela Baahloli 9:8-15. Mor’a Gideone Jothame a pheta hore ka letsatsi le leng lifate tsa tloha ho ea itlotsetsa morena ea tla li busa. Sefate sa mohloare, sefate sa feiga, le sefate sa morara tsa hana borena, empa ha e le moutloa o nyatsehang oa amohela borena ka cheseho. Lifate tse beang litholoana tse ntle li ne li tšoantšetsa batho ba sa batleng ho iketsa marena holim’a Baiseraele hammoho le bona. Leha ho le joalo, moutloa, o se nang thuso ha e se feela ho etsa patsi, o ne o emela borena ba Abimeleke eo e neng e le moikhohomosi, le ’molai, ea neng a batla ho busa ba bang empa qetello ea hae ea e ba mpe ho phethahatsa boprofeta ba Jothame. (Baahloli 9:50-57) Papiso eo e ka sebelisoa ho hatisa taba ea hore ho hlokahala hore re etse ho nepahetseng le hore re ikokobetse, e seng ho ikhohomosa.—Pesaleme ea 18:26, 27; 1 Petrose 5:5.

      11. (a) Papiso ea Jesu e tlalehuoeng ho Mattheu 13:45, 46 e totobatsa lintlha life? (b) Mofuta oa papiso eo o fana ka tlhahiso efe mabapi le lipapiso tse sebelisoang ke baruti ba Bakreste?

      11 Moruti e Moholo, Jesu Kreste, o tsejoa ka lipapiso tsa hae tse ntle. Ka mohlala, hlokomela mantsoe a hae: “ʼMuso oa maholimo hape o joale ka mohoebi ea batlang liperela tse ntle. Hobane a fumane perela ea bohlokoa, a ea, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, ’me a ithekela eona.” (Mattheu 13:45, 46) Jesu o ne a bapisa bohlokoa ba ʼMuso le ho bontša hore motho ea ananelang bohlokoa ba oona o tla ithaopela ho lahla tsohle e le hore a o fumane. Papiso eo e ne e sa rarahana, me ke hantle ha baruti ba Bakreste ba hopola motheo oo ha ba sebelisa lipapiso tse ba thusang ha ba ruta.

      Liboka li ka re Nea Phihlelo e Eketsehileng

      12. Ho ba teng lipuong tsa phatlalatsa ho ka u thusa ho ntlafatsa matla a hao a ho ruta joang?

      12 Liboka tsa Bokreste li thusa haholo ho etsa bahlanka ba Jehova baruti ba nang le phihlelo le ba chesehang. Joalokaha Thuto ea Jesu ea Thabeng e bontša, lipuo tsa phatlalatsa ke tsela e molemo ea ho ruta lintho tsa moea. (Mattheu 5:1-7:29) Lipuo tsa phatlalatsa li akarelletsoa libokeng tsa Lipaki tsa Jehova kajeno. Na u ba ho tsona kamehla? Na u mamela ka hloko? Na u phetla Bibele ea hao le sebui? Na u itloaelitse ho ngola lintlha? Litsela tsena li tla ntlafatsa matla a hao a ho ruta, ’me thuto e ntle ea Mangolo e lokela ho eketsa phihlelo le cheseho ea hao ha u etsa barutuoa.

      13, 14. (a) Ke neng mosebetsi oa ho etsa barutuoa o ileng oa qala ho akareletsa tšobotsi e khethehileng har’a bahlanka ba Jehova? (b) Ka nepo, re ka ipotsa lipotso life mabapi le Thuto ea Molula-Qhooa le Thuto ea Buka ea Phutheho?

      13 Mosebetsi oa ho etsa barutuoa oa qala ho akarelletsa tšobotsi e khethehileng har’a Lipaki tsa Jehova ha ho ne ho etsoa phatlalatso ka lekhetlo la pele e reng, ‘Tsebahatsang Morena le ʼMuso,’ kopanong ea tsona e neng e le Cedar Point, Ohio, ka 1922. Hona selemong seo, ha hlophisoa ka lekhetlo la pele lithuto tsa sehlopha tsa Molula-Qhooa. Makasine ʼona o ntse o behile lithuto tsa Bibele le boboleli ba ʼMuso pele, lebitso la ’ona ke Molula-Qhooa o Tsebahatsa ʼMuso oa Jehova. Na u sebali se khothetseng sa Lentsoe la Molimo ka thuso ea Molula-Qhooa? Na ka mafolo-folo u nka karolo Thutong ea beke le beke ea Molula-Qhooa?

      14 Thuto ea Buka ea Phutheho ea beke le beke e fana ka menyetla e meng ea ho ntlafatsa matla a hao a ho ruta litaba tse molemo. Ha u arabela lihlopheng tsena tse nyenyane, joaloka Thutong ea Molula-Qhooa, na u bea taba ka mantsoe a hao? Na litlhaloso tsa hao li senola seo u se lumelang pelong?

      15. Morero oa Seboka sa Tšebeletso ke ofe, me tataiso e fanoa joang?

      15 Pele ho 1922, e ne e le tloaelo ho bahlanka ba Jehova ho ba sebokeng sa har’a beke sa Thapelo, Thoriso, le Lipuisano tsa Bopaki. E ne e le nako ea ho bina, lipolelo tsa bopaki, le thapelo. Empa kaha ho ne ho buelloa haholo boboleli ba ʼMuso ka ntlo le ntlo, seboka sena sa hōlisoa ho ba Seboka sa Tšebeletso, se neng se hatisa mosebetsi oa ho bolela. Thuso e khōlō e ne e le Bulletin, e neng e na le litaelo tsa tšebeletso ea tšimo le lipolelo tsa bopaki, tse ka sebelisoang tšebeletsong. Kajeno, Tšebeletso ea Rona ea ʼMuso e fana ka thuso e tšoanang, le tataiso karolong ea beke le beke ea “Liboka Tse Re Thusang ho Etsa Barutuoa.” Na u ba teng kamehla libokeng tse joalo? Na u sebelisa keletso e fanoeng e etselitsoeng ho u thusa ho ruta ka phihlelo le ka cheseho?

      16. Tšimolohong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo ho boletsoe eng mabapi le morero oa sona?

      16 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo se ile sa qalisoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova ka 1943 ka sepheo sa ho hōlisa phihlelo ea ho ruta. Buka ea pele ea tataiso ea sekolo sena e boletse sepheo se seholo sa sona: “Thupelo ena ha ea etsetsoa ho nka nako eo u e sebelisang tšebeletsong ea tšimo, empa e etselitsoe ho u thusa hore u atlehe tšebeletsong ena. Ho toba litaba, morero oa ‘Thupelo ena ea Tšebeletso ea Leholimo’ ke ho lokisetsa ‘batho bohle ba tšepahalang,’ ba utloileng Lentsoe la Molimo le ho paka tumelo ea bona ho lona, hore ‘ba tsebe ho ruta ba bang’ ka ho ea ka ntlo le ntlo, ka ho etsa [maeto a ho boela], ka ho tsamaisa lithuto tsa mohlala le tsa buka, ka bokhutšoanyane, ka ho kopanela karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso ea ʼMuso. Ke ka morero oa ho etsa hore e mong le e mong e be mosebeletsi oa Puso ea Leholimo ea atlehang bakeng sa thoriso ea lebitso la Morena; e le hore a ka itlhomella hamolemonyana ho emela tšepo ea hae phatlalatsa; e le hore ‘a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete’. (2 Tim. 2:24, 25) Ho se be le ea mong ea lahleheloang ke morero oa thupelo ena.” (Course in Theocratic Ministry, leqephe 4) Oona e sa le morero o ka sehloohong oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo. Na u ’nile ua sebelisa boitsebiso bo molemo ba ho ruta, ho bala le ho bua phatlalatsa, le bo bong bo joalo bo leng libukeng tsena tsa thupelo ea sekolo?a Na u ngolisitse ho sona? Na ka thabo u amohela likabelo tsa hao le ho fana ka tsona lenaneong la sekolo? Tokisetso ena ea Jehova e fanoeng ka mokhatlo o hlophisitsoeng e ka thusa ho u etsa mosebeletsi ea nang le phihlelo le ea chesehang.

      Ho Koetlisetsoa Thuto e Chesehang

      17. Jehova o fane ka litokisetso life tsa moea ho thusa ba rutang ba bang ʼnete ea hae e halalelang?

      17 Jehova o entse litokisetso tse ngata tsa moea bakeng sa ba nang le tokelo ea ho ruta ba bang nete e halalelang ea hae. Har’a lintho tseo a faneng ka tsona ke lingoliloeng tsa Bibele, liboka tsa beke le beke, le likopano tse khōlō. Litokisetso tse joalo tse ntle li nolofaletsa Lipaki tse inehetseng tsa hae ho fetoha baruti ba nang le phihlelo le ba chesehang.

      18. Ho ea ka mehlala ea Jesu le Pauluse, baholo ba ka etsa litokisetso life e sa le pele bakeng sa tšebeletso ea tšimo kajeno?

      18 Empa ho thoe’ng haeba re le baholo ba khethiloeng kapa lipaki tsa Jehova tse nang le phihlelo haholoanyane? Ka hona lerato ho ba bang le lokela ho re susumelletsa ho thusa Bakreste ba bacha le ba nang le phihlelo e fokolang hore e be baruti ba nang le phihlelo e eketsehileng le ba chesehang. Ho nepahetse ho etsa sena, hobane Jesu o ile a roma barutuoa ba 70 kamor’a hore a laele kamoo ba lokelang ho etsa tšebeletso kateng. (Luka 10:1-24) Pauluse o rutile balebeli ba Efese “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo,” ’me hoo ho ne ho akarelletsa ho ba koetlisetsa ho fana ka bopaki ho batho ba sa lumeleng nakong eo ba eang ka ntlo le ntlo tšebeletsong ea tšimo. (Liketso 20:20, 21) Ka ho tšoanang, baholo le bopula-maliboho, le ba bang ba ka thabela ho koetlisa Lipaki hammoho le bona tšebeletsong ea tšimo. Na u hloka koetliso e joalo? Kōpa thuso le ho e amohela. Ka hona etsa litokisetso tsa ho koetlisa ba bang tšebeletsong ea tšimo ha u ntse u etella pele ka cheseho tšebeletsong ea tšimo.

      Tsoela Pele U Hōlisa Phihlelo

      19. Ke ka baka la’ng ha re lokela ho rapela ka tšebeletso ea rōna?

      19 Lingaka tse buoang, babetli, le ba bang ba ka fetoha ba nang le phihlelo e eketsehileng ka hore ba tsoele pele ba ithuta le ho sebelisa tsebo eo ba e fumaneng. Basebeletsi ba Bakreste ba ka etsa se tšoanang. Ka baka leo, ke habohlokoa hakaakang hore paki e ngoe le e ngoe e inehetseng ea Jehova e etse ka matla ho eketsa phihlelo ea eona ea ho ruta litaba tse molemo! ʼMe kaha ʼona ke mosebetsi oa Jehova, re lokela ho o akarelletsa lithapelong tsa rōna tse tsoang pelong. Haeba re kōpa thuso ea Molimo le tataiso ea oona, re ka tšepa hore o tla hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna e mafolo-folo. Joalokaha moapostola Johanne a boletse: “ʼMe seo re se kōpang, leha e le sefe le sefe, re se neoa ke oona [Jehova Molimo]; hobane re boloka litaelo tsa oona, me re etsa tse leng ntle pel’a oona.”—1 Johanne 3:22.

      20. Joaloka Lipaki tsa Jehova, re lokela ho ikemisetsa eng ha tsamaiso ena e atamela bofelo?

      20 Ha e le moo tsamaiso e khopo ea lintho ea hona joale e atamela bofelo ba eona, e se e ka re ka etsa ka mafolo-folo tšebeletsong. E se e ka ‘re ka itebela le ho lebela thuto ea rōna,’ bakeng sa poloko ea rōna le ea ba tla ela molaetsa oa ʼMuso hloko. E, e se e ka re ka etsa boiteko bo bong le bo bong ba ho ruta ka phihlelo le ka cheseho.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Ka mohlala, bona Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo le Qualified to Be Ministers (Revised Edition), tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

      U ka Re’ng?

      ◻ Ntle ho ho ruta, mosebetsi oa ho etsa barutuoa o hloka eng?

      ◻ Ke ka baka la’ng ha ho le bohlokoa ‘ho lebela thuto ea hao’?

      ◻ Litsela tse ling tsa ho hōlisa phihlelo ea ho ruta ke life?

      ◻ Ke joang liboka tsa Bokreste li ka re thusang ho ba baruti ba nang le phihlelo le ba chesehang ba Lentsoe la Molimo?

      ◻ Baholo le Lipaki tse ling tse nang le phihlelo ba ka etsa eng mabapi le tšebeletso ea tšimo?

      [Setšoantšo se leqepheng la 17]

      Ho bona ka mahlo a kelello liketsahalo tsa Bibele ho ka u thusa ho ba moruti ea molemo

      [Setšoantšo se leqepheng la 19]

      Motsamaisi oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo o thusa liithuti ho ba le phihlelo tšebeletsong ea ʼMuso

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela