Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 6/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Dina o Kena Khathatsong
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Qoba ho Tloaelana le Batho ba Babe!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • “Balehelang Bohlola”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Fumana Tšireletseho Har’a Batho ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 6/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Na Dina, morali oa Jakobo, o ile a betoa ke Sikeme, ’me na e ne e le taba ea mabifi feela, kapa na o ne a batla ho mo nyala?

Ho hlakile hore Sikeme o bile le likamano tsa botona le botšehali le Dina khahlanong le thato ea Dina. O mo betile. Leha ho le joalo, ho etela ha hae Bakanana hangata ka botsoalle ho ile ha mo bea boemong ba ho sekisetsa ’me ka ho hlakileng ke hona ho ileng ha etsa hore Sikeme a mo tsoele pelo le ho lakatsa hore a ka mo nyala.

TIaleho e ho Genese 34:1-3 e re: “Dina, . . . a tsoa [“o ne a tloaetse,” NW] ho chakela baroetsana ba naha eo. Eaba Sikeme, mora oa Hamore, mo-Heve, morena oa naha, a ’mona, a mo nka, a robala le eena, a mo senya. Pelo ea hae ea khomarela Dina, morali oa Jakobo, a rata moroetsana.’’ Ho sa tsotellehe boiteko ba ntat’ae ba ho se khothalletse setsoalle le batho ba Kanana ba se nang setsoalle ka ho hloma kampo ea hae ka ntle ho motse oa Sikeme le ka ho chakela seliba se ka thōko, Dina o ne a ntse a “tloaetse ho chakela baroetsana ba naha eo.” (Genese 33:18; Johanne 4:12) Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “tloaetse” le ngotsoe ka mokhoa o sa tsepamiseng nako, o bontšang hore e ne e le ketso e sa khaotseng. Leetsi lena, ka mokhoa ona oa ho se tsepamise nako le boetse le ngotsoe e le “o ne a e-tsoa ka mehla” le “a tloaetse ho etela.” (1 Samuele 18:13, NW; 1 Marena 10:29, NW) Ka hona leeto la Dina e ne e se la pele la ho tsoela ka ntle. Ho bonahala a ne a batla ho “bona,” a tloaelane hamolemo le baahelani ba hae ba motseng.

Ka lekhetlo le leng boeting ba hae ba kamehla, Sikeme ‘a nka [Dina] a robala le eena, a mo senya.’ Ka lentsoe la Seheberu le ngotsoeng e le “senya,” A Hebrew and English Lexicon ea William Gesenius e re: “ho tlosa ngoanana boroetsana, hangata e le ka likhoka.” Lentsoe lona lena ho Baahloli 19:24 le 20:5 le ngotsoe e le “beta.” Leha ho le joalo, tekanyetso ea ho lumela ha mosali e bontšoa ho Deuteronoma 22:24 moo lentsoe lona lena la Seheberu le sebelisitsoeng. Mohlomong ho tloha qalehong Sikeme kapa eena Dina ba ne ba sa hopola ka likamano tsa botona le botšehali, empa ha takatso ea Sikeme e tsoha ka lebaka la botle ba moroetsana enoa ea bohehang, ea bohele-hele, Sikeme, ka ho hloka boitšoaro ba bomolimo bo ka mo thibang, a etsa seo banna ba bangata ba Bakanana ba neng ba tla nahana hore ke hlaho. Ha e le hantle, Dina o ne a tloletse ka meeling ea mohlankana! Ka ho hlakileng ha Dina a hana ho ‘nka bohato boo bo feteletseng,’ a mo hlōla habonolo feela ka matla.

Esita leha Dina a ne a sa ka a lumela ka tekanyo e itseng, o ne a ntse a jara boikarabelo bo itseng bakeng sa ho lahleheloa ke boroetsana ba hae. Le hoja a mpile a “chakela baroetsana ba naha eo,” nahana feela ka boitšoaro ba bona. ’Nete ea hore basali ba Esau ba Bahethe (kapa, Bakanana) e ne e le ‘bohloko ba pelo’ ho Isaaka le Rebeka ba barapeli, ruri ke pontšo ea bobe bo neng bo se ntse bo bonahala har’a “baroetsana ba naha eo.” (Genese 26:34, 35; 27:46) Boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, ho akarelletsa likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba tsoalanang haufi ka mali, bosodoma ba banna le basali, le ho robala le liphoofolo ho qetelletse e le mokhoa oo ho etsoang ka ’ona “naheng ea Kanana.” (Levitike 18:2-25) Dina o ne a qoqa ka eng maetong a joalo? Na o ne a hlile a lumela hore a ka qoba setsoalle le bo-khaitseli ba Bakanana bao le bahlankana ba bona? Hore mosali a itsoakanye pepeneneng a le mong le batho ba se nang boitšoaro joalo, e ne e le ho mema khathatso. Dina o ne a tseba se etsahalletseng baholo-holo ba hae Sara le Rebeka ha ba le Kanana. Mahlong a banna ba oeleng boitšoarong ba Kanana, Dina a ba mocheng o nepahetseng. A ipea boemong ba ho sekisetsa ’me a lefa seo ka ho lahleheloa ke boroetsana ba hae, ho sa tsotellehe ho hana leha e le hofe ha motsotso oa ho qetela.—Genese 20:2, 3; 26:7.

Kamorao ho ketso ena Sikema a tšoarella Dina tlung habo ’me “a buisa pelo ea moroetsana.” Ntat’a Sikeme a re: “Pelo ea mora oa ka Sikeme e khomaretse morali oa lōna [Dina].” Ha ho bonolo hore ho khomarela ho matla joalo ho ne ho ka hōla feela ka ho teana ka lekhetlo la pele. Mohlomong o ile a hlokomela litšobotsi tsa hae tse ntle pejana, mohlomong maetong a hae a khafetsa. Joale o ne a batla ho mo nyala. Mohlomong Sikeme le ntate oa hae le bona ba ne ba ile ba ikutloa hore ho bua ka lenyalo ho ka ’na ha batla ho lefa molato bakeng sa ketso ea mora oa hae e be ho lokisoa boemo, ho bolokoa likamano tsa khotso le lelapa le ruileng la Jakobo.—Genese 34:3, 8.

Ketsahalo ena eohle ea isa ho fenethoeng ka sehlōhō ha Sikeme, ntat’ae le bohle ba batona ba motse oo. Hona ha tlisetsa ntlo ea Jakobo lehloeo ’me ha khannela hore lilemo hamorao a nyatse bohale ba bara ba hae ka matla. (Genese 34:30; 49:5-7) Ke letoto le tšabehang hakaakang la liketsahalo, kaofela e le hobane Dina a ile a hlōleha ho alosa hore na o tloaelana le bo-mang. Ketsahalo ena e ka tlalehong e bululetsoeng ke temoso ho baroetsana ba Bakreste ba ka ’nang ba lekeha ka lebaka la bohele-hele ho tsoakana ka boithabiso le bao e seng bahlanka ba Molimo.—Liproverbia 13:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela