Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Mangolo a Bululetsoeng a Tlisa Melemo e sa Feleng
1. Ke pono efe e khanyang eo ho hlahloba ha rōna “Lengolo lohle” ho e manollotseng ka pel’a mahlo a rōna?
TLHAHLOBO ea rōna ea ‘Lengolo lohle . . . le bululetsoeng ke Molimo’ e manollotse ka pel’a mahlo a rōna pono e hlollang ea bobusi ba Jehova le morero oa hae oa ’Muso. Re hlokometse hore Bibele ke Buka e le ’ngoe, e nang le sehlooho se le seng se matla—ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova le ho phethahala ho felletseng ha morero oa hae bakeng sa lefatše ka ’Muso oa hae tlas’a Kreste, Peō e Tšepisitsoeng. Ho tloha maqepheng a pele a Bibele, sehlooho sena se le seng se hōlisoa le ho hlalosoa ka mangolo a latelang, ho fihlela likhaolong tsa eona tsa ho qetela moo ho hlakisoang ho phethahala ho khanyang ha morero o moholo oa Molimo ka ’Muso oa oona. Bibele ke buka e hlollang hakaakang! Ho qala ka pōpo e susumetsang tšabo ea maholimo a bonahalang le ea lefatše ka bophelo ba libōpuoa tsa oona, Bibele e re neha tlaleho e le ’ngoe e bululetsoeng le e nang le bonnete ea litšebelisano tsa Molimo le batho ho fihlela nakong ea rōna ’me e re fihlisa ho phethahaleng ho felletseng ha pōpo e khanyang ea Jehova ea “maholimo a macha le lefatše le lecha.” (Tšen. 21:1) Ha morero oa hae o moholo o phethahetse ka ho felletseng ka ’Muso oa Peō, Jehova Molimo o bonoa e le Ntate ea mosa ho lelapa le thabileng le kopaneng la batho, le ikopanyang le makhotla ’ohle a leholimo ho mo rorisa le ho halaletsa lebitso la hae le halalelang.
2, 3. Sehlooho se mabapi le Peō se hōlisoa joang ka Mangolong ’ohle?
2 Sehlooho sena se mabapi le Peō se hōlisitsoe ka mokhoa o hlollang hakaakang ka Mangolong ’ohle! Ha Molimo o bolela boprofeta ba pele bo bululetsoeng, o fana ka tšepiso ea hore ‘peō ea mosali’ e tla khoba noha hlooho. (Gen. 3:15) Ho feta lilemo tse ka holimo ho 2 000, ’me Molimo o bolella Abrahama ea tšepahalang: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa peōng ea hao.” Lilemo tse fetang 800 hamorao, Jehova o fana ka tšepiso e tšoanang ho e mong oa litloholo tsa Abrahama, Morena Davida ea tšepahalang, a bontša hore Peō e tla ba ea borena. Ha nako e ntse e feta, baprofeta ba Jehova ka nyakallo baa kenella bakeng sa ho bolela esale pele lithoriso tsa puso ea ’Muso. (Gen. 22:18, NW; 2 Sam. 7:12, 16; Esa. 9:6, 7; Dan. 2:44; 7:13, 14) ’Me lilemo tse fetang 4 000 hamorao kamor’a tšepiso ea pele Edene, ho hlaha Peō ka boeona. Enoa, eo hape e leng ‘peō ea Abrahama,’ ke Jesu Kreste, “Mora oa Ea Holimo-limo,” le eo Jehova a mo neang “terone ea Davida ntat’ae.”—Ba-Gal. 3:16, NW; Luka 1:31-33.
3 Le hoja Peō ena, e leng Morena ea tlotsitsoeng oa Molimo, e khobiloe ho isa lefung ke Peō ea lefatšeng ea Noha, Molimo o mo tsosa bafung le ho mo phahamisetsa letsohong la Oona le letona, moo a letetseng nako e loketseng ea Molimo ea hore o ‘silakanye hloho ea Satane.’ (Gen. 3:15; Ba-Heb. 10:13; Ba-Roma 16:20) ’Me Tšenolo e tlisa pono eohle sehlohlolong sa eona se khanyang. Kreste o kena matleng a ’Muso ’me o lihela “noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane,” ho tsoa leholimong ho ea lefatšeng. Ka nakoana, Diabolose o tlisa bomalimabe lefatšeng ’me o loana le ‘masala a peō ea mosali oa Molimo.’ Empa Kreste, joaloka “Morena oa marena,” o otla lichaba. Noha ea khale, Satane, e kenngoa sekoting ’me qetellong e tla timetsoa ka ho sa feleng. Hona joale, ka Jerusalema e Mocha, monyali oa Konyana, melemo ea sehlabelo sa Kreste e sebelisoa ho batho hore ho hlohonolofatsoe malapa ’ohle a lefatše. Kahoo, sehlooho se hlollang ka botle sa Mangolo a bululetsoeng se manoloha ka pel’a rōna ka bokhabane ba sona bo hlasimollang haholo!—Tšen. 11:15; 12:1-12, 17, NW; 19:11-16; 20:1-3, 7-10; 21:1-5, 9; 22:3-5.
HO RUA MOLEMO TLALEHONG ENA E BULULETSOENG
4. Ke joang re ka ruang molemo o moholohali Mangolong a Halalelang, hona hobane’ng?
4 Ke joang re ka ruang molemo o moholohali Mangolong a Halalelang? Re ka rua molemo ka ho lumella Bibele hore e sebetse bophelong ba rōna. Ka ho ithuta letsatsi le letsatsi le ka ho sebelisa Mangolo a bululetsoeng, re ka fumana tataiso e tsoang ho Molimo. “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla,” ’me e ka ba matla a tsotehang a hore re etse ho lokileng bophelong ba rōna. (Ba-Heb. 4:12) Haeba ka linako tsohle re ithuta le ho latela tataiso ea Lentsoe la Molimo, re tla “apara botho bo bocha bo bōpiloeng ho latela thato ea Molimo ka ho loka ha ’nete le botšepehi bo sa sekisetseng.” Re tla nchafatsoa matleng a susumetsang likelello tsa rōna, ’me re tla fetoloa ka ho nchafatsa likelello tsa rōna, e le hore re lemohe ka borōna “thato ea Molimo e molemo e amohelehang le e phethahetseng.”—Ba-Ef. 4:23, 24, NW; Ba-Roma 12:2, NW.
5. Re ka ithuta’ng boikutlong ba Moshe le mohlaleng oa hae?
5 Re ka ithuta ho hongata ka ho hlokomela kamoo bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo ba ileng ba rua molemo ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona. Ka mohlala, Moshe, ‘ea neng a le mosa ho fetisa batho bohle,’ eo ka linako tsohle e neng e le ea rutehang le ea ratang ho ithuta. (Num. 12:3) Le rōna ka linako tsohle re lokela ho ba le kananelo e tšoanang ea thapelo ka bobusi ba Jehova joaloka eena. Ke Moshe ea itseng: “Jehova, u ’nile ua ba setšabelo sa rōna melokong le melokong. Lithaba li e-so ho ka li hlaha, u e-so ho bōpe lefatše le lintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, e sa le u le Molimo.” Moshe o ne a tloaelane ka ho phethahetseng le bohlale ba Molimo, hobane Jehova o ile a mo sebelisa ho ngola libuka tsa pele tsa Bibele. Ka hona, o ne a utloisisa bohlokoa ba hore letsatsi le letsatsi a batle bohlale ho Jehova. Kahoo, o ile a rapela Molimo: “U re rute ho bala matsatsi a rōna ka mokhoa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka oona!” Kaha ‘matsatsi a lilemo tsa rōna’ a ’maloa, lilemo tse 70 feela, kapa tse 80 ha re e-na le “matla a khethehileng,” re bohlale haeba letsatsi le letsatsi re iphepa Lentsoe la oona, hobane ke ka ho etsa joalo ‘mohau oa Jehova, Molimo oa rōna o ka ipakang o le holim’a rōna,’ joalokaha o ne o le holim’a mohlanka oa hae ea tšepahalang Moshe.—Pes. 90:1, 2, 10 (NW), 12 (NW), 17.
6. Ke joang rōna, joaloka Joshua, re ka atlehisang tsela ea rōna?
6 Ke habohlokoa hakaakang ho thuisa letsatsi le letsatsi ka Lentsoe la Molimo! Jehova o ile a hlakisa sena ho mohlahlami oa Moshe, Joshua, ka ho ’molella hore: “Feela u iphe matla, u etse ka senna haholo, u hlokomele ho etsa ka molao oohle oo Moshe, mohlanka oa ka, a u laetseng oona. U se ke ua o kheloha ho ea ka ho le letona, leha e le ho le letšehali, u tle u atlehe kahohle moo u eang teng. Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle.” Na ho bala ha Joshua Molao oa Jehova ka linako tsohle ‘ho ile ha atlehisa tsela ea hae’? Tlhohonolofatso ea Jehova phutuhong ea hae e sebete Kanana e fana ka karabo.—Josh. 1:7, 8; 12:7-24.
7. Davida o ile a bolela joang kananelo ea hae bakeng sa bohlale bo tsoang ho Molimo, ’me kananelo e tšoanang e hlalosoa joang ho Pesaleme ea 119?
7 Nahana hape ka Davida ea ratoang, e mong ea neng a nka bohlale bo tsoang ho Jehova e le ba bohlokoa ka ho fetisisa. O ile a bontša kananelo e khōlō hakaakang bakeng sa “molao,” “khopotso,” “litaelo tse tlamang,” “litaelo,” le “liqeto tsa boahloli” tsa Jehova! Joalokaha Davida a boletse: “Li lakatseha haholo ho feta gauda, e, ho feta gauda e hloekisitsoeng haholo; ’me li monate ho feta mahe a linotši le mahe a linotši a phallang khekheng.” (Pes. 19:7-10, NW) Sehlooho sena se thabisang ka ho fetisisa se hōlisoa le ho phetoa ke mopesaleme e mong ka botle bo susumetsang sephefumolohi Pesalemeng eohle ea bo119. Ha re ntse re ithuta Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi le ho boloka keletso ea lona e bohlale, e se eka re ka tseba ho bua tjena ho Jehova: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka. Likhopotso tsa hao lia babatseha. Ke ka lebaka leo sephefumolohi sa ka se li bolokileng.”—Pes. 119:105, 129, NW.
8. Ke lipolelo life tsa Salomone tseo re ka li etsang tsa rōna?
8 Mehleng ea ha a sa tšepahala, mora oa Davida Salomone le eena o ile a phela ka Lentsoe la Molimo, ’me le maeleng a hae, re ka fumana lipolelo tse susumetsang tsa kananelo tseo re tla beng re etsa hantle ha re ka li etsa tsa rōna. Ka ho bala le ho sebelisa Bibele letsatsi le letsatsi, re tla utloisisa ka ho felletseng botebo ba se boleloang ke mantsoe a Salomone: “Ho thaba motho ea fumaneng bohlale, le motho ea fumanang temoho. Bolelele ba matsatsi bo letsohong la bona le letona; letsohong la bona le letšehali ho na le maruo le khanya. Litsela tsa bona ke litsela tsa nyakallo, ’me ’mila eohle ea bona ke khotso. Ke sefate sa bophelo ho ba bo tšoarang, ’me ba bo tšoarang ka matla ba tla bitsoa ba thabileng.” (Liprov. 3:13, 16-18, NW) Ho ithuta Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi le ho le utloa ho lebisa thabong e khōlōhali hona joale, hammoho le tiisetso ea “bolelele ba matsatsi”—bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Jehova.
9. Ke khothatso efe eo re ka e fumanang mohlaleng oa Jeremia?
9 Ba ke keng ba hlokomolohuoa har’a ba ileng ba nka Mangolo a bululetsoeng e le a bohlokoa ka ho fetisisa le ho a utloa ke baprofeta ba Molimo ba tšepahalang. Ka mohlala, Jeremia, o ne a e-na le kabelo e thata ka ho fetisisa. (Jer. 6:28) Joalokaha a itse: “Lentsoe la Jehova le mphetohetse sekhobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng.” Empa ho ithuta ha hae Lentsoe la Molimo ho ile ha mo matlafatsa haholo, ’me ha e le hantle, eena ka boeena o ile a sebelisoa ho ngola libuka tse ’ne tsa Mangolo a bululetsoeng—Marena a Pele le a Bobeli, Jeremia, le Lillo tsa Jeremia. Kahoo, ho ile ha etsahala’ng ha ho nyahama ho bonahala ho aparela Jeremia ’me a nahana ho khaotsa ho bolela “lentsoe la Jehova”? E re Jeremia ka boeena a arabe: “Ho na le ho kang mollo o chesang pelong ea ka, o kentsoeng masapong a ka. Ke khathala ke ho o boloka, kea sitoa.” O ile a tlameha ho bolela mantsoe a Jehova, ’me ka ho etsa joalo, o ile a fumana hore Jehova o ne a e-na le eena “joale ka senatla se tšabehang.” Haeba re ithuta ’me re tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo, hoo le fetohang karolo ea bophelo ba rōna joalokaha ho bile joalo ho Jeremia, matla a Jehova a ke keng a hlōloa a tla ba le rōna ka ho tšoanang, ’me re tla tseba ho hlōla tšitiso e ’ngoe le e ’ngoe ea hore re tsoele pele ho bolela morero oa Hae o khanyang oa ’Muso.—Jer. 20:8, 9, 11.
10. Mangolo a ile a etsa karolo efe bophelong ba Jesu, ’me o ile a rapella barutuoa ba hae eng?
10 Joale, ho thoe’ng ka mohlala oa rōna o moholohali, “Moemeli e Moholo le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu”? Na o ne a tloaelane le Mangolo a bululetsoeng ho tšoana le baprofeta bohle le banna ba bang ba tšepahalang ba pele ho eena? Ka sebele o ne a tloaelane le ’ona, joalokaha mantsoe a hae a mangata a qotsitsoeng le tsela ea hae ea bophelo e tumellanong le Mangolo li bontša ka ho hlaka. O ne a hopotse Lentsoe la Molimo ha a ne a itlhahisa ho etsa thato ea Ntat’ae mona lefatšeng lena: “Bona, kea tla, kamoo ho ngoliloeng taba tsa ka ’menong oa buka. Ho etsa ho ratoang ke uena, Molimo oa ka, ke sona seo ke se ratang, molao oa hao o ngoliloe pelong ea ka.” (Ba-Heb. 12:2; Pes. 40:7, 8; Ba-Heb. 10:5-7) Kahoo, Lentsoe la Molimo le ile la etsa ho hoholo ho etseng hore Jehova a halaletse Jesu, kapa ho mo khethela tšebeletso ea hae. Jesu o ile a rapela hore balateli ba hae le bona ba halaletsoe ka ho tšoanang: “U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete. Joale ka ha u nthomile lefatšeng, le ’na ke ba romile lefatšeng. ’Me ke ikhalalletsa bona, hore le bona ba halaletsoe ka ’nete.”—Joh. 17:17-19.
11. (a) Petrose o ile a hatisa eng ho Bakreste ba tlotsitsoeng mabapi le Lentsoe la Molimo? (b) Ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele e le habohlokoa le ho bongata bo boholo ba batho?
11 Hobane ba halalelitsoe “ka ’nete,” balateli ba mehato ea Jesu ba tsoetsoeng ka moea le ba tlotsitsoeng ba tlameha ‘ho lula lentsoeng la hae’ hore e be barutuoa ba hae ka sebele. (Joh. 8:31) Kahoo, Petrose, ha a ngolla ba ‘fumaneng tumelo,’ o ile a hatisa bohlokoa ba ho tsoela pele ba ithuta le ho ela hloko Lentsoe la Molimo: “Ke ka baka leo nke keng ka lesa ho le hopotsa taba tseo ka mehla, leha le se le rutehile ’me le tiile ’neteng eo e seng e le ho lōna.” (2 Pet. 1:1, 12) Likhopotso tse tsoelang pele, tse kang tse fumanoang ’malong oa letsatsi le letsatsi le boithutong ba Lentsoe la Molimo, le tsona ke tsa bohlokoa ho bohle ba nang le tšepo ea ho ba karolo ea “bongata bo boholo ba batho” bao Johanne a ba boneng ponong kamor’a ho hlalosa ba 144 000 ba tšoailoeng ba meloko ea Iseraele ea moea. Hobane haeba ba sa tsoele pele ho noa metsi a bophelo a ’nete, ke joang bongata bona bo boholo ba batho ka bohlale bo ka “tsoelang pele ho hooa ka lentsoe le phahamileng, bo re: ‘Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana’”?—Tšen. 7:9, 10, NW; 22:17.
12. Ke hobane’ng ha re tlameha ho thuisa ka Lentsoe la Molimo ka linako tsohle?
12 Re ke ke ra ho qoba! Tsela ea ho fumana molemo o moholohali Mangolong a bululetsoeng, tsela ea ho fumana poloko e isang bophelong bo sa feleng, ke ka ho ithuta Mangolo ao le ho phela ka ’ona bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ka linako tsohle re tlameha ho thuisa ka Lentsoe la Molimo, ka boikutlo bo tšoanang ba thapelo ba kananelo bo boletsoeng ke mopesaleme: ‘Ke tla hopola liketso tsa Jehova, ke elelloe meeka ea hao ea boholo-holo; ke tla thuisa ka mesebetsi eohle ea hao.’ (Pes. 77:11, 12) Ho thuisa ka ‘mesebetsi e tsotehang le liketso’ tsa Jehova ho tla re susumeletsa hore le rōna re be mafolo-folo mesebetsing e metle, re lebelletse bophelo bo sa feleng. Morero oa buka ena, “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” ke ho khothalletsa e mong le e mong ea ratang ho loka ho kopanela melemong e sa feleng le e khotsofatsang e hlahisoang ke ho tsoela pele ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo.
‘LINAKONG TSE BOHLOKO’
13. Re phela ‘linakong life tse bohloko’?
13 Mehla ea kajeno ke nako e bohloko ka ho fetisisa historing ea motho. E tletse ka litebello tse tšosang. Ka sebele, ho ka boleloa kannete hore ho tsoela pele ha moloko oa motho o ntse o le teng ho kotsing. Ka hona, mantsoe a moapostola Pauluse a loketse hakaakang: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.”—2 Tim. 3:1-5.
14. Ka baka la linako, ke keletso efe ea Pauluse eo re lokelang ho e ela hloko?
14 Hobane’ng u lokela ho furalla ba joalo? Hobane haufinyane tsela ea bona e khopo e tla fella ka timetso! Ho fapana le hoo, rōna, hammoho le bohle ba pelo li tšepahalang, a re reteleheleng thutong e phelisang ea Mangolo a bululetsoeng, re etse hore Mangolo ana e be motheo oa sebele oa bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi. A re eleng mantsoe a Pauluse a eang ho Timothea e mocha hloko: ‘Empa ha e le uena, u tsoele pele ho tseo u ithutileng tsona, tseo u li tiiselitsoeng.’ (2 Tim. 3:14) E, ‘tsoela pele’ ho tsona, ho rialo Pauluse. Hore re etse joalo, ka boikokobetso re tlameha ho lumella Mangolo ho re ruta, ho re khalemela, ho re behela lintho ka ho otloloha, le ho re laea ka ho loka. Jehova o tseba seo re se hlokang, hobane mehopolo ea hae e phahametse mehopolo ea rōna haholo. Ka Mangolo a hae a bululetsoeng, o re bolella se ka re tsoelang molemo e le hore re ka ba ba hlomelletseng ka botlalo le ho ba ba tšoanelehang bakeng sa mosebetsi o molemo oa ho paka lebitso la hae le ’Muso. Pauluse o fana ka keletso ena ea bohlokoa ha a ntse a hlalosa “linako tse bohloko” tse tla tla “mehleng ea qetello”: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, hore motho oa Molimo e be ea loketseng ka ho felletseng, ea hlomelletsoeng ka ho felletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o motle.” E se eka kaofela ha rōna re ka lula re ntse re phela linakong tsena tse bohloko ka ho ela keletso ena e bululetsoeng hloko!—2 Tim. 3:16, 17, NW; Esa. 55:8-11.
15. (a) Ho se utloe ho hlahisitse eng? (b) Ke monyetla ofe o khanyang o butsoeng ke kutlo ea Kreste?
15 Pakane ea rōna e lokela ho ba ea ho utloa Mangolo a bululetsoeng. Motho oa pele o ile a oela sebeng le lefung ka baka la ho se utloe lentsoe la Jehova le taelo ea hae, ‘ka mokhoa o joalo lefu la aparela batho bohle.’ Ka hoo motho o ile a lahleheloa ke monyetla oo a ka beng a o fumane Paradeiseng ea Edene oa ho ‘ja litholoana tsa sefate sa bophelo ’me a phele ka ho sa feleng.’ (Ba-Roma 5:12; Gen. 2:17; 3:6, 22-24) Empa ke ka kutlo ea Kreste le motheong oa sehlabelo sa “Konyana ea Molimo” moo Jehova a tla etsa hore ‘nōka ea metsi a bophelo, e hloekileng joale ka kristale,’ e phalle molemong oa batho bohle ba inehelang ho Eena ka kutlo. Joalokaha moapostola Johanne a bone ponong: “Lehlakoreng lena la nōka le lehlakoreng le ka mose oane ho ne ho e-na le lifate tsa bophelo tse hlahisang litholoana haleshome le metso e ’meli, li beha litholoana tsa tsona khoeli le khoeli. ’Me mahlaku a lifate e ne e le a ho phekola lichaba.”—Joh. 1:29; Tšen. 22:1, 2, NW; Ba-Roma 5:18, 19.
16. Mangolo a bululetsoeng a na le molemo ofe o sa feleng?
16 Hape-hape tsela e isang bophelong bo sa feleng e lutse e bulehetse batho. Joale, ho thaba, ba elang lengolo le bululetsoeng hloko: “Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao; u tle u rate Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae, ’me u mo khomarele; hobane ke eena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao.” (Deut. 30:19, 20) Ho bokoe Jehova, Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, ea etsang tokisetso ena e khōlō ea bophelo ka sehlabelo sa Mora oa hae le ka ’Muso oa hae oa ka ho sa feleng. Thabo le teboho ea rōna li khōlō hakaakang hobane re ka bala ra ba ra bala hape, ra ithuta ra ba ra ithuta hape, le ho thuisa ka linnete tsena tsa bohlokoahali, hobane ka sebele “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo,” le lebisa bophelong bo sa feleng e bang ke leholimong kapa lefatšeng la paradeise. (Joh. 17:3; Ba-Ef. 1:9-11) ’Me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla ba ‘khalalelo ho Jehova.’—Zak. 14:20; Tšen. 4:8.