-
Karolo 10—’Muso o Phethahetseng Qetellong!Tsoha!—1991 | January 8
-
-
le teng ho tloha ka 1914, mebuso ea batho e ’nile ea e-ba teng nakong e alimiloeng. (Daniele 7:12) Re phela nakong eo Bibele e e khethollang e le “mehla ea qetello.” (2 Timothea 3:1-5) Mongolo o leboteng o phatlalatsang timetso e haufi ea puso ea motho o hlakile haholo hoo ho seng motho eo ka botšepehi a ka o tlōlisang mahlo. O ka ’na oa hlokomolohuoa, empa o ke ke oa hlakoloa.
Puso ea bomolimo ka ’Muso oa Jehova oa Bomessia e tšoantšetsoa ka Bibeleng ho Daniele khaolo 2 ka lejoe le “khephohang e seng ka matsoho a motho” leo le ileng “la thesela setšoantšo [tšoantšetso ea puso ea motho] maotong a sona a tšepe le letsopa, la a robaka.” Hona ho bolela hore haufinyane ’Muso oa Molimo o theiloeng o tla felisa sebōpeho leha e le sefe se sebe sa puso ea motho, o tla se silakanya. Ka ho felletseng joang? Bibele ea arabela: “Eaba tšepe, le letsopa, le koporo, le silevera, le gauda, li robakoa hang, tsa e-ba joale ka mooko o fefohang seotlong, lehlabula; tsa nkoa ke moea, ’me nģalo ea tsona ha ea ka ea hlola e fumanoa.”—Daniele 2:34, 35.
Haeba mebuso ea batho e mebe e tla felisoa ka ho felletseng hoo ho ke keng ha hlola ho fumanoa mohlala oa eona, ho hlakile hore babuelli ba puso ea motho ba tobane le linako tse boima. Batho ba limillione ka ho lemoha ’nete ena ’me ba bona bohlale ba ho suthisa tšepo ea bona pusong ea motho e senyehileng le ho e beha nthong e ’ngoe e molemonyana. Ke puso ea Jehova Molimo feela, ’Mōpi oa bokahohle, e ka tsebang ho rarolla mathata a bakiloeng ke puso ea motho e mpe le ho hloleha ho tsamaisa lintho hantle ka lilemo tse likete. Ke puso ea ’nete ea bomolimo feela e ka khotsofatsang litlhoko tsa mehla ea rōna.
Tsoha! e tšepa hore letoto la likarolo tse leshome la “Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng” le hatisitse ka ho uena bohlokoa ba ho etsa qeto ea botho tabeng ena ea ’muso. Ka holim’a tsohle, ho tsepjoa hore le tla u thusa ho etsa qeto e bohlale. Puso ea motho e lekantsoe sekaleng ’me e fumanoe e fokola. U tla khetha eng? Na e tla ba ntho eo eseng ea sebele kapa e tla ba ntho ea sebele? Na e tla ba puso ea motho kapa e tla ba puso ea Molimo oa ’nete, Jehova?—Daniele 2:44; Mattheu 6:10.
-
-
Na ba Tsitsitse?Tsoha!—1991 | January 8
-
-
Na ba Tsitsitse?
HA MOK’HADINALE oa Roma e K’hatholike John O’Connor a bolela hore bo-ralipolotiki ba K’hatholike ba ka khaoloa haeba ba sa tšehetse boemo ba kereke tabeng ea ho ntša mpa, mookameli oa sehlopha sa bangoli ba likoranta Mike Royko o ile a ngola: “Hona joale re na le moprista [Louis Gigante] ea eang khotla ’me o bolela hore e mong oa linokoane tse tsebahalang haholo New York ea qosoang ka bosholu le ho tšosa batho, ha e le hantle hase senokoane ho hang.”
Royko o ile a phaella: “Ha ho letho leo nkileng ka le bala ka tsebiso ea O’Connor e reng: ‘Motho leha e le ofe ea amanang le sehlopha sa linokoane—sehlopha sa Genovese, sehlopha sa Gambino le bang kaofela—o talimane le ho khaoloa. Lebaka feela la hore motho e mong e bile setho sa kereke ea rōna ha e le lesea ha le bolele hore re lokela ho lumella boitšoaro ba hae bo kotsi sechabeng ha e e-ba Moemeli oa ngoana ea itseng nakong ea kolobetso.’”
-