-
Likenyelletso Tse Tla Tsosa ThahaselloTšebeletso ea ’Muso—1992 | August
-
-
Likenyelletso Tse Tla Tsosa Thahasello
1 Jesu o ne a sebelisa likenyelletso ka bohlale. Ebang o ne a bua le sehlopha se seholo sa batho kapa le motho a le mong, Jesu o ne a hapa tlhokomelo ea bamameli ba hae ka ho etsa hore ba kenelle tabeng. O ile a bontša bamameli ba hae bohlokoa ba taba eo a buang ka eona.—Matt. 5:3-12; Joh. 4:7-30.
2 Tokisetso e Etsoang Esale Pele ea Hlokahala: E le hore re ka tsosa thahasello molaetseng oa rōna, ho hlokahala hore re lokise likenyelletso tsa rōna hore li etse hore motho eo re buang le eena a kenelle tabeng, li ame lintho tseo a amehileng ka tsona, ’me li bontše hore molaetsa oa ’Muso o tla mo thusa.
3 Ha u lokisetsa tšebeletso, hlahloba lintho tseo hona joale batho ba amehileng ka tsona. Na ho na le sehlooho sa litaba sa morao-rao se hapileng tlhokomelo ea e mong le e mong? Mocha o tla ba le thahasello ho eng? Motho e moholo eena? Ho thoe’ng ka banna, basali, kapa batsoali? Ho e-na le ho sebelisa kenyelletso e tšoanang ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, hangata ho ba le katleho e khōloanyane ho lokisetsa likenyelletso tse ’maloa tse sa tšoaneng le ho lokela ho li fetola ha u hlokomela tsela eo beng ba matlo ba arabelang ka eona. Bahoeletsi ba bang ba bile le katleho e khōlō ha ba lokisetsa ’me ba sebelisa likenyelletso tse fapa-fapaneng tse tsoang bukeng ea Ho Bea Mabaka lekhetlo le leng le le leng ha ba ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo. (rsSU maq. 9-15) Sena se boloka katamelo ea bona e le ncha e bile e thahasellisa.
4 Khoeling ea August, mohlomong u ka batla ho sebelisa nehelano e kang ena:
◼ “Lumela. Re ntse re buisana le ba bang ba baahisani hore na ke litšoaneleho life tseo ba ka batlang hore motho ea busang ba bang a be le tsona. Na nka u botsa hore ke tšoaneleho efe kapa tse peli tseo u nahanang hore ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa? [Emela karabo. Leboha lintlha. Lumellana le tsona haeba ho loketse.] Na u ne u tseba hore Bibele e hlalosa litšoaneleho tsa Ea amohetsoeng hore e be ’musi oa batho? Ke mona ho Esaia 9:6, 7. [E bale.] U nahana hore ho tla ba joang ho phela tlas’a ’musi ea joalo?” Emela karabo ebe u lebisa tlhokomelo ho Pesaleme ea 146:3, 4 le boitsebiso bo bukeng ea Ho Bea Mabaka maqephe 377-8 ka boleng bo tiisitsoeng ba puso ea Jesu. Kapa ho ka sebelisoa buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa, khaolo 133, ho etsa hore ho be le puisano e tsoelang pele.
5 Haeba u buisana le batho ba sekametseng bolumeling, nehelano e latelang e ka sebetsa hantle ha u buella buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa.
Ka mor’a tumeliso e tloaelehileng, u ka re:
◼ “Molimo o lebelletse eng ho rōna joaloka Bakreste? Bibele e re laela hore re etsise mohlala o behiloeng ke motho e moholo ka ho fetisisa lefatšeng, Jesu Kreste. [Bala 1 Petrose 2:21.] O rutile balateli ba hae hore ba rate baahisani ba bona, ba ipoloke ba hloekile boitšoarong, ’me ba rapelle hore ’Muso oa Molimo o tle. Ho bolokeha ha rōna ho itšetlehile ka ho nka Jesu e le ’Moloki oa rōna le ka hore re mo utloe. [Bala Johanne 14:6.] Jesu e ne e se motho feela ea tloaelehileng. Buka ena e mo hlalosa e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. Kaha re itšetlehile ka eena bakeng sa hore re bolokehe, na ha u ikutloe hore ho hlokahala hore re ithute sohle seo re ka se khonang ka mosebetsi oa hae le seo a se rutileng? Buka ena e lokisitsoe ka ho khethehileng bakeng sa morero oo, ’me nka thabela hore u be le kopi ena.”
6 Ka ho etsisa mekhoa ea Jesu ea ho hapa thahasello le ho kenyelletsa bamameli ba hae puisanong, re bontša batho ba lipelo li tšepahalang bohlokoa ba lintho tsa moea.
-
-
Ho Sebelisa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa Maetong a ho BoelaTšebeletso ea ’Muso—1992 | August
-
-
Ho Sebelisa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa Maetong a ho Boela
1 Moapostola Pauluse o ne a tseba bohlokoa ba ho ba motho ea khothetseng ha ho tluoa tabeng ea ho hlokomela batho ba ileng ba bontša thahasello ’neteng. O ile a ba tšoantša le limela tse bonojoana, tse hlokang ho nosetsoa le ho hlaoleloa ka linako tsohle. (1 Ba-Kor. 3:6-9) Ka ho tšoanang, le kajeno batho ba thahasellang ba hloka tlhokomelo e bonolo eo re fanang ka eona ha re etsa maeto a ho boela ho hlaolela khōlō ea bona ea moea.
2 Ho molemo ho hopola hore hangata batho bao re eang ho bona ba hloka likhopotso tse tla ba thusa ho hopola lintlha tseo re buileng ka tsona puisanong ea nakong e fetileng. Ka hona, leetong le leng le le leng la ho boela, ho tla ba bohlale ho hlahloba hakhutšoaane seo le ileng la buisana ka sona ketelong e fetileng, u totobatse lintlha tseo mong’a ntlo a ileng a li rata ka ho khethehileng. Kenyelletsa mong’a ntlo puisanong ’me u lemohe thahasello ea hae le litlhoko tsa hae hang-hang.
3 Ha u etsa leeto la ho boela, ebang u tsamaisitse buka “Motho e Moholo ka ho Fetisisa” kapa che, u ka sebelisa katamelo ena e tobileng ea ho qalisa thuto:
◼U ka ’na ua botsa: “Ke eng se ileng sa etsa hore Jesu e be motho e moholo ka ho fetisisa lefatšeng?” U ka arabela ka ho supa ho tse ’maloa tsa likhaolo tse 133 tse buang ka bophelo ba hae, botho ba hae, thuto ea hae, le mesebetsi ea hae. Khaolo 24 e hlalosa morero oa hae oa ho tla lefatšeng. Khaolo 35 e re hopotsa Thuto ea hae e tummeng ea Thabeng. Khaolo 133 e fana ka tlhase ea mahlohonolo ao batho ba tla a thabela ha a phetha mosebetsi oa hae. Bontša mong’a ntlo kamoo lipotso le mangolo a qetellong ea khaolo ka ’ngoe a re thusang ka teng ho fumana lintlha tsa bohlokoa khaolong ka ’ngoe. Akaretsa lintlha tse ’maloa feela ebe u etsa litokisetso tse tiileng tsa ho khutlela.
4 Katamelo e ’ngoe e ka ba:
◼“Ka sebele ke ile ka thabela puisano ea rōna bekeng e fetileng. Batho ba bangata ba bontšitse kameho ka maemo a lefatše a ntseng a mpefala. Ke ile ka nahana hore khaolo 111 ea buka ena, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e tla u thahasellisa. [Lokisetsa ho bua ka likarolo tse khethiloeng ho khaolo 111 e le ho arabela potso e le ’ngoe kapa tse peli tsa tlhahlobo tse qetellong ea khaolo, ka mohlala: “Ke maemo afe a lefatše a tšoaeang boteng ba Kreste?” kapa “Jesu o fana ka setšoantšo sefe ho thusa barutuoa ba hae ba nakong e tlang ho lemoha ha bofelo bo se bo atametse?”] Motheong oa seo re se balang mona, u ka re tšepo ea rōna ke efe ka bokamoso bo haufi? [Emela karabo ebe u babatsa mong’a ntlo.] Re tlameha ho etsa joang haeba re tšepile ho pholoha bofelo ba tsamaiso ee e khopo?” Bala Johanne 17:3 ebe u buella thuto ea ka mehla ea lehae ea Bibele.
5 Ka mor’a ketelo e fetileng eo ho eona u ileng ua tsamaisa buka “Motho e Moholo ka ho Fetisisa,” u ka re:
◼“Lekhetlong le fetileng ha ke ne ke u etetse, re ile ra buisana ka maemo a lefatše ao ho hlokahalang hore a fetoloe. Na u kile ua ipotsa hore na maemo a tla ba joang lefatšeng haeba bokhopo bo le sieo?” Emela karabo ebe u phetla ho khaolo 133, u hlokomele lipotso tse peli tse qalang tse leng qetellong ea khaolo. Bala ’me u hlalose lirapa tse arabelang lipotso tsena, u shebe a mang a mangolo a qetellong ea khaolo. U ka ekelletsa puisanong ka ho phetla setšoantšong se khaolong eo.
6 Moo U Siileng Pampitšana: Ka linako tse ling pampitšana ea sala ketelong ea pele. Ha u etsa maeto a ho boela, u ka bua ka serapa se le seng kapa tse peli ho tsoa pampitšaneng hammoho le mangolo ao ho sa qotsoang mantsoe a ’ona. Haeba motho eo a bontša thahasello, u ka buella buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ebe u etsa litokisetso tsa ho ntšetsa puisano ea lōna pele ketelong e tlang.
7 Haeba ka botšepehi re ntse re hlokomela ho nosetsa limela tse bonojoana tsa tumelo ea Bokreste tse leng tlhokomelong ea rōna, Molimo o tla etsa hore li hōle tlotlisong le khanyeng ea hae.—1 Ba-Kor. 3:7.
-