-
Thabo e Khōlō ea ho Fana—Na Ua e Latsoa?Tsoha!—1987 | December 8
-
-
karolo ea bohlokoa bophelong ba batho. Mohlanka ea hōlileng oa Abrahama o fane ka limpho tsa mabenyana ho Rebeka kamor’a ho bona bopaki ba hore Jehova o mo abetse ho ba mosali oa Isaaka. Hape tse fanoeng ebile “lintho tse khethehileng ho khaitseli ea hae le ’m’ae.” (Genese 24:13-22, 50-53) Kamor’a bomalimabe bo hlokofalitseng Jobo, a neoa limpho ke baena le likhaitseli tsa hae le metsoalle ea hae ea pele—e mong le e mong a mo fa “sekoto sa silevera le lesale la khauta.”—Jobo 42: 10, 11.
Ha mofumahali ea sa bitsoang ka lebitso oa Sheba a etetse Morena Salomone Jerusalema, a susumetsoa ke bohlale ba hae boo a bo filoeng ke Molimo ’me a hlalosa bahlanka ba Salomone e le ba thabileng ka ho tseba ho utloa le ho fumana melemo ho monna ea bohlale haholo. O ne a susumetsehile haholo hoo a ileng a nea Salamone limpho tsa khauta tsa litalenta tse 120 (tse lekanngoang ho liranta tse 100 000 000) le mahakoe a bohlokoa le oli e theko e boima ea balsame. Ho ka etsahala hore o ne a fokolitse letlotlo la ’muso oa hae haholo ka chelete e itseng, empa ntle ho pelaelo o ile a latsoa thabo ea ho fana. Salomone le eena a latsoa thabo ea ho fana, hobane o mo file limpho tse fetang theko ea matlotlo ao a mo fileng ona.—2 Likronike 9:12, American Translation, Moffatt.
Bakreste ba pele ba entse limpho kapa meneelo bakeng sa baena ba bona ba hlokang. Moapostola Pauluse o ngotse ka Bakreste ba Macedonia, le ba Akaia, bao, le hoja ba ne ba hloka, ba ileng ba fuparolla seatla sa bona ho feta matla a bona ho abeleng baena ba bona ba hlokang Judea. Pauluse o itse, “ba ’nile ba thabela ho etsa joalo.”—Ba-Roma 15:26, 27, NW.
Limpho tse “Buang”
Kajeno, ke ho totobetseng hore ho fana ka limpho ho tsoela pele ho ba tsela ea batho ea motheo ea ho hloma le ho matlafatsa tlamo ea lerato le botsoalle, ho tsebisa ba bang hore rea ba tsotella.
-
-
Ketelo ea Mopapa e Tsosa MaqebaTsoha!—1987 | December 8
-
-
Ketelo ea Mopapa e Tsosa Maqeba
KETELONG ea morao tjena ea mopapa Jeremane ka Motšeanong, o ile a supa “mathateng a neng a talimane le Kereke mehleng ea puso ea Nazi.” Kölner Stadt-Anzeiger e tlalehile mantsoe ao, ’me ea eketsa: “Empa o ile a hlōleha ho hlalosa ntlha ea hore baruti ba bang ba etelletseng pele ba K’hatholike ba ne ba hloka sebete, ba ruta lithuto tse tšehetsang likolo tsa likereke empa ba sa bue khahlanong le ho hlorisoa ha Bajode.”
Litšebeletso tsa ho halaletsoa ha Edith Stein−Mojode oa mosali ea ileng a sokolleloa Bok’hatholikeng—ebile ntlha e ’ngoe ea khang. Bajode ba ne ba latola taba ea hore a hlalosoe e le moshoela-tumelo oa K’hatholike. Nürnberger Nachrichten e itse: “Edith Stein o halalelitsoe e le moshoela-tumelo oa Bokreste, empa eo ha se ’nete ho hang. O ile a romeloa ho ea shoa matloaneng a gase Auschwitz ka 1942 hobane e le Mojode, e seng hobane e le moitlami oa K’hatholike.” Sehlopha se seng sa Mak’hatholike se boletse hore ho halaletsoa ha hae e ne e le tsela ea ho leka ho pata “ho thola ho soabisang ha Kereke e K’hatholike kamor’a hore Manazi a nke taolo.” Sehlopha se seng sa K’hatholike se boletse hore ho halaletsoa hona ha hae “ha hoa lokela ho foufatsa mahlo ho bona ’nete ea hore babishopo ba K’hatholike ha ba ka ba hana tsamaiso ea Nazi, empa ho e-na le hoo ba ne ba e tšehetsa pepeneneng.”
Lihlopha tse ling tse nyatsang li ne li qobella Kereke e K’hatholike ho lumela molato oa eona oa ho thola nakong eo ea ho Chesoa ha Batho, empa e ne e sa batle ho lumela. “Nakong ea seboka sa mopapa le babishopo mantsiboeeng a fetileng o ile a ba seli haholo hore a se thōnkhe letsoalo la kereke. Nakong ea puso ea bompoli ea Nazi, Lekhotla la Babishopo le ile la leka ho etsa selekane ho thibela bobe boo bo boholo empa mopapa o boletse hore ha a bone lebaka la ho qosa babishopo ba Jeremane ka molato oa hore ba ne ba thotse,” ho tlalehile Süddeutsche Zeitung.
-