Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/94 leq. 1
  • Na U Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka Botlalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka Botlalo?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 5/94 leq. 1

Na U Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! ka Botlalo?

1 “Ka linako tsohle ke makatsoa ke ho fumana hore ho nehelanoa ka lihlooho tse ngata hakana tse hlileng li leng ntle ’me li thahasellisa haholo—tse ngata tsa tsona e se tsa bolumeli—ka theko e tlaase hakana. Le hoja ke se na nako e ngata, hangata ke ne ke qeta linako tsa ka tsa mantsiboea ke ikharile phaposing ea ka ea ho phomola ke bala limakasine tsa lōna ka khanya ea lebone. Ke sa boela ke le leboha ka mofuthu bakeng sa boiteko ba lōna.” Polelo ena ea kananelo bakeng sa limakasine tsa rōna tse nakong e ile ea amoheloa e tsoa ho ngaka ea meriana Jeremane Bophirimela. Re ka ipotsa: Kananelo ea ka e tebile hakae bakeng sa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!? Ke etsa eng hore li fihle malapeng a batho ba leng tšimong ea ka?

2 Haufinyane re ile ra ithuta sehlooho “Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete tse Nakong” ho Molula-Qhooa oa January 1, 1994. Ho se ho batla ho fetile likhoeli tse tharo ho tloha ka nako eo. Na u sebelisitse litlhahiso tse molemo tse fanoeng, ka hona ua eketsa kabo ea hao ea limakasine? Lenane la limakasine tse hatisoang lekaleng lena le bontša hore kabo ea limakasine e theohile lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ka karolelano, bahoeletsi ba tsamaisa limakasine tse ’nè ka khoeli, bo-pula-maliboho ba thusang 15, ’me bo-pula-maliboho ba ka mehla tse ka bang 18.

3 Liphuthehong tse ling bahoeletsi, ho kopanyelletsa le bacha ba bangata, ba kopanela mosebetsing oa limakasine ka Laboraro mantsiboea. Libakeng tse ling thapama ea Labohlano e ipakile e atleha haholo kaha bahoeletsi ba kenang sekolo ba lokolohile ka nako eo ho kopanela mosebetsing ona. Kaha baena ba rōna ba bangata ba fumana mafelo-beke a loketse bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa limakasine, ho ile ha khothaletsoa hore Meqebelo e behelloe ka thōko bakeng sa morero ona. Nehelana ka limakasine ka ntlo le ntlo, literateng, mabenkeleng, le ka litselana tsa limakasine. Re batla ho khothaletsa bohle hore ba be le karolo e khōloanyane ea ho aba likoranta tsa rōna ka ntlo le ntlo kaha ho bula tsela bakeng sa maeto a ho boela le lithuto tsa Bibele.

4 Baholo phuthehong ea heno ba tla u tsebisa ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa bopaki ba limakasine, haeba ba se ntse ba sa etsa joalo. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho etella pele bopaking ba limakasine. Na u tla tšehetsa litokisetso tsee ka botlalo? Ho thoe’ng ka lōna bacha ka phuthehong? Ka mehla mosebetsi oa limakasine e ’nile ea e-ba o khethehileng haholo ho bahoeletsi ba rōna ba bacha lilemong. Re ka eketsa karolo eo re bang le eona kabong ea limakasine joang?

5 Molula-Qhooa o ile oa thathamisa mehato e mene. (1) Khothalla limakasine, (2) boloka nehelano ea hao e le bonolo, (3) tenyetseha, ’me (4) u ipehele pakane ea botho. Na mehato ee e hlakile kelellong ea hao? Na u se u qalile ho e sebelisa, ’me ka lebaka la seo, ua bona ho ntlafala kabong ea hao ea limakasine?

6 Thato ea Jehova ke hore “batho bohle ba bolokehe, ’me ba fihle tsebong ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Limakasine tsa rōna li thusa batho hore ba thabele bophelo bo khotsofatsang tsamaisong ena e felang ea lintho, li fana ka tšepo bakeng sa bokamoso, ’me li supa tsela e isang bophelong bo sa feleng. Re na le tokelo e kaakang ea ho sebelisa likoranta tsena tsa ’nete ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang hore ba fumane tsela e isang bophelong bo sa feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela