Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 12/15 maq. 28-29
  • “Boka Jehova”—Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Boka Jehova”—Hobane’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Se Ke Ua Honohela ba Khopo
  • Utloang “Mookameli ea phahameng”
  • Ho Atamela Molimo
  • ‘Jehova Oa Busa!’
  • “Bokang Jehova!”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Boraro le ea Bone ea Lipesaleme
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Buka ea Bibele ea 19—Lipesaleme
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Pele ea Lipesaleme
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lipina Tse ka Mangolong Tse Khothatsang Ebile e le Tse Rutang
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 12/15 maq. 28-29

Lintlha Tsa Bibele tsa Sehlooho Lipesaleme tsa 73 ho ea ho 106

“Boka Jehova”—Hobane’ng?

Ke mang ho rōna ea sa tlaleng teboho ha re nahana ka tsohle tseo Jehova a re etselitseng tsona, a ntseng a re etsetsa tsona le tseo a tla ’ne a re etsetse tsona? Ruri lipelo tsa rōna li lokela ho re susumelletsa ho boka Molimo oa rōna. Hore re na le mabaka a mangata a ho boka Jehova ho hatisitsoe hantle Bukeng ea Boraro le ea Bone ea Lipesaleme. Ha joale re hlahloba Lipesaleme tsa 73 ho ea ho 106, ipotse, ‘Ke mabaka afe ao ’na ka seqo ke nang le oona a ho boka Jehova?’

U Se Ke Ua Honohela ba Khopo

Ka kōpo bala Lipesaleme tsa 73 ho ea ho 77. Tsena ho nkoa e le tsa Asafe, ka ho hlakileng ho akarelletsa le bara ba hae. Asafe o bolela hore o ile a honohela ba khopo—ho fihlela a hlaphoheloa. (Pesaleme ea 73) Joale ho lleloa thipitlo ea Jerusalema. (Pesaleme ea 74) Kamor’a moo ho teng liteboho tse lebisoang ho “Molimo o tšabehang,” ’me li lateloa ke thapelo e eang ho “Molimo . . . o moholo” ho hopola batho ba hae ba tubehileng.—Lipesaleme 75-77.

◆ 73:24—Ke “khanyeng” efe moo Jehova a ileng a isa mopesaleme?

Ho fihlela mopesaleme a ananela hore ‘ho ba haufi le Molimo ke molemo ho eena,’ o ne a ikutloa eka ba khopo ba ne ba atlehile haholoanyane ho feta ba lokileng. (Pesaleme ea 73:2-12, 28) Ho lumella “keletso” ea Molimo ho mo tsamaisa ho ile ha fella ka ho amohela ha hae ‘khanya,’ e leng, ho amoheloa ke Jehova, kamano e hlohonolofetseng le Eena.

◆ 76:6, NW—“Moqhobi oa koloi ea ntoa” o ile a ‘khaleha’ le “pere” joang?

Baiseraele ba ne ba rutiloe ho tšepa Jehova ho e-na le ho tšepa lipere le makoloi a ntoa. (Pesaleme ea 20:7; Liproverbia 21:31) Ba ne ba se na lebaka la ho tšaba lipere le makoloi a tšepe a lira tsa bona, hobane Jehova o ne a ka fokolisa lira tsa bona, a etsa hore li ‘khalehe.’ Mona ho boleloa “boroko bo sa feleng”—lefu ka bolona. (Jeremia 51:39) Sena e lokela ho ba temoso ho baeta-pele ba lefatše bao kajeno ba tšepileng lihlomo tsa bona.—Pesaleme ea 76:12.

Thuto ho Rōna: Pesaleme ea 75 e na le temoso e nyatsang boikhohomoso ha e re, “le se ke la phahamisa lenaka la lōna.” (Temana 5 ea Ps 83) Lenaka e ne e le letšoao la matla, kapa bonatla. (Deuteronoma 33:17) Hore motho a phahamise lenaka la hae ho ne ho bolela ho ikhohomosetsa ba bang. Mona mopesaleme o lemosa ba khopo ho se ikhantše ka boemo ba bona ba matla bo bonahalang eka bo sireletsehile, hobane ‘linaka tsa ba khopo li tla robjoa’ ke Jehova. (Pesaleme ea 75:10, NW) Ho tseba sena ho khothatsa bahlanka ba Molimo ho lula ba tšepahala ho eena ho sa tsotellehe ho bonahalang e le ho atleha ha ba khopo.—Bapisa Pesaleme ea 144:11-15a.

Utloang “Mookameli ea phahameng”

Bala Lipesaleme tsa 78 ho ea ho 83. Lipesaleme tsa Asafe li tsoela pele. Ho phetoa lithuto tsa pale ea Iseraele. (Pesaleme ea 78) Joale ho lleloa thipitlo ea tempele, e lateloang ke thapelo ea ho tsosolosoa ha Iseraele. (Lipesaleme 79, 80) Kamor’a pina e tebisitseng maikutlo topollong ea Molimo le ho khothaletsa batho ba oona ho o utloa, ho teng boipiletso ba hore Jehova a lihe kahlolo holim’a baahloli ba senyehileng le holim’a lira tsa Iseraele.—Lipesaleme 81-83.

◆ 82:1—Ke joang Molimo o ahlolang “mahareng a melimo”?

Ka ho totobetseng, “melimo” e ne e le baahloli ba Iseraele. Ba ne ba bitsoa melimo hobane ba ne ba e-na le matla a maholo a ho ahlola. Jehova, joaloka Moahloli ea Phahameng, o ne a e-na le tokelo ea bomolimo ea ho kena mahareng a baahloli ba joalo ho ba khalemella ho hlōleha ho ahlola ba ipapisitse le molao oa hae.—Esaia 33:22: Pesaleme ea 82:2-4.

◆ 83:9-15—Na mopesaleme o ne a susumetsoa ke boiphetetso?

Le letho. O ne a rapela Molimo ho lihela kahlolo ho bao “ka ho teba ba hloileng” Jehova. (Temana 2 ea Ps 83, NW) Kahoo lichaba tse ling li ne li tla ithuta hore Molimo oo lebitso la oona e leng Jehova ruri ‘o rena o ’notši lefatšeng lohle.’ (Temana 18 ea Ps 83) Pontšo ena ea matla e ne e tla fella ka ho hōlisa lebitso la Molimo, Jehova, lefatšeng ka bophara.

Thuto ho Rōna: Hore Jehova o putsa haholo bao ba mo mamelang ho bontšoa ke ha ho buuoa ka “lefi la phofo.” (Pesaleme ea 81:16) Mona lentsoe “lefi” le sebelisitsoe ka mokhoa oa tšoantšetso ho supa se molemohali. (Bapisa Pesaleme ea 63:5.) Haeba Baiseraele ba ne ba ‘mametse lentsoe la Jehova,’ a ka be a ba hlohonolofalitse ka “lefi la phofo”—lintho tse molemohali, tse ntlehali. (Pesaleme ea 81:11; Deuteronoma 32:13, 14) Ka mokhoa o tšoanang, haeba re ‘mamela lentsoe la Jehova,’ o tla re hlohonolofatsa haholo.—Liproverbia 10:22.

Ho Atamela Molimo

Bala Lipesaleme tsa 84 ho ea ho 89. Bapesaleme ba bontša ho hloloheloa ntlo ea Molimo. (Pesaleme ea 84) Kamor’a moo, batlamuoa ba khutlileng ba kōpa hore bohale ba Molimo bo kokobele. (Pesaleme ea 85) Davida o rapella tataiso le tšireletso, a tšepile hore Jehova o tla mo arabela. (Pesaleme ea 86) Sefela ka bao ba ‘hlahetseng Sione’ se lateloa ke thapeli ea ea mahlomoleng. (Lipesaleme 87, 88) Joale ho tla pesaleme e totobatsang mosa o lerato oa Jehova joalokaha o bontšitsoe selekaneng sa Davida.—Pesaleme ea 89.

◆ 84:3—Hobane’ng ho buuoa ka linonyana?

Mopesaleme, eo e leng Molevi oa leloko la Kore, o nyoretsoe ho ba ‘meahong e ratehang’ ea Jehova. (Litemana 1, 2 ea Ps 83) Empa ho ne ho le teng mashome a likete a Balevi. E ne e le hang feela kamor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng sehlopha sa Balevi se neng se abeloa ho sebeletsa tabernakeleng ka beke. Ha ho bapisoa, le linonyana tse nyane li ne li e-na le lehae la kamehla sehalalelong lihlaheng tsa tsona tse moo. Mopesaleme o ne a tla thaba hakaakang ho rorisa Jehova ka hore le eena a lule ka ho sa feleng ntlong ea Jehova!

◆ 89:49—“Mehauhelo” ee e ne e le eng?

Lentsoe “mehauhelo” le supa selekaneng sa ’Muso le litšobotsing tsohle tsa sona. Linakong tsa bothata, ho ne ho tšoaneleha hore Baiseraele ba hlokomelise Jehova ka litšepiso tsena, e seng hobane ba ne ba belaella selekane seo, empa e le ka tsela ea ho ipiletsa ho Molimo motheong oa sona.

Thuto ho Rōna: Pesaleme ea 85 e hatisa se tšoanelang ho re etsa hore re hlolohele tsamaiso e ncha ea lintho ea Molimo. Ho buuoa hanyane feela ka mahlohonolo a lintho tse bonahalang. (Temana 12 ea Ps 83) Ho hatisoa haholo mahlohonolong a moea; mohau, ’nete, toka le khotso. (Litemana 10-13 ea Ps 83) Jehova haa ipiletse litakatsong tsa lintho tse bonahalang empa o bontša hore mahlohonolo a moea a tsamaiso e ncha ea lintho e lokela ho ba matla a ka sehloohong a re susumetsang.

‘Jehova Oa Busa!’

Bala Lipesaleme tsa 90 ho ea ho 100. Moshe o bapisa bo-sa-feleng ba Molimo le nako e khutšoanyane ea ho phela ha motho ’me o phahamisa Jehova e le mohloli oa tšireletso ea rōna. (Lipesaleme 90, 91) Makhabane a phahameng a Jehova aa thoholetsoa, ’me lipesaleme tse latelang li totobatsa matla, mehauhelo le toka tsa Molimo ’moho le sehlooho sa ’Muso.—Lipesaleme 92-100.

◆ 90:10—Na Moshe haa ka a phela haholo ho feta lilemo tse 80?

Moshe, ea phetseng lilemo tse 120, o ne a sa tšoane le batho ka kakaretso. Ho moloko o se nang tumelo o ileng oa ntšoa Egepeta, ba baliloeng “ho tloha ho ba lilemo tse mashome a mabeli ho isa pele” ba ne ba tšoanela ho shoa nakong ea lilemo tse 40, hantle nakong e boletsoeng ke Moshe. (Numere 14:29-34) Polelo ea hore nakong ea lefu la Moshe “mahlo a hae a na a e-so ho fifale; ’me matla a hae a na a e-so ho kokobele” e bontša hore o ne a tšehelitsoe ke matla a Molimo.—Deuteronoma 34:7.

◆ 95:3—Ke joang Jehova e leng “Morena e moholo ea fetang melimo eohle”?

Joaloka Morena oa Bokahohleng, Jehova o phahame ’me ke Morena holim’a melimo eohle ea bohata ka hore o e phahametse hole-hole. Ha ho hlile ha ho kamoo ho ka bapisoang Jehova Molimo le mangeloi afe kapa afe kapa ntho efe kapa efe eo ba bang ba ka e rapelang, ho akarelletsa le melimo ea bohata e sa pheleng.

Thuto ho Rōna: Pesaleme ea 91 e totobatsa lebaka le leng la ho boka Jehova—“sebaka se sephiring sa Ea Holimo-limo.” (Temana 1 ea Ps 83, NW) Ke sebaka sa tšireletseho ea moea, sa tšireletseho kotsing ea moea, ho bao ba phethisang litlhokahalo tse thathamisitsoeng pesalemeng ena. Ke sa “sephiri” hobane se sa tsejoe ke batho ba lefatše, ba se nang pono ea moea. ’Nete ea hore ke sebaka sa sephiri “sa Ea Holimo-limo” e bontša hore ke feela haeba re tšehetsa lehlakore la Jehova la tseko ea borena ba bokahohleng re ka fumanang tšireletseho moo.

“Bokang Jehova!”

Bala Lipesaleme tsa 101 ho ea ho 106. Mona Davida o hlalosa mokhoa oo a laolang litaba tsa naha ka oona. (Pesaleme ea 101) Motho ea mahlomoleng o rapela Jehova ho “tsosa Sione.” (Pesaleme ea 102) Memo ea ho “boka Jehova” e latela lipesalemeng tse lebisang tlhokomelo mohaung, khanyeng le mesebetsing ea pōpo ea Molimo. Mona hape ke moo ho hlahang ka lekhetlo la pele poleloana e hlahang ka makhetlo a ka holimo ho 20 ho Lipesaleme, “Bokang Jehova!” (Lipesaleme 103, 104) Qetellong, lipesaleme tse peli tsa pale li boka Jehova ka lebaka la liketso tsa hae molemong oa batho ba hae.—Lipesaleme 105, 106.

◆ 102:25—Ke mang ea neng a “thee lefatše”?

Mopesaleme o ne a bua ka Molimo, empa moapostola Pauluse o sebelisitse mantsoe ana ho Jesu Kreste. (Ba-Heberu 1:10, 11) Kamoo ho leng kateng, mantsoe ana a boetse a sebetsa le ho Jesu, hobane o sebelitse e le Lenģosa la Jehova ho bōpeng bokahohleng. (Ba-Kolosse 1:15, 16) Kahoo Jesu le eena ho ne ho ka thoe o ‘theile lefatše.’

◆ 103:14—“Ho bōptjoa” ho supa eng?

Lentsoe leo mona le fetoletsoeng e le “ho bōptjoa” le amana le ketso ho “bōpa,” e sebelisitsoeng ho Genese 2:7, le lereo “’mōpi,” le sebelisitsoeng ha ho buuoa ka ea bōpang letsopa. (Esaia 29:16; Jeremia 18:2-6) Kahoo mopesaleme o re hopotsa hore Jehova, ’Mōpi e Moholo, o re tšoara ka tlhokomelo, ka ho tseba hore re fokola joaloka lipitsa tsa letsopa.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 4:7.

◆ 104:4, NW—Ke joang Jehova ‘a etsang mangeloi a hae meea’?

Kaha mangeloi e se e ntse e le libōpuoa tsa moea, sena e ne e ke ke eaba se ama ’mele ea oona ea moea. Leha ho le joalo, lentsoe “moea,” le ka boetse la bolela “moea o fokang” kapa “matla a sebetsang.” Kahoo Molimo o ka sebelisa mangeloi a oona e le manģosa a matla ho phethisa thato ea oona. A ka boetse a sebelisoa e le manģosa a bolaeang—joaloka “mollo o timetsang.” Ke ho khothatsang ho Bakreste ho tseba hore mosebetsi oa bona oa boboleli o tšehelitsoe ke libōpuoa tse matla joalo tsa mangeloi.—Bapisa Tšenolo 14:6, 7.

Thuto ho Rōna: Pesaleme ea 106 e re thusa ho ananela hore Kore, Dathane le Abirame ba marabele ba ile ba honohela boemo ba Moshe joaloka molaoli oa sechaba sa Molimo. (Pesaleme ea 106:16; Numere 16:2-11) Qetellong, borabele boo bo ile ba felisoa ha ‘mollo o hotela’ har’a marabele. (Pesaleme ea 106:18) Ruri likotsi tsa boikhohomoso le mōna lia totobatsoa mona. Ho seba bahlanka ba khethiloeng ba Jehova kajeno ho ka mo khopisa ka mokhoa o tšoanang.—Ba-Heberu 13:17; Juda 4, 8, 11.

Ruri Jehova o re file ho hongata hoo re ka ho lebohang. Ha re nahana ka mahlohonolo ’ohle ao a re tšolletseng oona, na ha rea tšoanela ho etsa joalokaha mopesaleme a phehelletse, “Boka Jehova, moea oa ka”?—Pesaleme ea 103:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela