Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ntho ea Bohlokoahali Bophelong ba Hao ke Efe?
    Molula-Qhooa—1985 | April 1
    • le ho se hiroe li qetile lichelete tseo ba bangata ba neng ba li boloketse bakeng sa hosesane, ba sala ba tsielehile ’me ba se na matlo. Ntle ho moo, ka maemo a sa tsitsang ho pota lefatše, u na le bonnete bofe ba hore lintho tseo u li sebelelitseng ka thata li ke ke tsa felisoa ke ho fetoha ho hong ho sa lebelloang ha liketsahalo?

      Kahoo, ntle ho pelaelo u-ua bona hore ke habohlokoa ho hlahloba lipakane tsa hao tsa botho. Joale, u nahana hore ntho ea bohlokoahali bophelong ba hao ke efe?

  • Thabo e Hlahisoang ke Kamano ea Bohlokoa
    Molula-Qhooa—1985 | April 1
    • Thabo e Hlahisoang ke Kamano ea Bohlokoa

      “NTJA e phelang e fetisa tau e shoeleng.” (Moeklesia 9:4, NW) Ka mantsoe ao a seng makae, Morena Salomone oa khale o boletse ’nete ea bohlokoa ea hore bophelo ke ba bohlokoa ho feta lintho leha e le life tse bonahalang kapa lipakane tse labalabeloang. Ntle ho bophelo, re ke ke ra rua molemo leha e le ho efe oa lintho tsena. E, bophelo ke ba bohlokoa ha re phehella thabo.

      Ntho e “Molemo ho feta Bophelo”

      Joalokaha bophelo e le ba bohlokoa, ho na le ntho e ’ngoe e molemo ho bo feta. U ka ’na ua botsa: ‘Na ho ka etsahala? Ke eng e ka bang molemo ho feta bophelo?’

      Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o re file karabelo. Ha a bua ka ’Mōpi, Jehova Molimo, ka kananelo e tebileng o itse: “Mohau oa hao o molemo ho feta bophelo, molomo oa ka o tla u rorisa.” (Pesaleme ea 63:4, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Mantsoe a Davida a tlohang botebong ba pelo a bontša hore ho ba ea amohelang mohau o lerato oa Molimo, o theiloeng ka ho ba le kamano e ntle le oona, ke ho molemo le ho feta bophelo. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

      Se Etsang Hore Bophelo bo be Teng

      Ha re re u ne u filoe mpho, ntho eo u neng u hlile u e rata. Ha ho pelaelo hore u ne u tla thabela haholo ho amohela mpho ’me mohlomong u fumane thabo e khōlō ha u e sebelisa. Empa ka sebele u ne u tla be u hloka teboho haeba mehopolo ea hao e ne e ka fella feela mphong eo, e sa fetele ho ea u neileng eona. Na ha se kamano ea botho e teng pakeng tsa hao le mofani e susumelelitseng mpho eo? Haeba kamano eo e ne e le sieo, ho ne ho ke ke ha e-ba le mpho ’me u ne u ke ke ua e thabela.

      Ho joalo le ka bophelo. Joalokaha e le ba bohlokoa, re tlameha ho hopola hore na bophelo ba rōna bo tsoa hokae le hore na bo bolokiloe joang. Ka sebele ha rea bo bōpa, leha e le hore re ka bo boloka ntle ho litokisetso tsohle tse babatsehang tseo Jehova a li entseng lefatšeng. (Pesaleme ea 100:3; Liketso 14:17) Lebaka la hore re na le bophelo, ’me ntle ho pelaelo rea bo thabela ka tekanyo e itseng, ke pontšo ea mohau o lerato oa ’Mōpi e Moholo, Jehova Molimo. Na ha re bone hore na ke hobane’ng ha Morena Davida ka pelo eohle a ile a ikutloa hore ‘mohau oa Molimo o molemo ho feta bophelo’?

      Ho na le lebaka le leng la hore na ke hobane’ng ha kamano e amohelehang ho ’Mōpi e le ea bohlokoa ho feta bophelo ka bobona—bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka eona. A re bone hore na hona ho joalo joang.

      Na ha u lumele hore bophelo ke ba nakoana

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela