Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U Memeloa Likopanong Tsa “Khotso ea Molimo”
    Molula-Qhooa—1986 | October 15
    • Ke sehlooho se monate hakaakang sa kopano ea rōna ea setereke: “Khotso ea Molimo”! Kajeno mokhatlo oa batho o ferekantsoe ke ntoa. Ha se feela lintoa tsa sebele tse loanang lefatšeng lohle empa ho na le mefuta e meng ea lintoa: lintoa tsa moruo le lintoa pakeng tsa balekane ba lenyalo, le pakeng tsa bana le batsoali. Empa ka ho fapaneng, ho na le khotso har’a batho ba ineetseng ba Jehova. Ba na le khotso ea Molimo, e tsoang ho Jehova Molimo, Molimo oa khotso o fanang ka khotso. Ba na le khotso le eena ka baka la tumelo le mosebetsi oa bona, kahoo ba khona ho ba le khotso e mong ho e mong, ka phuthehong le lelapeng.—Ba-Filippi 4:7; Ba-Roma 16:20.

      Hape, ho hlokomeloe hore khotso ena ea Molimo ha se feela ho ba sieo ha ntoa. Lentsoe le bolelang khotso ka Seheberu sha·lohmʹ, ha le bolele khotso feela empa bophelo bo botle le katleho. E, Lipaki tsa Jehova li thabela katleho le ho ba sieo ha ntoa ka hobane li paradeiseng ea moea. Kopano ena e tla nolofaletsa ba tla ba teng ho eona ho ameha haholo ka khotso le ho nahana ka ho e hōlisa.—Ba-Roma 12:18.

      Likopano tsena li tla qala ka Labone ka 1:10 thapama, joaloka lemong tse fetileng. Letsatsi le leng le le leng le na le sehlooho se amang khotso, sa letsatsi la pele “Molimo o Tla Hlohonolofatsa Batho ba Oona ka Khotso,” se theiloe ho Pesaleme ea 29:11. Ho tla buuoa ka thapelo e nang le morero, ’me letsatsi leo la kopano le tla fihla sehlohlolong ka puo e bontšang kamoo Jehova a tsoelang pele ho nchafatsa lintho tsohle.

      Ka Labohlano puo ea sehlooho, “Khotso ea Molimo ho ba Rutoang ke Jehova,” e tla tiisa mohloli oa khotso ea rōna. Har’a likarolo tse ling tsa lenaneo e tla ba tšoantšiso e futhumatsang pelo ea Bibele e hokahanyang mehla ea boholo-holo le ea rōna.

      Ho tlatseletsa puong ea kolobetso, lenaneo la hoseng ka Moqebelo le tla hatisa litlamo tsa rōna tsa Bokreste e mong ho e mong le hore ho hlokahala hore re tsoele pele joaloka lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Thapama, ho tla ba le keletso e molemo bakeng sa litho tsa lelapa le balebeli ba khethiloeng.

      Hoseng ka Sontaha ho tla bontšoa tšoantšiso e matla le ea mehla ea kajeno. Thapama, puo ea phatlalatsa “Khotso Qetellong!—Ha Molimo o Bua” e tla ba karolo ea sehlooho ea kopano. Ha ho pelaelo hore bohle ba tla ba teng kopanong ba tla khutlela mahae ba hlomeletsoe ke Molimo oa khotso ho etsa thato ea ’ona.

      Ka hona, fihla ka matsatsi ’ohle a mane ka takatso e ntle ea lijo tsa moea, ka kameho e feletseng ea tlhoko ea moea. (Mattheu 5:3, NW) Hlophisa mabaka a hao hantle hore u fihle ka nako bakeng sa pina le thapelo tse bulang letsatsi ka leng. Hape, lokisetsa buka ea ho ngola lintlha hore u tsebe ho tsepamisa monahano oa hao ho seo sebui se se bolelang. Mehopolo e tla hatisoa ka ho teba pelong le kelellong ea hao.

      Empa ha rea lokela ho lebala hore borapeli bo hloekileng ba Jehova Molimo ha se feela taba ea ho amohela. Hape ke ea ho fana. Re batla ho hopola motheo ona oa Bibele: “Ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” (2 Ba-Korinthe 9:6) Jesu o itse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa,” re fumana thabo e shoetseng kopanong ka ho fana haholo kamoo re ka khonang, re ithaopela mesebetsi ea rōna ka bolokolohi. (Liketso 20:35) Ha ho hlokahale hore ho kopuoe baithaopi.

      Hape, re nke ka botebo tokisetso ea ho kopanela bopaking ba tšimo ka Labohlano thapama. ’Me re be seli ho sebelisa menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa rereloang matsatsing ana a mane. Sena se re hopotsa molao-motheo o mong oa Bibele: Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena. (Liproverbia 11:25) E, a re memeng bohle bao re ka khonang ho ba mema hore le bona ba tl’o bona hore ka sebele Lipaki tsa Jehova li lutse khotsong ea Molimo.

  • Letela Jehova
    Molula-Qhooa—1986 | October 15
    • li ne li chehile leraba ka pel’a hae. (Pesaleme ea 57:6) Leraba le joalo le tšoasang batho le ne le tla bontša maemo a bohloko kapa mamena a beang bahlanka ba Jehova kotsing. Empa bahanyetsi ba batho ba Molimo ba ka tšoasoa ke merero ea bona ea bobe. Kahoo haeba re itšetleha ka Jehova ’me re le seli, topollo ea rōna e tiisitsoe.—Liproverbia 11:21; 26:27.

      ‘Ho Leta ka Khutso’

      Bala Lipesaleme tsa 58 ho ea ho 64. Ka lebaka la ho ameha ka leeme, Davida a rapella boiphetetso ba bomolimo khahlanong le ba khopo. (Lipesaleme tsa 58, 59) Ha a sokeloa ka ho hlōloa, a rapella ho lopolloa ’me o ne a tiisa hore Molimo o tla hatakela lira tseo. (Pesaleme ea 60) Jehova e ne e se e ile ea e-ba setšabelo sa Davida; ka hona o ne a tla letela poloko a khutsitse. (Lipesaleme tsa 61, 62) A qobelletsoe ho balehela feelleng, mohlomong ha Absalome a mo fetohela, Davida a thabisoa ke ho ba ‘moriting oa mapheo a Molimo.’ (Pesaleme ea 63) Mopesaleme o boetse a rapella tšireletso ho “ba sebetsang bokhopo” ’me o ne a kholisehile hore ea lokileng o tla fumana setšabelo ho Jehova.—Pesaleme ea 64.

      ◆ 58:3-5—Ba khopo ba tšoana le linoha joang?

      Lipolelo tsa leshano le tse etselletsang tsa ba khopo li ka senya botumo ba sera, joalokaha mahloko a noha a ka bolaea. (Pesaleme ea 140:3; Ba-Roma 3:13; Jakobo 3:8) Ho feta moo, ba khopo ba tšoana le “marabe a ithibanyang litsebe,” hobane ba hana ho utloa e bile ha ba amohele tsamaiso.

      ◆ 63:4—Mosa o sa tšoanelang oa Molimo ‘o fetisa bophelo joang’?

      Bophelo ntle ho Molimo bo haelloa ke morero oa sebele. Empa lerato le tšepahalang la Jehova le bontšitsoeng ho Davida le fane ka molemo oa ’nete bophelong ba hae. Ho ba haufi le Molimo kamehla ho etsa hore bophelo bo be le seo bo se bolelang ho bahlanka ba amohelehang ba oona, ho ba tiisetsa thuso ea bomolimo le tataiso ’me ho ba nolofaletsa ho lebella bophelo bo sa feleng thabong.

      Thuto ho Rōna: Davida o ne a khotsofaletse ‘ho leta ka khutso’ bakeng sa Molimo hore o mo namolele. (Pesaleme ea 62:1-7, NW) A ineetse thatong ea Jehova, o ne a ikutloa a sireletsehile ’me a e-na le tšepo ho Molimo. Haeba re e-na le tšepo e joalo ho Jehova, “khotso ea Molimo’’ e tla lebela lipelo tsa rōna le mehopolo ea rōna ha re ntse re emetse topollo ea bomolimo lireng le mahlorisong.—Ba-Filippi 4:6, 7; Pesaleme ea 33:20.

      Rorisa Molopolli oa Rōna

      Bala Lipesaleme tsa 65 ho ea ho 72. Jehova o rorisoa e le mohloli oa chai, lipula tsa melupe, makhulo a matala le mehlape e phetheselang. (Pesaleme ea 65) ‘Lebitso la oona’ le lokela ho etsetsoa mehoo ea thabo. (Pesaleme ea 66) O lokela ho rorisoa, ’me o rokoa e le “Molimo o bolokang.” (Lipesaleme tsa 67, 68) Mahlomola a Messia a profetiloe, ’me Jehova o tlotlisoa e le “mopholosi” eo mopesaleme a tlang ho letela thuso ea hae. (Lipesaleme tsa 69-71) Tšepo eo e joalo e tla putsoa hobane ho tiisoa hore nala le topollo khatellong li tla ba teng lefatšeng ka bophara pusong e hlohonolofetseng ea Messia.—Pesaleme ea 72.

      ◆ 68:11—Ke bo-mang ba etsang “lekhotla le leholo” la basali?

      Hoba Jehova a sebelise banna ba bahlabani ba Iseraele ho hlōla lira, basali ba Baiseraele ba ne ba bolela litaba tse molemo tsa tlhōlo ka pina, ’mino le motjeko. (1 Samuele 18:6, 7; bapisa Exoda 15:20, 21.) Kutlong ea “lentsoe” la Molimo kapa taelo ea oona, banna ba Iseraele ba loantša lira tsa Lefatše la Pallo ’me ba li hlōla. Hona ha fa basali ba Baiseraele litaba tse molemo tseo ba ka li bolelang meketeng ea tlhōlo. Kajeno, basebeletsi ba basali ba nka karolo e hlokomelehang e le baboleli ba ’Muso ba bolela litaba tse molemo tse mabapi le “lentsoe” la Jehova, tse akarelletsang ho hlokomelisa lichaba hore haufinyane li tla hlōloa ke Morena oa Messia, Jesu Kreste.

      ◆ 69:23—Ke hobane’ng ha Molimo o ile oa kōptjoa ho khoehlisa matheka a lira?

      Ha mesifa e matla e thekeng e imeloa, e ka sebetsa ka matla a maholo. Empa ha letheka le thothomela kapa le khoehla, mohlomong ka lebaka la tšabo, matla a ea fela. Thapeling ena ea topollo, Davida o ile a kōpa Molimo hore o amohe lira tsa hae matla ao li a sebelisang hampe.

      ◆ 72:16—Nala ee e supa eng?

      ‘Chai e kang ea Lebanone’ e ka ’na ea bolela lijo-thollo tse teteaneng le tse hōlelang holimo hoo li ka tšoantšoang le meru ea Lebanone e metala, e metle. Mohlomong mahlaka a malelele a matenya a tšehelitseng lihlooho tse tenya tsa lijo-thollo ho tloha mathuleng ho ea litlhorong tsa lithaba, a ne a ka tšoantša le likedare tse telelehali le tse khōlōhali tsa Lebanone. Hona ho supa chai e sa tloaelehang nakong ea puso ea Messia. ’Me ’nete ea hore ‘ba metseng ba tla atleha joaloka limela’ e bontša hore bafo ba Jesu ba lefatšeng ba tla ba bangata ka sebele.

      Thuto ho Rōna: Mopesaleme o ile a rapela: “Uena ea re hlahiselitseng litsietsi tse ngata tse bohloko, u [Jehova] tla boela u re fe bophelo.” (Pesaleme ea 71:20) Le hoja Molimo o sa bake mathata a joalo, o re lumella hore re lekoe le ho fana ka karabo ho Mosomi oa hae, Diabolose. (Jakobo 1:13; Liproverbia 27:11) Ha ho mohla Jehova a re tlohellang hore re lekoe ho feta kamoo re ka jarang ’me a ka re thusa hore re tsoe litekong tsa rōna ka tumelo e matla. (1 Ba-Korinthe 10:13; 1 Petrose 1:6, 7) Bakreste ba tlotsitsoeng ba bone “litsietsi tse ngata tse bohloko” ha ba hlorisoa tlhorong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Empa Jehova a ba “nyolla” ka 1919, ’me ba tsoela pele tšebeletsong ea ’Muso, hamorao “bongata bo boholo” bo ikopanya le bona. (Tšenolo 7:9) Ruri Molopolli e Moholo o lokeloa ke thoriso ka lebaka la phello e joalo.

      Ho hlokahala tumelo ho letela Molimo hore o re namolele. Re ka ’na ra lokela ho leta ka khutso hobane ho se letho leo re ka le etsang ho fetola maemo a rōna a thata. Leha ho le joalo, re tla khona ho mamella, joaloka bangoli ba lipesaleme, haeba re khotsofaletse ho letela Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela