-
Pampitšana e Nakong ea Litaba Tsa ’Muso e Tla Abuoa Lefatšeng LohleTšebeletso ea ’Muso—1995 | March
-
-
Pampitšana e Nakong ea Litaba Tsa ’Muso e Tla Abuoa Lefatšeng Lohle
1 Ka Sontaha sa la 23 April, ho tla fanoa ka puo e khethehileng ea phatlalatsa tlas’a sehlooho se hapang tlhokomelo se reng, “Bofelo ba Bolumeli ba Bohata bo Haufi.” Qetellong ea seboka letsatsing leo, ho tla lokolloa pampitšana e maqephe a mane e susumetsang motho ho nahana ka ho teba e bitsoang Litaba Tsa ’Muso. Molaetsa oa eona o nakong o tla abuoa lefatšeng lohle ka libeke tse tharo ho tloha ka la 24 April ho ea ho la 14 May.
2 Likarolong tsohle tsa lefatše, batho ba tsietsoe. Ho sa tsotellehe hore na ba phela hokae, ba hlasetsoe ke mathata. Pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso e tla thahasellisa haholo ho ba amehileng ka tieo ke se etsahalang, kaha e tla ba lebisa Lentsoeng la Molimo joaloka mohloli o sa foseng ho tataisa motho. (Pes. 119:105) Bohle re lebeletse ho ba le kopi ea Litaba Tsa ’Muso ha e lokolloa ka la 23 April. Khabareng, ho na le ho hongata ho ka etsoang ho itokiselletsa phutuho ena e matla ea libeke tse tharo.
3 Khothaletsa Bohle ho Kopanela ka Cheseho: Ke bo-mang ba ka kopanelang mosebetsing oo? Ka sebele e mong le e mong eo e seng e ntse e le mohoeletsi o tla laba-labela ho etsa joalo! Ho thoe’ng ka liithuti tsa Bibele tse bang teng kamehla libokeng tsa phutheho? Ba bang ba ’nile ba kopanela le rōna ka nako e teletsana ’me ba etsa khatelo-pele e tiileng. Haeba ba entse hore bophelo ba bona bo lumellane le melao-motheo ea Mangolo, na baa tšoaneleha ho nkoa e le bahoeletsi ba ’Muso? Mohoeletsi ea khannang thuto ea Bibele a ka ’na a buisana le seithuti ka taba ena, ’me haeba seithuti se lakatsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, baholo ba babeli ba tla hlahloba le sona boitsebiso bo leng maqepheng a 98 le 99 bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna. Sena se lokela ho etsoa kapele kamoo ho ka khonehang e le hore ba tšoanelehang ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka kopanela ka botlalo phutuhong ena. Liithuti tsa Bibele tseo hona joale li e-song ho tšoanelehe ho nkoa e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang li ka ’na tsa khothaletsoa ho abelana pampitšana e nakong ea Litaba Tsa ’Muso le metsoalle kapa litho tsa lelapa.—Bona Molula-Qhooa oa November 15, 1988, leqepheng la 17, serapeng sa 8.
4 Mosebetsi ona ha o boima; e mong le e mong a ka ba le seabo. Batsoali ba ka kopanyeletsa ho ba le mananeo a ho ikoetlisa ka pampitšana ena ea Litaba Tsa ’Muso e le karolo ea thuto ea Bibele ea lelapa ea beke le beke e le hore litho tsohle tsa lelapa li ka lokela hantle ho nehelana ka eona ka ntlo le ntlo. Hangata nehelano e bonolo e molemohali. Ka mor’a kenyelletso e khutšoanyane, nehelana ka pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso ho mong’a ntlo, ’me u mo khothaletse ho e bala. Ha beng ba matlo ba bontša thahasello, etsa tlaleho ea sena e le hore u ka khutlela ho ea hlaolela thahasello. (1 Ba-Kor. 3:6, 7) Senotlolo sa katleho ke ho etsa nehelano e bonolo, e lokiselitsoeng hantle.
5 Ho tla ba le ho “hongata hoo le ho etsang” ka April le May. Tokollong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea khoeli e tlang, ho tla fanoa ka boitsebiso bo eketsehileng ho kenyelletso e nang le sehlooho se reng “Ho Hongata Hoo le ho Etsang Mosebetsing oa Morena.”—1 Ba-Kor. 15:58, NW.
-
-
Ho Fanoe Haholo—Ho Batloa HaholoTšebeletso ea ’Muso—1995 | March
-
-
Ho Fanoe Haholo—Ho Batloa Haholo
1 Re hauhetsoe hakaakang hore ebe re tseba ’nete! Ka lebaka la boinehelo ba rōna ho Jehova, re ‘abetsoe tšebetso ea evangeli.’ (1 Ba-Thess. 2:4) Sena se re fa boikarabelo bo boholoanyane. Jesu o itse: “Ea neiloeng haholo, ho tla batloa haholo ho eena.”—Luka 12:48b.
2 Mantsoe ao ke ’nete hakaakang! Kaha kaofela re hlohonolofalitsoe ka ho ba le tsebo ea Lentsoe la Molimo, mokhatlo o tsotehang oa baena, le tšepo e hlollang, ruri ho ka boleloa hore re fuoe haholo. Ka ho utloahalang, ho lebeletsoe hore re buseletse haholo.
3 E-ba le Pono e Loketseng ka se Hlokoang: Ba bang ba entse qeto ea hore ho lebeletsoe ho hoholo haholo ho rōna. Jesu Kreste joaloka Hlooho ea phutheho ea Bokreste, o rera hore na ho “hlokahala” eng bakeng sa hore e sebetse hantle. (Ba-Ef. 4:15, 16, NW) O re tšepisa hore ‘joko ea hae e mosa ’me phahlo ea hae ha e boima.’ (Matt. 11:28-30) Ka lerato o nahanela ba nang le mefokolo. (Luka 21:1-4) Haeba re fana ka se molemohali seo re nang le sona, ho sa tsotellehe hore na se sekae, re tla hlohonolofatsoa.—Ba-Kol. 3:23, 24.
4 Ipotse, ‘Na lithahasello tsa ’Muso ke tsa pele bophelong ba ka? Na ke sebelisa nako ea ka le matlotlo a ka ka tsela e tla fella ka thoriso lebitsong la Molimo ’me e tsoele ba bang molemo? Na ke fumana hore ke thabisoa haholo ke ha ke sebeletsa Jehova ho feta ho thabela lintho tse bonahalang ka boithati?’ Likarabo tsa rōna tse tšepahalang lipotsong tsena li senola merero e lipelong tsa rōna.—Luka 6:45.
5 Qoba ho Lekoa ho Etsa Bobe: Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le liteko tse tjena le likhatello tsa ho ithahasella, meharo, le lerato la menate ea nama. Letsatsi le leng le le leng re tobana le liphephetso tsa boitšoaro, le liteko tsa hore re sekisetse. E le hore re ka tobana le liphephetso tsena ka katleho, re tlameha ho kōpa Jehova hore a re thuse. (Matt. 26:41) Ka moea oa hae, a ka re matlafatsa. (Esa. 40:29) Ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi ka leng ke thuso e khōlō. (Pes. 1:2, 3) Ho itaea le boitšoaro le tsona li phetha karolo ea bohlokoa.—1 Ba-Kor. 9:27.
6 Ha hoa lekana ho rata botle—re boetse re tlameha ho hloea bobe. (Pes. 97:10) Sena se bolela ho se hlaolele takatso ea lintho tse mpe. Liproverbia 6:16-19 e thathamisa lintho tse supileng tseo Jehova a li hloileng. Ho hlakile hore motho ea batlang ho thabisa Jehova o boetse o tlameha ho hloea lintho tse joalo. Kaha re hlohonolofalitsoe ka tsebo e nepahetseng ea ’nete, re lokela ho batla ho sebetsa tumellanong le tsebo eo, re boloke likelello tsa rōna li tsepame linthong tse ntle.
7 Ho loketse ho rapella maemo a lumellang hore “kamehla ho be le ho hongata hoo le ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Ba-Kor. 15:58, NW) Ba bangata ba fumane hore kemiso e ba bolokang ba tšoarehile tšebeletsong ea Jehova ke tširelo hobane e ba lumella nako e nyenyane ea ho hahamalla lintho tse se nang thuso.
8 Ha re nahana ka sena sohle, seo Jehova a se batlang ho rōna se utloahala haholo. (Mik. 6:8) Re na le mabaka ’ohle a utloahalang a ho leboha tokelo e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso. (Ba-Ef. 5:20) Ka hona, re lula re ‘sebetsa, re loana,’ re kholisehile hore moputso oa rōna o tla lula o le moholo ho ntho leha e le efe e hlokoang ho rōna.—1 Tim. 4:10.
-