Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U Se Ke Ua Khathala ke Ho Etsa Hantle
    Molula-Qhooa—1988 | July 15
    • U Se Ke Ua Khathala ke Ho Etsa Hantle

      “Re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.”—BA-GALATA 6:9.

      1. Jesu o neile balateli ba hae thōmo efe?

      KE MOSEBETSI o motle hakaakang oo Bakreste ba o etsang e le karolo ea borapeli ba bona! O akarellelitsoe taelong ena e hlakileng: “E-eang ke hona le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang! ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 28:19, 20, NW) Ke Jesu Kreste ka boeena ea neileng barutuoa ba hae thōmo ea ho etsa mosebetsi oo oa ho ruta lefatšeng ka bophara.

      2. (a) Ke hobane’ng ha re ka re ho etsa barutuoa e ne e le mosebetsi oa bohlokoa e bile e le o motle? (b) Mosebetsi oa ho etsa barutuoa o phetha merero efe?

      2 Kaha thōmo ea ho etsa barutuoa ke e ’ngoe ea lipolelo tsa ho qetela tseo Jesu a li buileng ho barutuoa ba hae ba pele, pele a nyolohela leholimong, na e ne e se kabelo ea bohlokoa ka ho fetisisa? E, hobane ho e phetha ho ne ho tla pholosa bophelo. (1 Timothea 4:16) Hoo ho o etsa mosebetsi o motle. Ho nea ba utloang molaetsa oa ’Muso thuto e molemo ea Bibele, ’me mosebetsi oa boboleli o fana ka temoso ho batho leha e le bafe ba sa arabeleng. (Luka 10:10, 11) Kahoo, ho etsa ha bona mosebetsi ona ho tsebahatsa bao e leng Bakreste ba ’nete joalokaha ho ipapisa ha bona le lithuto leha e le life tse ling tsa Jesu ho ba tsebahatsa.—Johanne 8:31.

      3. (a) Balateli ba Jesu ba ile ba arabela joang mohlaleng oa hae oa botho le taelong ea hae? (b) Jesu o ile a haha boikutlo bofe ka hare ho barutuoa ba hae?

      3 Joaloka Moruti e Moholo, Jesu o behetse balateli ba hae mohlala o motle ka ho fetisisa. O ne a ruta pontšeng ’me a etsa barutuoa ka ho “bolela Evangeli ea ’muso.” (Mattheu 9:35) Ka ho mo etsisa, balateli ba bacha ka bobona ba fetoha ba etsang barutuoa, hobane morutuoa oa ’nete ke “ea amohelang lithuto tsa e mong le ea thusang ho li hasa.” Qalehong, mosebetsi oa bona oa ho etsa barutuoa o ne o lekanyelitsoe ho Bajode le ba sokolohileng bocha. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boitšoaro bo bobe tšimong eo, balateli ba Jesu ba ne ba phetha taelo ea ho ‘ea ba sa khaotse’ ‘ba sa phetse’ ho bo-mang? “Linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele” ho fihlela ha Balichaba ba pele ba fetoha balumeli ka 36 C.E. (Mattheu 10:5, 6, NW; Liketso 5:42, NW) Ha ho buuoa ka bona ho ’nile ha boleloa hore ba ne ba “tlatsitse Jerusalema ka thuto ea [bona].” (Liketso 5:28) Ha baa ka ba khathala mosebetsing oa bona o motle. Ho e-na le hoo, ka botšepehi ba o entse ho fihlela qetellong.

      “Tšimo Ke Lefatše”

      4. Ke ka boikutlo bofe balateli ba Jesu ba neng ba phetha kabelo ea bona e atolositsoeng?

      4 Jesu o bontšitse hore tšimo e ne e tla akarelletsa “batho ba lichaba tsohle.” (Mattheu 28:19, NW) Papisong e buang ka ho jaloa ha peō ea ’Muso, o ne a itse: “Tšimo ke lefatše.” (Mattheu 13:38) Ka hona, Bakreste e ne e tla ba “lipaki” tsa hae tsa ’Muso hohle. Ba ne ba tla boela ‘ba ee ba sa khaotse,’ khetlong lena “ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Moapostola Pauluse o ne a “tšoarehile ka matla ke lentsoe,” ’me re ka kholiseha hore Bakreste ba bang le bona ba ne ba tšoarehile joalo.—Liketso 18:5, NW.

      5. Jesu o bontšitse joang hore o ne a lebelletse hore barutuoa ba hae ba tšoarehe ka matla mosebetsing oa bopaki ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho?

      5 Jesu o ne a lebelletse hore Bakreste ba tšoarehe ka matla mosebetsing oa bopaki ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho. Sena se bontšoa ke seo a se boletseng esale pele ka tšebeletso ea Bokreste le tšimo eo e neng e tla e akaretsa. Jesu o itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14.

      6. Mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o tla etsoa halelele hakae, ’me see se lokela ho ama boikutlo ba rōna mabapi le oona joang?

      6 Ha Jesu a fana ka taelo ea ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba ’muso le ho etsa barutuoa lefatšeng ka bophara, o ne a tseba hore ka letsatsi le leng mosebetsi oo o motle o ne o tla fihla tlhōrōng ea oona, joalokaha ho bile joalo tšimong ea Bajode. Empa o ne o tla finyella morero oa oona. ”’Me,” kamoo a boletseng kateng, “e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Ka hona, ho fihlela qetellong, ka kholiseho le ka thabo Lipaki tsa Jehova li tsoela pele mosebetsing oo li o abetsoeng. Hoo ho li thusa hore li tsoele pele ka mosebetsi mehleng ea rōna ho fihlela o phethoa.

      Kamoo Mosebetsi o Lokelang ho Etsoa Kateng

      7. Ke sehlooho sefe se neng se tšoaea tšebeletso ea Jesu le ea barutuoa ba hae?

      7 Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ba pele hore na ba ne ba lokela ho etsa tšebeletso ea bona ea pontšeng joang. Ka cheseho ba arabela taelong ea hae ea hore ba ‘ee.’ Ha a ba koetlisetsa mosebetsi oa bona oa bopaki, Jesu a re: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 10:7) Hoo ho ne ho nea molaetsa oa bona sehlooho se tšoanang sa ’Muso le se neng se ile sa tšoaea tšebeletso ea hae. E ne e tla ba litaba tse molemo bakeng sa batho ba lipelo li tšepahalang. Hang ha balateli ba Jesu ba qalile mosebetsi oa bona, na eena o ile a khaotsa? Che, ho hang, hobane “eitse ha Jesu a qetile ho laela barutuoa ba hae ba leshome le metso e ’meli, a tloha moo ho ea ruta le ho bolela Evangeli metseng ea naha eo.”—Mattheu 11:1.

      8. (a) Ke hokae hona ke joang baboleli ba ’Muso ba neng ba lokela ho atamela batho? (b) Ke hobane’ng ha ho loketse hore re ise litaba tse molemo ntlong ea motho? (c) Ho na le melemo efe e fumanoang ka ho lumelisa mong’a ntlo ka tsela e nepahetseng?

      8 Ke hokae moo baboleli baa ba ’Muso ba neng ba lokela ho atamela batho teng hona ba ne ba lokela ho ba atamela joang? Jesu a ba bolella hore: “Enore ha le kena tlung, le e lumelise.” (Mattheu 10:12) Ho ea ntlong ea motho ka litaba tse molemo ho nea mong’a ntlo seriti, ho mo nea monyetla oa ho tšohla molaetsa oa ’Muso a le lapeng la hae. Mekhoa e tloaelehileng le e amoheloang ea tumeliso hase feela litsela tse hlomphang le tse nahanelang tsa ho qalisa puisano empa hape ho na le molemo o ka fumanoang ha tumeliso ea botsoalle le e thabileng e fetola ketelo ea motho ea sa mengoang hore e be e amoheloang. (Bapisa Mattheu 28:9; Luka 1:28.) Molumo oa lentsoe le karabelo ea motho ea hlahang monyako le tsona li u bolella ho hoholo ka boikutlo ba hae. Ho hlokahala hore u tsebe hoo pele u tsoela pele hobane tsebo e joalo e etsa hore ho be bobebe haholoanyane hore u etse hore lipolelo tsa hao li nyalane le litlhoko tsa mong’a ntlo.—Bapisa Liketso 22:1, 2; 23:6.

      9. Ke eng se bontšang hore hase bohle ba neng ba tla utloa molaetsa oa ’Muso ka kananelo, ’me boitšoaro ba barutuoa e ne e lokela ho ba bofe ho ba sa bontšeng thahasello ho oona?

      9 Jesu o ile a tsebisa barutuoa ba hae hore e ne e se batho bohle tšimong eo ba neng ba tla arabela hantle. O itse: “Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo. ” Haeba bohle ba ne ba tla amohela molaetsa oa ’Muso, ho ne ho sa tl’o ba le lebaka la hore ho sebelisoe polelo “le botse.” Ba ne ba lokela ho itšoara joang ho ba sa bontšeng thahasello molaetseng? “E mong le e mong ea sa le amoheleng, le polelo tsa lōna a sa li utloe, ha le e-tsoa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerōle la maoto a lōna,” ba tlohe ka khotso ’me ba ba siee hore Jehova e be eena ea tla ahlōla hore na pheletso ea taba e tla ba efe.—Mattheu 10:11, 14.

      Boemo Kajeno

      10. Ho ’nile ha thoe’ng ka mosebetsi oa boboleli ba ’Muso oa Lipaki tsa Jehova?

      10 Li ipapisitse ka botšepehi le thōmo ea Bokreste, Lipaki tsa Jehova li koahela lefatše ka molaetsa oa ’Muso. Ke ka hona A. P. Wisse, moqolotsi oa litaba oa The Netherlands, a hlalositseng: “Li fapane le batho ba bang. Karolo ea phapang ena e tlisoa ke boboleli ba tsona bo chesehang ba Evangeli. Ha li talime Bokreste ba ’nete e le bolumeli bo nang le likereke tse khōlō tseo babishopo ba lulang ho tsona, le balumeli bao e mong le e mong oa bona a nang le sebaka sa hae se tsitsitseng le bao bolumeli ba bona bo sa ba batleng letho le lengata ha e se feela hore ba mamele. Joalokaha Pauluse a ne a etsa, li bua ka tsela e tobileng le e mong le e mong ea tla mamela.” Ka sebele cheseho e joalo bakeng sa tšebeletso e ’nile ea hlohonolofatsoa ke Jehova Molimo.

      11, 12. (a) Ho bile le litholoana life tšebeletsong lilemong tsa morao tjee? (b) Ha lenane la rōna le ntse le eketseha, ho etsahala joang ka tšimo e fumanehang eo re lokelang ho bolela ho eona? (c) Ho hlaha lipotso life?

      11 Hona joale baboleli ba ’Muso ba fetang 3 000 000 ba sebetsa ka cheseho linaheng tse 210. Re bona keketseho e khōlō ea barutuoa ba bacha—ba 1 246 204 ba kolobelitsoe lilemong tse fetileng tse supileng. Tlhohonolofatso ea Jehova holim’a boiteko bo matla e totobetse. (Esaia 60:8-10, 22) Koana, bonyane linaheng le lihleke-hlekeng tse 40, ho na le Paki e le ’ngoe bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 300 kapa ka tlaase ho moo, kapa e le ’ngoe bakeng sa matlo a ka bang 100! Ho feta moo, libakeng tse ling tsa linaha tse joalo tse kang Canada le Guadeloupe, lenane la bahoeletsi ha le bapisoa le la baahi ke Paki e le ’ngoe bakeng sa batho ba 45 kapa ba 50 tšimong ea phutheho—hoo e ka bang matlo a 15 feela kapa ka tlaase ho moo ao mohoeletsi ka mong a lokelang ho a etela! Boholo ba masimo ana a koaheloa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Esita le linaheng tseo manane a Lipaki ha li bapisoa le baahi a phahameng le ho feta, libaka tse ling tsa mabalane li koaheloa khafetsa haholo mosebetsing oa rōna oa bopaki. Seoul, le Rephaboliking ea Korea, masimo a mang a motse oo a sebetsoa matsatsi a mang le a mang a mahlano! Ha lenane la rōna le ntse le eketseha ’me Lipaki tse eketsehileng li nka bopula-maliboho le mosebetsi oa bopula-maliboho bo thusang, re tla etela malapa a baahisani ba rōna khafetsa haholoanyane. Na hoo ho hlahisa mathata?

      12 Re tlameha ho lumela hore ho na le mathata libakeng tse ling, bakeng sa Lipaki tsa Jehova ’moho le bao re ba etelang. Ho phaella mathateng ana ho na le ho iphapanya ho ntseng ho hōla har’a batho linaheng tse ngata. Koana, ha manane a rōna a ntse a eketseha, na butle-butle re ntse re khathala ke ho etsa hantle? Na re fihlela qeto ea hore mosebetsi oa rōna o se o batla o phethiloe le hore re se re ‘batlile’ bohle ba tla arabela ’me ba fetohe barutuoa? Na uena ka bouena u ntse u khathala ’me mohlomong u bile u nyahamisoa ke ho etela batho ba le bang ba sa arabeleng? Re ka etsa joang ho boloka mosebetsi oa rōna o phahame ka mokhoa o motle?

      Ho Boloka Boikutlo bo Nepahetseng

      13, 14. (a) Re lokela ho talima boemo bo ntseng bo hlaha ba tšimo e sebetsoang khafetsa joang? (b) Ke hobane’ng ha re sa thibjoe ke ba “sa arabeleng”? (c) Re ka latela mohlala oa baapostola oa ho talimana le ba hloileng liketelo tsa rōna joang?

      13 Tharollo e ama haholo-holo boikutlo ba rōna joaloka Lipaki tsa Jehova. Ntho e ’ngoe, ka mehla a re talimeng ka lehlakoreng le letle. Ka sebele ho koahela tšimo hangata haholoanyane ka baka la lenane le leholo la bahoeletsi ha ba bapisoa le baahi ho ne ho tla hlaha linaheng tse ngata ha mosebetsi oa rōna o fihla tlhōrōng ea oona. Empa na ha rea ka ra rapella hoo? (2 Ba-Thessalonika 3:1) Seo re se bonang hona joale se lokela ho re thabisa ’me se lokela ho re kholisa hore re mehatong ea ho qetela ea mosebetsi oa ho etsa barutuoa! ’Muso oa boleloa, joalokaha Jesu a boletse esale pele. Esita le moo batho ba sa tl’o ‘utloa lipolelo tsa rōna,’ ka mosebetsi oa rōna oa boboleli ba ’Muso ba neoa temoso. Hopola, ntle le ho etsa barutuoa, re phatlalatsa litaba tse molemo “e tle e be bopaki.”—Mattheu 10:14; 24:14.

      14 Ho feta moo, re lokela ho lebella hore lenane le ntseng le hōla la batho le tla hana molaetsa oa ’Muso ha bofelo bo ntse bo atamela. Boprofeta bo hlakile, ’me liphihlelo tsa Jesu le Pauluse li re tiisetsa hore ho ne ho tla ba le ba neng ‘ba sa tl’o arabela’ le bao lipelo tsa bona li neng ‘li sa tl’o amohela.’ Kahoo, nakong ena re tlameha ho ba seli hore re se be ba sa arabeleng thōmong ea rōna. Esita le ho ba sa arabeleng, re lokela ho ea “nako le nako.” (Esaia 6:9-11, NW; Mattheu 13:14, 15, NW; Liproverbia 10:21) Ke ’nete hore ho hlokahala sebete hore re ee hangata ho batho ba hloileng liketelo tsa rōna. Leha ho le joalo, kae kapa kae ha ho boemo ba tšimo boo le ka mohla bo lokelang ho re ho rōna, ‘Khaotsang ho bua.’ Ho e-na le hoo, joaloka baapostola, re lokela ho rapella sebete sa ho “tsoela pele ho bua”—ho sa tsotellehe lehloeo kapa bora—ho fihlela mosebetsi o entsoe.—Liketso 4:18-20, 24-31.

      15. Ho fanoa ka khothatso efe ho Ba-Galata 6:9, ’me e lokela ho ama pono ea rōna ea ho etela baahisani ba rōna ka litaba tse molemo joang?

      15 Ha e le hantle, ho na le mefuta e ’meli feela ea batho masimong ’ohle a rōna—bao hona joale ba thahasellang le ba sa thahaselleng. Ka hona, ho hlokahala hore re tsoele pele ka mosebetsi oa ho ‘batla ba nang le tšoanelo.’ Ho etsa tjena ke o mong oa mesebetsi e mengata e metle haholo eo joaloka Bakreste re lokelang ho e etsa ho bontša lerato la rōna ho Jehova le botšepehi ba rōna bo nang le boitelo ho eena. Ka hona, “re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.” (Ba-Galata 6:9) Kaha re haufi hakana le bofelo ba tsamaiso ena, hase nako ea ho khathala kapa ho tepella ho eteleng baahisani ba rōna ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Jehova ha a e-s’o bolele hore mosebetsi o phethiloe.

      Lebaka Leo Ka Lona ho Hlokahalang Hore Re ‘Tsoele Pele ho Bua’

      16. (a) A mang a maemo a ka fetolang karabelo ea batho tšimong ke afe? (b) U ka fana ka mehlala efe ea sebaka sa heno ea phetoho ea tsela eo batho ba arabelang ka eona?

      16 Hape re tla thusoa ho boloka boikutlo bo botle haeba re hopola hore botšepehi bo nang le boitelo ho Jehova bo bontšoa ka mesebetsi e chesehang ea boboleli ba ’Muso. Ho feta moo, masimo a lula a ntse a fetoha ka litsela tse fapa-fapaneng. Batho baa falla, kapa maemo a bona a ka ’na a fetoha. E ka ’na eaba ba ne ba sa thahaselle lekhetlong la ho qetela ha re ba etela, empa ho lahleheloa ke mosebetsi, lefu la moratuoa oa bona, phetoho e khōlō qhoebeshanong ea mebuso e matla ka ho fetisisa, ho kula ho tebileng—lintho tsena le liphetoho tse ling li ka bolela hore ba tla arabela lekhetlo le hlahlamang ha re ba etela. Ba bang, ka mor’a ho tseba hore motsoalle oa bona kapa moratuoa oa bona o fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova, joale ba ka ’na ba rata ho buisana le rōna e le hore ba tsebe seo re se lumelang seo e ka bang se hlahisitse phetoho ena.

      17. Hona joale ba bang ba itšoara joang molaetseng oa ’Muso? Fana ka mehlala leha e le efe ea sebaka sa heno.

      17 Hape, hopola hore ba hōlisitsoeng lilemong tsa morao tjena joale ba se ba e-na le malapa, ba nka bophelo ka ho teba, ’me ba botsa lipotso tse ka arabeloang ke Lentsoe la Molimo feela. Ka mohlala, ’mè e mong e monyenyane o ile a memela Lipaki tse peli ha hae ’me a re: ‘Ha ke sa le ngoananyana ho hang ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ’mè a ne a leleke Lipaki ’me a li bolella hore ha a thahaselle, ha sohle seo le neng le batla ho se etsa e ne e le ho bua ka Bibele. Ka etsa qeto ea hore ha ke hōla, ke nyaloa, ’me ke e-ba le ha ka, ke ne ke tla kōpa Lipaki tsa Jehova hore li kene ’me li ntlhalosetse Bibele.’

      18. Ho fetoha ha boemo ba bolumeli ho ama tšimo eo re bolelang ho eona le eo re rutang ho eona joang?

      18 Na u hlokometse hore batho ba bang bao ka lilemo-lemo ba neng ba ke ke ba bua le rōna le ba neng ba nahana hore ba “pholositsoe” joale ba re botsa lipotso ka tieo? Hobane’ng? Ho bile le phetoho tseleng ea bona ea ho nahana ka bolumeli. Ba bolela hore ba nyahamisitsoe haholo ’me ba nyarositsoe ke ho pepesoa ha boitšoaro bo bobe, mesebetsi ea lipolotiki, le tšebeliso e mpe ea lichelete tsa kereke tse etsoang ke baevangeli ba bang ba hlahelletseng ba thelevishineng bao ba neng ba ba tšepa. Mohlomong sena se tla etsahala ka ho eketsehileng ha maemo a ka hare ho Babylona e Moholo a ntse a tsoela pele ho senyeha ho fihlela nakong ea timetso ea hae.—Tšenolo 18:1-8.

      19, 20. Ke eng se bontšang hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikutloa re nyahame ka ho khutlela nako le nako ho batho ba hanang molaetsa?

      19 Boemong leha e le bofe, ha rea lokela ho nyahama ha boholo ba batho ba sa amohele. Ka mor’a hore re tlohe ho bona, mohlomong ba tla lula ba ntse ba nahana ka rōna. Canada mong’a ntlo e ’ngoe ea ileng a eteloa ke Lipaki tse peli o ile a hlakisa hore o ne a sa thahaselle. Hamorao, a qala ho nahana ka seo li se buileng ’me o ne a batla ho li fumana hore li arabele lipotso tse neng li hlahile kelellong ea hae. A kena koloing ea hae ’me a tsamaea a ntse a li batla ho nyolosa le ho theosa le literata tsa sebaka se haufi le moo a lulang teng empa a sitoa ho li fumana. Na o ile a khathala? Che, a emisa ha motsoalle oa hae ’me a botsa hore na li ile tsa fihla moo. Li ne li sa ka tsa e-ba teng, empa motsoalle oa hae a bolela hore ho na le Paki e ’ngoe moo motsoalle oa hae a sebetsang teng ’me o ne a tla etsa hore mosali eo ea thahasellang a kopane le Paki. Phello ea e-ba letoto la liketelo lapeng la motho eo ea thahasellang, tseo a neng a memela metsoalle ea hae, baahisani ba hae, beng ka eena, le basebetsi-’moho ho tsona. Ka linako tse ling ho ne ho e-ba le batho ba ka bang 15, ha tsamaisoa libuka le Libibele tse 430 le limakasine tse 2 015.

      20 Ba bangata ba ananela liketelo tsa rōna. Lengolong le leng le rometsoeng ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, mosali e mong o itse: “Ke leboha haholo ka hore e be le kentse ka lipelong tsa batho ba tumelo ea lōna boinehelo bo boholo hakana. Kea leboha ha le re etela . . . ’me le arolelana lerato la Morena le ba bang. Ketso eo e bonolo e etsa ho hoholo bakeng sa ba bang. . . . Le hoja ba bang ba ka ’na ba ba sehlōhō, ba bang ba iphapanya, ’me ba bang ba amohela, . . . ka sebele ho fumana motho e mong ea tlang ho tla u hopotsa lintho tsa moea ho u tsoela molemo o moholo. Ke fumana ntho ena e le molemo, ho buisana le e mong ka Morena.” Lengolong le leng, mong’a ntlo o ile a re kōpa hore ‘re se khathale ke batho,’ ho sa tsotellehe hore na ba re tšoara joang. Kahoo “re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.” (Ba-Galata 6:9) Jehova o ananela mosebetsi ona ’me oa o hlohonolofatsa ’me ho kopanela ho ona ho paka lerato la rōna ho eena le ho baahisani ba rōna. (Mattheu 22:37-39) Kahoo a re etseng mosebetsi oo ho fihlela o phethoa.—Bapisa Ba-Filippi 1:6.

      21. (a) E ka ’na eaba ke hokae moo bonyane karolo ea phephetso ea ho ea hape masimong a sebelitsoeng khafetsa e lutseng teng? (b) Re tla buisana ka eng sehloohong se latelang?

      21 Re tlameha ho talimana le ’nete ea hore hase ka mehla e leng batho ba etsang hore ho bonahale ho le thata ho sebetsa tšimo khafetsa. Ka linako tse ling ke rōna ka borōna. Na re qala re e-na le likhopolo tse mpe, re ikutloa hore re tseba batho kaofela le hore na boitšoaro ba bona e tla ba bofe? Seo se ka ama boikutlo ba rōna ’me mohlomong sa ama molumo oa mantsoe a rōna le lifahleho. Na re sa ntsane re sebelisa mekhoa ea ho bua le mantsoe tseo re ’nileng ra li sebelisa ka lilemo-lemo? Kaha joale tšimo ea fetoha, se kileng sa ba le katleho joale se ka ’na sa sitoa ho finyella ba bang ‘ba nang le tšoanelo.’ Mohlomong re hloka mokhoa o mocha oa ho atamela batho le ho hlahloba mosebetsi oa rōna bocha. Ho latelang, a re ke re boneng seo re ka se etsang e le hore re “se ke ra khathala” empa re tle re ‘kotule nakong ea teng.’

      Na U Ka Hlalosa?

      ◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho “khathala” ke ho etela baahisani ba rōna ka litaba tse molemo?

      ◻ Ke mang ea re boleletseng hore re etse barutuoa ka tsela eo re etsang ka eona, ’me litšobotsi tsa motheo tsa mokhoa oo ke life?

      ◻ Ho hlahile boemo bofe masimong a mangata, ’me ke eng se tla re thusa ho boloka boikutlo bo nepahetseng ka boemo boo?

      ◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho “tsoela pele ho bua” litaba tse molemo ‘re sa phetse’?

      [Lebokose le leqepheng la 14]

      HA RE NA HO “KHATHALA” BOBOLELING BA ’MUSO HAEBA RE HOPOLA:

      ◻ Hore na ke mang ea re neileng thōmo le taelo ea hore na re etse mosebetsi oo joang

      ◻ Hore Jehova o hlohonolofatsa se seng se entsoe lefatšeng ka bophara

      ◻ Ho boloka boikutlo bo nepahetseng ho sa tsotellehe batho leha e le bafe ba “sa arabeleng”

      ◻ Ho rapella ho “tsoela pele ho bua” joalokaha baapostola ba ile ba ho etsa

  • Hlokomela Thuto Ea Hao Ka Mehla
    Molula-Qhooa—1988 | July 15
    • Hlokomela Thuto Ea Hao Ka Mehla

      “Itlhokomele ka mehla [’me u hlokomele] le thuto ea hao. Boloka lintho tsena, hobane ka ho etsa sena u tla ipholosa u be u pholose le ba u mamelang.”—1 TIMOTHEA 4:16, NW.

      1. Ke hobane’ng ha ena e se nako ea hore re khoehlise mosebetsing oa rōna oa boboleli ba ’Muso?

      HONA joale Jehova o potlakisa ho bokelloa ha batho ba seka linku. Joale, ka sebele ena hase nako ea hore batho ba hae ba khoehlise mosebetsing oa bona oa boboleli ba ’Muso le ho etsa barutuoa. (Esaia 60:8, 22; Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ho hlokahala hore re sebetse tumellanong le moea oa seo Molimo o se etsang mehleng ea rōna. Ha bofelo bo ntse bo atamela, re tla ’ne re khutlele ho baahisani ba rōna hangata ka ho eketsehileng. Ka sebele, mosebetsi oa bopaki o eketsehileng o etsoang ke bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba bangata hakana joale o susumetsa tšimo ea lefatše. Hape sefutho sa ho bokella hona ho thabisang se sa ntsane se tla eketseha.—Esaia 60:11; bapisa Pesaleme ea 126:5, 6.

      2. (a) Ho latela Esaia 40:28-31, ke mohloli ofe oa matla oo ho oona re ka fumanang matla a eketsehileng a ho qetela mosebetsi oa boboleli ba ’Muso? (b) Re na le lebaka lefe le letle la ho hlokomela ka ho khethehileng boleng ba tšebeletso ea rōna nakong ena?

      2 Ho e-na le ho inehela boikutlong leha e le bofe ba ho ‘tepella’ kahobane tšimo e koaheloa khafetsa, re lokela ho hopola hore ena ke nako ea hore re rapele Jehova bakeng sa “matla” a hlokahalang a ho qetela mosebetsi. (Esaia 40:28-31; 1 Johanne 5:14) Ke ’nete hore limillione tsa “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” li se li bokelletsoe. Empa e ka ’na eaba seo ka nako e ’ngoe se neng se atleha ho thusa batho ba itseng joale ha se sa sebetsa bakeng sa ho thusa ba bang ba sa ntsaneng ba le teng masimong a rōna. (Tšenolo 7:9, 10; Johanne 10:16) Kahoo, ho hlokahala hore re hlokomele ka ho khethehileng boleng ba tšebeletso ea rōna.

      3. Tšebeletso ea rōna ea tšimo e ka kenngoa cheseho e ncha joang?

      3 Ka boikemisetso bo bocha, re ka shebana le ho ntlafatsa katleho ea rōna tšebeletsong. Sena se ka fana ka cheseho e ncha tšebeletsong ea rōna ea tšimo. Empa see se ka etsoa joang? Ka ‘ho itlhokomela ka mehla le ho hlokomela thuto ea rōna,’ e seng ho phetha tšebeletso ea rōna ka tloaelo feela tjee. (1 Timothea 4:16, NW) Melomo ea rōna e tlameha ho nehelana ka ho fetang “sehlabelo sa poko” se etsoang feela ho phetha molao. (Ba-Heberu 13:15) Re lokela ho ba ba koetlisehileng mosebetsing oa rōna. (Liproverbia 22:29) Ka hona, seo re se hlokang ke ho sebetsa tšimo ea rōna re le batho ba koetlisehileng. Tse ling tsa litšobotsi tsa tšebeletso ea rōna tseo ho hlokahalang hore re li ‘hlokomele ka mehla’ ke tsena.

      Kamoo Ho ka Hlaoleloang Tšimo “e Ncha”

      4. Ke ka tsela efe re ka hlahisang tšimo “e ncha” sebakeng se abetsoeng phutheho ea rōna?

      4 A re ke re talimeng boemo ka mokhoa oa sebele. Libakeng tse ngata, ha ho sa na tšimo e ncha kapa e sa sebetsoeng ka mehla. Kahoo ke hobane’ng ha re sa hlaolele tšimo “e ncha” ka hare ho sebaka seo phutheho e se abetsoeng? Joang? Koana, ha re etela batho khafetsa, re ke ke ra iketsa eka ha ho mohla re kileng ra fihla lapeng leo pele ka ho bolella mong’a ntlo feela seo re se buang ka mehla malapeng. Mohlomong mong’a ntlo o tla re tseba haeba re ’nile ra sebetsa tšimo eo ka makhetlo-khetlo. Buka Ho Bea Mabaka ka Mangolo e fana ka likenyeletso tse fetang 40 tseo re ka li sebelisang tšebeletsong ea rōna. Re tlameha ho li lokisetsa hantle joaloka ntho e ’ngoe e ncha le e ipiletsang ka ho li hokahanya le litaba tse thahaselloang sebakeng sa habo rōna le tse ntseng li etsahala hona joale. Ho fapana le ho ikutloa re lokela ho ikōpela tšoarelo ka ho eta hangata, ho hlokahala hore re be le boikutlo bo nepahetseng ’me re etse hore tšimo ea rōna e be “ncha” ka linehelano tsa boleng bo botle. Empa na see se tla thusa haeba beng ba matlo ba se na botsoalle?

      5. (a) Re ka etsa hore boikutlo ba ho hloka botsoalle bo neng bo le teng nakong e fetileng bo re tsoele molemo joang? (b) U fumane e le eng e sebetsang hantle sebakeng sa heno? (c) Ke hobane’ng ha ho mamela le ho babatsa ka mokhoa o se nang boikaketsi ho thusa?

      5 Ho tseba boitšoaro ba mong’a ntlo nakong e fetileng ho ka fella ka ho ba le maikutlo a mabe ka ho etela moo hape. Empa ke hobane’ng ha u sa etse hore tsebo eo e u tsoele molemo? Joang? Mohlomong ka ho bua ka ketelo eo pele ’me e be u hahella ho se neng se buuoe ketelong e fetileng. U ka ’na ua re: “Lumela, Ntate Mohapi!” Haeba ho bonahala ho loketse, u ka ’na ua phaella: “U ntse u phela joang?” Joale u ka ’na ua re: “Ha ke le mona bekeng e fetileng, u ile ua mpolella hore kereke ea lōna e hlokomela litlhoko tsohle tsa lōna tsa moea le hore u setho se mafolo-folo. Joaloka moahisani eo ka ho tšoanang a nkang bolumeli ka ho teba, na nka botsa hore na kereke ea lōna e re’ng ka tšepo ea ho pholoha mehleng ee ea nuclear?” Joale, mo fe monyetla oa hore a u bolelle. Babatsa mong’a ntlo ka botšepehi kamoo u ka khonang. Ho mo mamela le ho mo babatsa ho ka ’na ha fetola boikutlo ba hae. Hangata, batho ba tla lumella ketelo e ’ngoe haeba bona ka bobona ba e-na le hoo ba ka ho buang. Ke ’nete hore u tla rata hore molaetsa oa hao o nyalane le seo mong’a ntlo a se buang.

      6. (a) Ke joang re ka lokisetsang beng ba matlo hore ba lebelle hore re ba etele khafetsa? (b) Ke lipolelo life tsa sehlooho tse ka re thusang ho atleha? (c) Ke eng e sebetsang hantle sebakeng sa heno?

      6 Ka seo u se buang, u ka lokisetsa beng ba matlo hore ba lebelle hore re ba etele khafetsa. Leka ho re: “Khotso, ’Mè ’Mamolapo! U phela joang kajeno? Lekhetlong lena ha re etela baahisani ba rōna, re bua ka . . . . ” Kapa u ka ’na ua re: “Lumela! Re ntse re etsa maeto a rōna a beke le beke. Re thabetse ho khutlela ho uena. Baahisani ba hao ba thabetse taba e ncha eo re buang ka eona leetong lena.” Joale e be u tsoela pele. Sena se boetse se sebetsa ho u ‘nchafaletsa’ tšimo. Tsela eo mantsoe a hlileng a behoang ka eona e ka ’na ea fapana naheng ea heno, empa sena se fana ka khopolo ea sehlooho. Ke hobane’ng ha u sa ho sebelise ka ho feletseng, molemong oa hao?

      7. (a) Ha li tloha, Lipaki tse ling li lokisetsa mong’a ntlo ketelo e ’ngoe joang? (b) Ntlheng ena, ke eng e sebetsang hantle sebakeng sa heno?

      7 Kahoo e le ho lokisetsa mong’a ntlo ketelo e latelang, Lipaki tse ling li bile le katleho ka ho qetella ka mokhoa o kang ona: “Re tla thabela ho u etela hape haufinyane.” Ho bao ho neng ho bonahala eka ba leqe ho buisana le uena ka lekhetlo la pele, u ka ’na ua re: “Ke thabetse puisano ea rōna. Ka sebele u fane ka lintlha tse ntle. Sena se nkile metsotso e seng mekae, empa bonyane ha rea ka ra bua ka litaba tse mpe, tseo re ka ’nang ra li utloa neng kapa neng. Kannete ho ne ho le monate.” Ntle le pelaelo, u tla hlaolela litsela tse ling tse loketseng tsa ho buisana le beng ba matlo. Tlas’a boemo leha e le bofe, ka lipolelo tse molemo, linehelano tsa boleng bo botle, le botsoalle, leka ho thusa sechaba hore se se hloee liketelo tsa rōna tse etsoang khafetsa.

      Fana ka Bopaki bo Phethahetseng

      8, 9. Ho fanoa ka litlhahiso life tsa ho batla ba nang le tšoanelo ka mokhoa o phethahetseng?

      8 Ntho e ’ngoe eo re ka e hlokomelang e tla re thusa hore re ipoloke re e-na le cheseho e khōlō ke ho batla ba nang le tšoanelo ka mokhoa o phethahetseng. (Liketso 8:25, NW; 20:24, NW) Ka mohlala, moena a ka ’na a kōpa ho bua le ntate oa lelapa leo haeba mafelong a beke kapa mantsiboea ho hlaha mosali kapa ngoana monyako. Mohlomong, ke mosali eo re buisaneng le eena boholo ba nako. Kahoo re ka qalisa bocha ntlong eo ka ho bua le hlooho ea lelapa. Joale re ka fetola molaetsa hore o lumellane le eena, ra bua lintho tse kang ho re, “U nahana hore ke eng se tla tiisa hore lelapa la hao le ba le bokamoso bo thabileng?” kapa, “Hlokomela kamoo Bibele e hahang bonngoe ba lelapa.” Babatsa monna eo bakeng sa likhopolo tse ntle tseo a ka ’nang a li hlahisa.

      9 Tsela e ’ngoe ea ho fumana tšimo “e ncha” ke ho batla litho tse ling tsa lelapa tse lulang ntlong e le ’ngoe—nkhono, motsoala kapa mochana ea kenang sekolo, ngoan’abo mong’a moo oa mosetsana ea sebetsang har’a beke. Hape ho tšoaea hore na ho na le limithara tsa motlakase kapa mabokose a poso tse kae ntlong ka ’ngoe e bile ho sebetsang. Lintho tsena li ka ’na tsa bontša moo batho ba nchafalitseng mokato o ka tlaase oa mohaho, mokato o ka holimo-limo, kapa sebaka se seng hore se hirisoe. Leka ho kopana le ba hirileng moo—ba kenang sekolo, basebetsi bao e leng masooa, bahlolohali, le ba bang. Sena le sona se thusa ho atolosa tšimo e fumanehang.

      10. Tsela e ’ngoe ea ho atolosa tšimo ea rōna ea ntlo le ntlo ke efe, ’me ba bang ba entse joang hore ba kopane le ba sebetsang bosiu?

      10 Tsela e ’ngoe hape ea ho atolosa tšimo ea ntlo le ntlo ke ho e phomotsa ka linako tse ling ha re kopanela litšobotsing tse ling tsa tšebeletso ea rōna. Ho etsa motsoako, re ka ’na ra sebetsa tšimo ka nehelano e tobileng ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Batho ba bang ba sa fumaneheng lapeng ha re ba etela ba ka fumanoa libakeng tsa bona tsa khoebo kapa moo ba sebetsang teng. Hape ho paka libakeng tsa khoebo ho ka beha litholoana tse ngata. Re ka ’na ra kopana le ba bang ba batho bana ha re paka seterateng ka linako tse loketseng, tse behang litholoana. Canada bo-pula-maliboho ba bile le litholoana tse ntle ka hore ha e se e le mantsiboea haholo ba etele ba sebetsang moo ho tšeloang mafura a likoloi, mabenkele, le lihotele tse sebetsang bosiu bohle, tseo ho tsona basebetsi bao ho lefshoang ho bona ba sa atiseng ho tšoareha haholo ka nako eo ’me hangata ba ananela hore ba be le ntho e ’ngoe eo ba ka e balang. Ke ’nete hore ho hlokahala hore bo-khaitseli haholo-holo ba qobe libaka tse itseng lihoreng tsa mantsiboea.

      11. (a) Lipaki tse ling li etsa eng moo ba bangata ba sa fumaneheng lapeng ha li eta ka lekhetlo la pele? (b) Ho ikakhela ka setotsoana ha motho a etela ba sa fumaneheng lapeng ho ka ba le phello efe tšimong ea rōna, ’me ha ba le litholoana life tšebeletsong?

      11 Ho thoe’ng ka ba sa fumaneheng lapeng ha re ba etela? Mona hape, re tlameha ho etsa mosebetsi o phethahetseng. Lipaki tse ling li sebelisa litlaleho tsa tsona tsa ntlo le ntlo tse bolokiloeng hantle hang feela ka mor’a mosebetsi oa tsona oa ntlo le ntlo ’me li khutlela libakeng tseo ho tsona batho ba neng ba le sieo pejana letsatsing leo. Hangata, beng ba matlo baa be ba se ba khutletse lapeng, kapa ba sebetsang bosiu ba se ba tsohile ka nako eo. Libakeng tse ngata, ba etsang karolo ea 50 lekholong kapa ho feta moo ha ba fumanehe lapeng motšehare. Kahoo, ha e le hantle, re ka pheta tšimo eo ka hore ka linako tse fapaneng re etele matlo ao re sa fumanang batho ho ’ona ho fihlela re fumana motho e mong a le teng. Bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba nang le phihlelo ba lumela hore hangata ho ikakhela ka setotsoana ho sebetseng matlo ao re sa fumanang batho ho ’ona ho fana ka litholoana tse molemonyana ho feta ha re qala ho koahela tšimo eo. Ka ho hlokomela tšobotsi ena ea tšebeletso ea rōna re tla kotula mahlohonolo a mangata.—Liproverbia 10:22.

      Ba Belaelang

      12. Re lokela ho itšoara joang ha batho ba belaela ka hore re ba etela khafetsa haholo? Hobane’ng?

      12 Ho ka thoe’ng ho batho ba belaelang ka hore re ba etela khafetsa haholo? Ka holim’a tsohle, re tlameha ho bontša kutloisiso. (Mattheu 7:12) Ho bona, ho bonahala eka re khutlile kapele haholo. Empa ke hantle hore re hopole hore esita le lilemong tse fetileng batho ba ne ba re, ‘Le ne le le mona bekeng e fetileng,’ empa re tseba hantle hore e bile likhoeli tse tšeletseng tse fetileng kapa tse fetang moo ha re ne re qetela ho ba etela. Ntle le moo, ho eta khafetsa ho ka tsosa thahasello. Guadeloupe monna e mong o ile a sala Paki e ’ngoe morao ho tla e bolella: “Ke ’nile ka u sheba ka libeke tse ngata. Hangata, ha ke mamele Lipaki, empa ke tlameha ho tseba hore na ke hobane’ng ha u etela batho hangata hakana!” Phello e bile thuto e ncha ea Bibele.

      13, 14. Balumeli-’moho le rōna ba bang ba sebetsa litaba joang ha beng ba matlo ba belaela?

      13 Ka mosa baena ba bang ba ’nile ba bolella batho ba belaelang letsatsi le nepahetseng leo ba neng ba ba etetse ka lona khetlong le fetileng ’me ba ba bontša limakasine tsa moraorao, ba hlakisa hore lihlooho tseo li fapane le tse neng li le likoranteng tseo re neng re li nkile nakong e fetileng ha re ba etela. Ha re behelana mabaka le beng ba matlo ba joalo, re ka ’na ra bolela hore mohlomong ba amohetse likoranta tse ngata le limakasine tse ngata ha e sa le re qetela ho ba etela, empa hase ka mehla li neng li tšoere litaba tse molemo. Re ka ’na ra hlalosa hore re ba tlisetsa litaba tse molemo le hore maeto a rōna ha a nke nako e telele. Empa haeba mong’a ntlo a tšoarehile haholo, re ka ’na ra re: “Haeba ena hase nako e molemohali ea ho bua le uena, nka ’na ka u bona ketelong ea rōna e latelang ka mor’a beke kapa nako e isang moo.”

      14 Ke eng hape eo re ka e buang? Sena se itšetlehile ka boikutlo ba mong’a ntlo le tsela eo baeti ba amoheloang ka eona eo hangata re e lebeletseng moo re phelang teng. Khaitseli e mong Japane o hlalosa ho eta ha rōna khafetsa ka tsela ena: ‘Litaba tsa thelevishine li tla tlaleha ho atamela ha sefefo nako le nako, li pheta boitsebiso boo khafetsa molemong oa bao e ka bang ha baa utloa liphatlalatso tse fetileng. Sena se etsoa kahobane ho ameha bophelo. Ho phetoa ha litlaleho tseo khafetsa hoa eketseha ha sefefo se ntse se atamela. Kahoo, ha sefefo sa Harmagedone se ntse se atamela, molaetsa oa temoso o tlameha ho boleloa hangata kamoo ho ka khonehang ho pholosa bophelo.’ Ke ’nete hore re ne re tla bua polelo e joalo ka mosa le ka tieo, re tšepa ho finyella pelo ea motho ea mametseng.

      Ho Hlōla Phephetso ea Ho Iphapanya

      15. (a) Ke eng eo e ka ’nang ea e-ba phephetso e ntseng e hōla ha re sebetsa tšimo ea rōna hangata? (b) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba iphapanya?

      15 Ha re ntse re etela batho khafetsa, phephetso e ntseng e hōla eo re thulanang le eona ke ho iphapanya. Empa tlhahlobo ea tse ling tsa lisosa tsa ho iphapanya hoo li ka re khothaletsa ho hlokomela hore re sa ntsane re ka ’na ra finyella lipelo tsa ba bang ba batho bana. Ho iphapanya ha bona ho ka ’na ha senola ho ferekana ha bona le ho felloa ke tšepo. Ba ka ’na ba ikutloa hore ha ho tsela ea ho tsoa boemong bo teng ba lefatše, ba beha lebaka la hore ba tla leka feela ho phela bophelo ba bona ka tsela e molemohali eo ba ka e khonang. Ba bang ba tenehile kahobane baeta-pele ba bang ba bolumeli ba kenella lipolotiking, ba molato oa boitšoaro bo bobe, kapa ba hlōleha ho nka bohato bo tiileng khahlanong le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Kahoo beng bana ba matlo ba nyahame ’me ba phelela kajeno feela.

      16. Pelo ea motho ea iphapanyang e ka ’na ea finyelloa joang?

      16 Rea tseba hore basebeletsi ba pele ba Bakreste ba ile ba sebetsana ka katleho le boikutlo bo tšoanang, hobane ka nako eo batho ba bang ba ne ba re: “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.” (1 Ba-Korinthe 15:32) Kahoo, rea tseba hore re tšoere sona seo ho hlokahalang hore batho ba joalo ba se utloe. Ho ntse ho le joalo, re ka finyella lipelo tsa bona joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho behella thōko libuka tsa rōna tsa Bibele ka nakoana, ’me re etse hore ba re bone ha re etsa joalo. Joale re ka ’na ra ba botsa lipotso tse nahannoeng hantle joaloka tsena: “Na u nahana hore ho na le pheko mathateng a kajeno? Na e be taba feela ke hore batho ba bangata ha ba e-s’o fumane litharollo? Na u nahana hore re lokela ho khothala ’me re ’ne re tsoele pele ho batla?” Ho ba bang, re ka ’na ra re: “Ka sebele ua lumela hore ho molemo ho phela u e-na le tšepo ho feta ho phela u se na tebello leha e le efe ea lintho tse molemonyana. U tšepile ho bona eng?” Re ka ’na ra botsa: “Uena ka bouena u ikutloa hore tšitiso e khōlō ka ho fetisisa ea ho finyella bonngoe ba lefatše le khotso ea lefatše ke efe?” Ho ntse ho le joalo ba bang ba ka ’na ba botsoa: “Na u nahana hore malumeli ’ohle a tšoana le seo u se hlalositseng?” Hangata lipotso tse joalo li tla etsa hore beng ba matlo ba senole maikutlo a bona. Joale, ha ba arabela, tiisa hore ua mamela. E, ba nee monyetla oa hore ba u tšollele lipelo tsa bona. Boholo ba bona baa ‘bobola ’me baa feheloa ka baka la manyala ’ohle a etsoang.’—Ezekiele 9:4.

      17. Likhatiso tsa rōna li ka ’na tsa sebelisoa joang ho finyella ba bang esita le haeba qalong ba qophella ho bolela hore ha ba thahaselle?

      17 Tsela e ’ngoe ea ho atamela ho iphapanya ke ho hlokomela ntlha e ’ngoe kapa khanyetso eo mong’a ntlo a e etsang ’me u khutle u nkile makasine kapa khatiso e ’ngoe ea Watch Tower e buang ka taba eo. Qalehong, e ka ’na ea ba taba e sa amaneng le bolumeli, e kang sehlooho se buang ka ho shoa ha lesea ka tšohanyetso kapa ho shoa ha meru. Hlalosa hore u ne u ntse u nahana ka seo mong’a ntlo a neng a se thahasella eaba u hopola sehlooho sena. Joale e be u ’montša lintlha tsa sehlooho boitsebisong boo. Mosali e mong ea neng a qeta ho hana libuka tsa rōna o ile a amohela makasine metsotsoana feela hamorao. Hobane’ng? Hobane Paki e ile ea botsa mosali eo hore na o ne a tseba hore ho ntšoa limpa tse limillione tse 55 ka selemo. A nyarositsoe ke ho ithuta sena, a kōpa makasine e tšoereng boitsebiso boo.

      U o Etse Ho Fihlela o Phethoa

      18, 19. (a) Re lokela ho ‘hlokomela’ lintlha life tse eketsehileng ha re ntse re phetha tšebeletso ea rōna? (b) Batho ba bang ba na le likhopolo life tse leeme ka rōna le ka seo re se lumelang, ’me re ka ba arabela joang?

      18 Ka holim’a tsohle, ho hlokahala hore re sebetsane le batho ka mamello. Bua butle le ka mofuthu. Bontša lerato le mosa. (Ba-Galata 5:22, 23) Pele u ea ntlong e latelang, nahana ka se etsahetseng ho eo u tsoang ho eona ’me u bone moo u ka ntlafatsang teng. E-ba le kutloisiso, hobane batho ba bangata ba na le likhopolo tse fosahetseng ka Lipaki tsa Jehova. Ba ka ’na ba re: ‘Le qoba lipolotiki le mesebetsi ea sechaba,’ ‘Le hana tšebeletso ea sesole,’ kapa, ‘Le qhala malapa.’ Empa boikutlo bona bo tšoana le boo lefatše le neng le e-na le bona ho balumeli-’moho le rōna lekholong la pele la lilemo. Bontša beng ba matlo sena, mohlomong u qotsa bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a sehlooho “Ho se Nke Lehlakore.”

      19 Mabapi le Bakreste ba pele, rahistori Will Durant o ngotse: “Ho Mokreste bolumeli ba hae e ne e le ntho e ’ngoe e ka thōko ho mokhatlo oa lipolotiki le e o phahametseng; botšepehi ba hae bo ka sehloohong bo ne bo sa ee ho Cesare empa bo ne bo ea ho Kreste. . . . Ho mohedene ho ikarola ha Mokreste litabeng tsa lefatše ho ne ho bonahala eka ke ho baleha mosebetsi oa sechaba, ho fokolisa matla a sechaba le thato ea sona. Tertullian a eletsa Bakreste hore ba hane tšebeletso ea sesole; . . . Baeta-pele ba Bakreste ba ne ba ba khothaletsa hore ba qobe bao eseng Bakreste, ba nene lipapali tsa mekete ea bona joaloka tsa bohedene, le mabala a bona a lipapali joaloka lipitsa tsa manyala. . . . Bokreste [ha ho sokolloa batho] bo ne bo qosoa ka hore bo qhala lelapa.”—Caesar and Christ, leqephe 647.

      20, 21. (a) Re batla hore re be re kholisehile ka eng ha batho ba sa arabele? (b) Ke hobane’ng ha re “sa lokela ho khathala” empa re lokela ho tsoela pele ka mosebetsi oa rōna o motle oa boboleli ba ’Muso?

      20 Batho ba bang ha ba na ho mamela, ho sa tsotellehe seo re se buang. Empa ba lokela ho etsa hoo ka baka la ho hana ha bona molaetsa oa ’Muso, e seng ka baka la ho hlōleha ha rōna ho etsa linehelano tsa boleng bo botle tšebeletsong ea rōna. (Luka 10:8-11; Liketso 17:32; Ezekiele 3:17-19) Ka thuso ea Molimo re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang, ’me Jehova o tla hlokomela mosebetsi ho fihlela o phethoa.—Bapisa Ba-Filippi 1:6.

      21 Joale, ka tšepo e khōlō, tsoelang pele hore le ’ne “le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.” (1 Ba-Korinthe 15:58) “Itlhokomele ka mehla [’me u hlokomele] le thuto ea hao. Boloka lintho tsena, hobane ka ho etsa sena u tla ipholosa u be u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16, NW) Ka holim’a tsohle, “re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.”—Ba-Galata 6:9.

      Na U Ka Hopola?

      ◻ Litsela tse ling tsa ho boloka boikutlo bo nepahetseng tšimong e sebetsoang khafetsa ke life?

      ◻ Re ka batla ba nang le tšoanelo ka mokhoa o phethahetseng haholoanyane joang?

      ◻ Re ka leka ho sebetsana le ba belaelang ka hore re ba etela hangata haholo joang?

      ◻ Ke ka litsela life re ka hlōlang phephetso ea ho iphapanya?

      ◻ Ke eng se tla ntlafatsa boleng ba tšebeletso ea rōna?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela