Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Rutang Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Molula-Qhooa—1991 | January 15
    • etsang mosebetsi o mong le o mong oa matsoho le mesebetsi e meng le ba tsoang maemong ’ohle sechabeng. [Ba] ile ba isa sephiri seo sa bophelo bo ka hare meeling e hōle ka ho fetisisa ea ’muso oa [Roma], boikutlo boo bo bocha ka lefatše, boo ho ba le bona ho neng ho laola bophelo ba bona. . . . [Bokreste ba pele] bo ne bo kholisehile ka matla ka bofelo bo atamelang ba taolo ea lefatše e neng e le teng. Bo ne bo lumela ho tlisoeng ha kapele le ha mohlolo ha taolo ea lefatše e ncha.”

      18. Tšepo e hlollang e fetang hōle litoro tsa baeta-pele ba lipolotiki ke efe?

      18 Ha Lipaki tsa Jehova li paka ka ntlo le ntlo le mefuteng e meng ea tšebeletso ea tsona, ka thabo li lebisa ba li utloang lefatšeng le lecha leo Molimo o le tšepisitseng. Mahlohonolo a lona a boletsoeng esale pele a bophelo bo sa feleng a feta hōle litoro tse monate tsa batho ba kajeno ba neng ba tla hlahisa taolo ea lefatše le lecha. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4) Le hoja ho ne ho ka bonahala eka e mong le e mong a ka rata ho phela lefatšeng le lecha le hlollang la Molimo, ha ho joalo. Leha ho le joalo, joale a re hlahlobeng litsela tse ling tse atlehang tseo bahlanka ba Jehova ba ka rutang ba batlang bophelo bo sa feleng ka tsona.

  • Batlang ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa—1991 | January 15
    • Batlang ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng

      “Bohle ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba ile ba fetoha balumeli.”—LIKETSO 13:48, “NW.”

      1. Jehova o na le matla afe mabapi le pelo ea motho?

      JEHOVA MOLIMO o tseba ho bona se ka pelong. Sena se ile sa hlakisoa ha moprofeta Samuele a ne a il’o tlotsa mor’a Jesse e le morena oa Iseraele. Ha Samuele a bona Eliabe, “a re: Ruri, motlotsuoa oa Jehova o pel’a hae. Jehova a re ho Samuele: U se ke ua talima tšobotsi ea hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; ’na ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” Ka ho loketseng, Samuele o ile a laeloa hore a tlotse Davida, ea neng a ipakile ‘a le pelong ea Molimo.’—1 Samuele 13:13, 14; 16:4-13.

      2. Ke’ng se metseng ka pelong ea motho ea tšoantšetso, ka hona re bala eng ka see ka Mangolong?

      2 Motho o bontša tšekamelo e itseng ea ho itaola. O na le tšekamelo e itseng e metseng pelong ea hae ea tšoantšetso. (Mattheu 12:34, 35; 15:18-20) Ka hona, re bala ka motho eo ‘pelo ea hae e nang le tšekamelo ea ntoa.’ (Pesaleme ea 55:21, NW) Re bolelloa hore “ofe kapa ofe ea nang le tšekamelo ea khalefo o na le litšito tse ngata.” Re boetse re bala tjena: “Ho na le metsoalle e nang le tšekamelo ea ho robana likoto, empa ho na le motsoalle ea khomarelang haufinyane ho feta ngoan’abo motho.” (Liproverbia 18:24, NW; 29:22, NW) Ka ho thabisang, ba bangata ba ipaka ba tšoana le Balichaba ba bang Antioke ea boholo-holo e Pisidia. Eitse ha ba utloa ka tokisetso ea Jehova ea poloko, “ba ile ba qala ho thaba le ho tlotlisa lentsoe la Jehova, ’me bohle ba neng ba e-na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba ile ba fetoha balumeli.”—Liketso 13:44-48, NW.

      Balumeli ba ‘Hloekile Pelong’

      3, 4. (a) Ba hloekileng pelong ke bo-mang? (b) Ba hloekileng pelong ba bona Molimo joang?

      3 Balumeli bao ba Antioke ba ile ba fetoha Bakreste ba kolobelitsoeng, ’me ba tšepahalang har’a bona ba ne ba ka sebelisa mantsoe ana a Jesu ho bona: “Ho thabile ba hloekileng pelong, kaha ba tla bona Molimo.” (Mattheu 5:8, NW) Empa “ba hloekileng pelong” ke bo-mang? Hona ba “bona Molimo” joang?

      4 Ba hloekileng pelong ba hloekile ka hare. Bohloeki ba bona ke ba kananelo, likameho, litakatso, le merero. (1 Timothea 1:5) Joale ba bona Molimo ka hore ba o bona ha o nka khato molemong oa baboloki ba botšepehi. (Bapisa le Exoda 33:20; Jobo 19:26; 42:5.) Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le “bona” le boetse le bolela “ho bona ka kelello, ho hlokomela, ho tseba.” Kaha Jesu o ne a bonahatsa botho ba Molimo ka ho phethahetseng, ho lemoha botho boo ho thabeloa ke “ba hloekileng pelong,” ba bontšang tumelo ho Kreste le sehlabelong sa hae se phekolang libe, ba fumanang tšoarelo ea libe tsa bona, le ba khonang ho nehelana ka borapeli bo amohelehang ho Molimo. (Johanne 14:7-9; Ba-Efese 1:7) Ho batlotsuoa, ho bona Molimo ho fihla sehlohlolong sa hona ha ba tsosetsoa leholimong, moo ba tla bona Molimo le Kreste ka sebele. (2 Ba-Korinthe 1:21, 22; 1 Johanne 3:2) Empa ho ka etsahala hore bohle ba hloekileng pelong ba bone Molimo ka tsebo e nepahetseng le ka borapeli ba ’nete. (Pesaleme ea 24:3, 4; 1 Johanne 3:6; 3 Johanne 11) Ba na le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng leholimong kapa lefatšeng la paradeise.—Luka 23:43, NW; 1 Ba-Korinthe 15:50-57; 1 Petrose 1:3-5.

      5. Ke joang feela motho a ka fetohang molumeli le molateli oa ’nete oa Jesu Kreste?

      5 Ba se nang tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng ba ke ke ba fetoha balumeli. Ha ho bonolo ho bona hore ba ka bontša tumelo. (2 Ba-Thessalonika 3:2) Ho feta moo, ha ho lea mong ea ka fetohang molateli oa ’nete oa Jesu Kreste ntle leha a ikemiselitse ho ithuta ’me Jehova, ea bonang seo pelo e leng sona, a susumetsa motho ea joalo. (Johanne 6:41-47) Ha e le hantle, ha Lipaki tsa Jehova li bolela ka ntlo le ntlo, ha li ahlole mang kapa mang esale pele. Li ke ke tsa bona se ka lipelong empa li tlohela liphello matsohong a lerato a Molimo.

      6. (a) Ho ’nile ha thoe’ng ka ho buisana le batho ka seqo tšebeletsong ea ntlo le ntlo? (b) Ho entsoe litokisetso life ho thusa Lipaki tsa Jehova ho fumana ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng?

      6 Ka nepo setsebi se seng se itse: “[Pauluse] o ne a ruta ’nete phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. O ne a sa e rute feela sethaleng, empa o ne a ruta ka Kreste a buisana le batho ka bomong. Hangata ho buisana le motho ka seqo ho molemohali ho feta mofuta ofe kapa ofe o mong kapa mokhoa oa ho finyella liphefumolohi.” (August Van Ryn) Lingoliloeng tse kang Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo, Ho Bea Mabaka ka Mangolo, le Tšebeletso ea Rona ea ’Muso li thusa Lipaki tsa Jehova ho fana ka lipuo le ho sebelisa lipuisano tsa tsona le batho ka seqo hamolemohali tšebeletsong ea tsona ea tšimo. Hape, lipontšo tse etsoang Sebokeng sa Tšebeletso le keletso e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo lia thusa. Ba bang teng sekolong ba fumana koetliso ea bohlokoa litšoanelehong tsa puo tse kang likenyelletso tse molemo, tšebeliso e nepahetseng ea Mangolo, ho hōlisoa ho utloahalang ha taba, khang e kholisang, tšebeliso ea lipapiso, le liqetello tse sebetsang. A re boneng hore na Bibele e eketsa thupelo ena joang e ka etsang hore batho ba Molimo ba atlehe haholoanyane ha ba batla ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.

      Likenyelletso tse Susumetsang Monahano

      7. Mantsoe a qalang a Thuto ea Thabeng ea Jesu a ruta eng ka likenyelletso?

      7 Ba itokisetsang ho paka ka ntlo le ntlo ba ka ithuta ho hong mabapi le likenyelletso tse tsosang thahasello mohlaleng oa Jesu. Ha a qala Thuto ea hae ea Thabeng, o ile a sebelisa lentsoe “thabile” ka makhetlo a robong. Ka mohlala, o itse: “Ho thabile ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona. . . . Ho thabile ba bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Mattheu 5:3-12, NW) Lipolelo tseo li ne li tobile ebile li hlakile. ’Me kenyelletso eo ka sebele e ile ea tsosa thahasello ea ba ea akarelletsa ba mo mametseng moqoqong, hobane ke mang ea sa batleng ho thaba?

      8. Sehlooho sa Puisano se lokela ho kenyelletsoa joang tšebeletsong ea ntlo le ntlo?

      8 Sehlooho sefe kapa sefe sa puisano se sebelisoang tšebeletsong ea ntlo le ntlo se lokela ho kenyelletsoa ka tsela e kholisang le e thabisang. Empa ha ho lea mong ea lokelang ho sebelisa kenyelletso e nyarosang, e kang ho re, “Ke u tšoaretse molaetsa o tsoang sepaka-pakeng.” Litaba tse molemo e hlile mohloli oa tsona o tsoa leholimong, empa mohlomong kenyelletso e joalo e ka etsa hore mong’a ntlo a ipotse hore na ebe Paki eo e lokela ho nkeloa hloohong kapa hore e lelekoe kapele kamoo ho ka khonehang.

      Ho Sebelisa Lentsoe la Molimo ka Nepo

      9. (a) Mangolo a lokela ho kenyelletsoa, ho baloa, le ho sebelisoa joang tšebeletsong? (b) Ho qotsoa mohlala ofe ho bontša kamoo Jesu a neng a sebelisa lipotso ka teng?

      9 Mangolo a lokela ho kenyelletsoa ka nepo, a baloe ka khatiso e loketseng, ’me a sebelisoe ka tsela e hlakileng le e nepahetseng tšebeletsong ea tšimo, hammoho le sethaleng. Lipotso tse etsang hore mong’a ntlo a nahane ka lintlha tsa Mangolo le tsona li ka thusa. Hape, mekhoa ea Jesu ea ruta. Ketsahalong e ’ngoe, monna e mong ea tsebang Molao oa Moshe o ile a ’motsa: “Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?” Jesu o ile a arabela ka ho ’motsa: “Na ho ngoliloe’ng molaong? U bala’ng teng?” Ntle ho pelaelo, Jesu o ne a tseba hore potso ena ke eo monna eo a neng a ka e arabela. Monna eo o ile a arabela ka nepo, a re: “U tla rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea [“sephefumolohi,” NW] oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle, le ka khopolo ea hao eohle; le oa heno, u mo rate joale ka ha u ithata.” Sena se ile sa susumelletsa Jesu hore a fane ka pabatso, ’me ho ile ha latela puisano e tsoelang pele.—Luka 10:25-37.

      10. Ntho e lokelang ho hopoloa mabapi le sehlooho sa puisano seo motho a se sebelisang ke efe, hona ho lokela hore ho qojoe eng ha ho botsoa beng ba matlo lipotso?

      10 Ba pakang ka ntlo le ntlo ba lokela ho hatisa sehlooho sa puisano ’me ba hlakise lebaka la ho bala litemana tsa Bibele tse tšehetsang taba eo ho buisanoang ka eona. Kaha Paki e leka ho finyella pelo ea mong’a ntlo, e tšoanela ho qoba ho botsa lipotso tse hlabisang lihlong. ‘E se eka lipolelo tsa rōna e ka ba tse molemo ka mehla, tse nōkiloeng ka letsoai’ ha re sebelisa Lentsoe la Molimo.—Ba-Kolosse 4:6.

      11. Re na le mohlala ofe ka ho lekoa ha Jesu ke Satane mabapi le ho sebelisa Mangolo ho lokisa lipono tse fosahetseng?

      11 Haholo-holo maetong a ho boela ho ka ’na ha e-ba le tlhokahalo ea hore ho lokisoe lipono tse fosahetseng ka ho bontša seo Mangolo a hlileng a se buang kapa seo a se bolelang. Jesu o ile a etsa ntho e ’ngoe e tšoanang ha a khalemela Satane, ea ileng a re: “Ekare ha u le Mora oa Molimo, u itihele fatše [u le tsullung ea tempele, e leng ho ka fellang ka ho ipolaea]; hobane ho ngoliloe, ho thoe: O tla u laella mangeloi a oona, ’me a tla u khakeletsa matsohong a ’ona, hore leoto la hao le se ke la khopjoa ke lejoe.” Pesaleme ea 91:11, 12, e qotsitsoeng ke Satane, ha e lokafatse ho beha bophelo kotsing, e leng mpho e tsoang ho Molimo. Ha Jesu a hlokomela hore ho ne ho le phoso ho leka Jehova ka ho beha bophelo kotsing, o ile a bolella Satane: “Ho ngoliloe hape, ho thoe: U se ke ua leka Morena, Molimo oa hao.” (Mattheu 4:5-7) Ha e le hantle, Satane hase motho ea batlang ’nete. Empa ha batho ba nang le mehopolo e metle ba hlalosa lipono tse fosahetseng tse ka sitisang tsoelo-pele ea bona ea moea, ka bohlale mosebeletsi oa Lentsoe la Molimo o lokela ho bontša seo Mangolo a hlileng a se buang le seo a se bolelang. Sena sohle ke karolo ea ho “sebelisa lentsoe la ’nete ka nepo”—e leng e ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa tse rutoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.—2 Timothea 2:15, NW.

      Tšusumetso e na le Sebaka sa Eona

      12, 13. Ke hobane’ng ha ho nepahetse ho sebelisa tšusumetso tšebeletsong?

      12 Tšusumetso e na le sebaka sa eona se nepahetseng tšebeletsong ea Bokreste. Ka mohlala, Pauluse o ile a phehella mosebetsi-’moho le eena Timothea ho tsoela pele linthong tseo a neng a ithutile tsona le tseo a “susumellelitsoeng ho li lumela.” (2 Timothea 3:14, NW) Ha a le Korinthe, Pauluse “o ne a ee a fane ka puo ka synagogeng ka sabbatha e ’ngoe le e ’ngoe ’me o ne a ee a susumetse Bajode le Bagerike.” (Liketso 18:1-4, NW) Ha a le Efese, o ile a ‘fana ka lipuo ’me a sebelisa tšusumetso mabapi le ’muso oa Molimo.’ (Liketso 19:8, NW) ’Me ha moapostola a ne a koalletsoe ka tlung Roma, o ile a bitsetsa batho ho eena ’me a ba pakela, “a sebelisa tšusumetso,” ’me ba bang ba ile ba fetoha balumeli.—Liketso 28:23, 24, NW.

      13 Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na Paki e itseng e ka leka ho sebelisa tšusumetso hakae, ke ba nang le tšekamelo e nepahetseng feela ba tla fetoha balumeli. Likhang tse kholisang le litlhaloso tse hlakileng, tse nehelanoang ka bohlale, li ka ’na tsa ba susumelletsa ho lumela. Empa ho hong hape ho ka thusang ho ba susumetsa ke’ng?

      Beha Mabaka a Utloahalang ’me U Kholise

      14. (a) Ho hōlisoa ho utloahalang, le ho momahaneng ha taba ho akarelletsa eng? (b) Khang e kholisang e hloka eng?

      14 E ’ngoe ea litšoaneleho tsa puo tse hatisoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke ho hōlisoa ho utloahalang le ho momahaneng ha taba. Sena se akarelletsa ho lokolisa mehopolo ea sehlooho le boitsebiso bo nyallanang ka tatellano e utloahalang. Hape ho hlokahala khang e kholisang, e hlokang hore ho raloe motheo o motle le ho fana ka bopaki bo utloahalang. Ho tšoanang le hona ke ho thusa bamameli ho beha mabaka ka ho boloka motheo oo ho lumellanoang ho oona, ho hōlisa lintlha ka ho lekaneng, le ho li sebelisa ka ho atlehileng. Hape, Mangolo a fana ka tataiso.

      15. (a) Pauluse o ile a hapa tlhokomelo le ho rala motheo oo ho lumellanoang ho oona joang ha a ne a bua Leralleng la Mars? (b) Re na le bopaki bofe ba ho hōlisoa ho utloahalang le ho momahaneng ha taba puong ea Pauluse?

      15 Litšoaneleho tsena tsa puo li totobala puong ea moapostola Pauluse e tsebahalang eo a ileng a fana ka eona Leralleng la Mars Athene ea boholo-holo. (Liketso 17:22-31) Kenyelletso ea hae e ile ea hapa tlhokomelo ’me ea rala motheo oo ho lumellanoang ho oona, hobane o itse: “Banna ba Athene, ke lemohile hobane linthong tsohle le batho ba hlanyetsang melimo ka ho fetisisa.” Ho bona, ntle ho pelaelo sena se ne se bonahala e le ho ba tšehetsa. Ka mor’a hore Pauluse a bue ka tempele e nehetsoeng “Ho Molimo o sa tsejoeng,” o ile a tsoela pele ka ho hōlisa taba ha hae ho utloahalang le ho momahaneng le khang e kholisang. O ile a hatisa hore Molimo ona oo ba neng ba sa o tsebe ke oona o “entseng lefatše le tsohle tse ho lona.” Ho fapana le Athena kapa melimo e meng ea Bagerike, ‘ha o lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho, leha e le hore o ka sebeletsoa ke batho ka matsoho.’ Moapostola joale o ile a bontša hore Molimo ona o re file bophelo ebile ha o etse hore re o phopholetse ka bofofu. Joale Pauluse o ile a beha mabaka ka hore ’Mōpi oa rōna, ea iphapanyelitseng linako tsa ho rapela melimo ea litšoantšo ka ho hloka tsebo, ‘o bolella batho hohle hore ba bake.’ Ka ho utloahalang sena se ile sa lebisa ntlheng ea hore ‘Molimo o tla ahlola baahi ba lefatše ka ho loka ka monna ea khethiloeng eo o mo tsositseng bafung.’ Kaha Pauluse o ne a “bolela litaba tse molemo tsa Jesu le tsoho,” Baathene bao ba ne ba tseba hore Moahloli enoa e ne e tla ba Jesu Kreste.—Liketso 17:18, NW.

      16. Tšebeletso ea motho e ka angoa joang ke puo ea Pauluse Leralleng la Mars le koetliso e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo?

      16 Ke ’nete hore Pauluse o ne a sa pake ka ntlo le ntlo ha a ne a le Leralleng la Mars. Empa Lipaki tsa Jehova li ka ithuta ho hongata ho ka entšang tšebeletso ea tsona ea tšimo puong ea hae le koetlisong e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. E, sena sohle se thusa ho li etsa hore e be basebeletsi ba atlehileng haholoanyane, feela joalokaha ho hōlisa taba ho utloahalang ha Pauluse le khang e kholisang li ile tsa susumelletsa ba bang ho Baathene bao hore ba fetohe balumeli.—Liketso 17:32-34.

      Sebelisa Lipapiso tse Rutang

      17. Ke lipapiso tsa mofuta ofe tse lokelang ho sebelisoa tšebeletsong?

      17 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se boetse se thusa basebeletsi ba Molimo ho sebelisa lipapiso tse molemo ha ba paka ka ntlo le ntlo le likarolong tse ling tsa tšebeletso ea bona. Lipapiso tse bonolo tse ntle li lokela ho sebelisoa ho hatisa lintlha tsa bohlokoa. Paki e lokela ho li rala holim’a maemo a tloaelehileng ’me e hlokomele hore e hlakise tšebeliso ea tsona. Lipapiso tsa Jesu li ile tsa finyella litlhokahalo tsena tsohle.

      18. Mattheu 13:45, 46 e ka ipaka e tletse thuso joang tšebeletsong?

      18 Ka mohlala, nahana ka mantsoe ana a Jesu: “’Muso oa maholimo hape o joale ka mohoebi ea batlang liperela tse ntle. Hobane a fumane perela ea bohlokoa, a ea, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, ’me a ithekela eona.” (Mattheu 13:45, 46) Liperela ke matlotlo a bohlokoa a fumanoang ka har’a likhetla tsa li-oyster le tsa liphoofotsoana tse ling tse nang le likhetla. Empa ke liperela tse itseng feela tseo e leng tse “ntle.” Mohoebi o ne a e-na le temoho e hlokahalang ea ho ananela bohlokoa bo fetisisang ba perela ena e le ’ngoe ’me o ne a ikemiselitse ho khaohana le lintho tse ling tsohle hore a e fumane. Mohlomong nakong ea leeto la ho boela kapa thuto ea lehae ea Bibele, setšoantšo sena se ka sebelisoa ho bontša hore motho ka mong eo ka ’nete a ananelang ’Muso oa Molimo o tla nka khato joaloka mohoebi eo. Motho ea joalo o tla etelletsa ’Muso ka pele bophelong, a hlokomela hore o tšoaneloa ke boitelo bofe kapa bofe.

      Qetella ka Tšusumetso

      19. Liqetello li lokela ho bontša mong’a ntlo eng tšebeletsong ea ntlo le ntlo?

      19 Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, batho ba Molimo ba boetse ba ithuta hore qetello ea puo kapa puisano e lokela ho amana ka ho toba le sehlooho ’me e lokela ho bontša bamameli seo ba lokelang ho se etsa le ho ba khothalletsa ho se etsa. Tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ho hlokahala hore mong’a ntlo a bontšoe ka ho hlaka hore na ho lebelletsoe hore a latele tsela efe, joaloka ho amohela khatiso ea Bibele kapa ho lumela hore ho khutleloe ho eena.

      20. Ho Mattheu 7:24-27 re na le mohlala ofe o motle oa qetello e susumetsang?

      20 Qetello ea Thuto ea Jesu ea Thabeng e fana ka mohlala o motle. Ka papiso e utloisisehang habonolo, Jesu o ile a bontša hore e ka ba tsela e bohlale ho ela hloko mantsoe a hae. O ile a phetha ka ho re: “Ka baka leo, e mong le e mong ea mamelang lipolelo tseo tsa ka, ’me a etsa ka tsona, nka mo tšoantša ka monna ea bohlale, ea hahileng ntlo ea hae letlapeng; ’me pula ea theoha, phororo tsa tla, le meea ea foka, ea otla ntlo eo; ’me ha ea ka ea oa, kahobane motheo oa eona o le letlapeng. Empa e mong le e mong ea mamelang lipolelo tseo tsa ka, ’me a sa etse ka tsona, a ka tšoantšoa ka monna ea leoatla, ea hahileng ntlo ea hae lehlabatheng; ’me pula ea theoha, phororo tsa tla, le meea ea foka, ea otla ntlo eo, ’me ea oa, ’me ho oa ha eona ea e-ba ho hoholo.” (Mattheu 7:24-27) Sena se bontša hantle hakaakang hore basebeletsi ba Molimo ba lokela ho leka ka matla ho susumetsa beng ba matlo!

      21. Puisano ea rōna e bontšitse eng, empa ke eng e lokelang ho hlokomeloa?

      21 Lintlha tse boletsoeng ka holimo li bontša kamoo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ka thusang ba bangata ka teng ho ba baboleli ba tšoanelehang ba ’Muso. Ha e le hantle, haholo-holo ho tšoaneleha ka ho lekaneng ho hlaha ho Molimo. (2 Ba-Korinthe 3:4-6, NW) ’Me ho sa tsotellehe hore na mosebeletsi a ka tšoaneleha hakae, ha ho lea mong ea ka susumetsang batho ho fetoha balumeli ntle leha ba susumetsoa ke Molimo ka Kreste. (Johanne 14:6) Leha ho le joalo, ka sebele batho ba Molimo ba lokela ho sebelisa hamolemo litokisetso tsohle tsa moea tse entsoeng ke Jehova ha ba ntse ba batla ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.

      Likarabelo tsa Hao ke Life?

      ◻ “Ba hloekileng pelong” ke bo-mang, hona ba “bona Molimo” joang?

      ◻ Lintlha tse lokelang ho nahanisisoa ha ho kenyelletsoa molaetsa oa ’Muso mosebetsing oa ntlo le ntlo ke life?

      ◻ Lentsoe la Molimo le ka sebelisoa ka nepo joang tšebeletsong?

      ◻ Ke eng se tla thusa ho etsa linehelano tse utloahalang le tse kholisang tšebeletsong ea tšimo?

      ◻ Ke eng se lokelang ho hopoloa ka lipapiso tse sebelisoang tšebeletsong?

      ◻ Ke eng se lokelang ho finyelloa ka liqetello tse sebelisoang mosebetsing oa ho paka?

      [Setšoantšo se leqepheng la 16]

      Jesu o itse “ba hloekileng pelong” ba ne ba tla “bona Molimo.” See se ne se bolela eng?

      [Setšoantšo se leqepheng la 18]

      Mangolo a lokela ho kenyelletsoa ka nepo, a baloe ka khatiso e loketseng, ’me a sebelisoe ka mokhoa o hlakileng le o nepahetseng

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela