Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Leqephe Leo Sehlooho se Hlahang ho Lona/Leqephe la Bahatisi
    Lipaki Tsa Jehova le Thuto
    • Leqephe Leo Sehlooho se Hlahang ho Lona/Leqephe la Bahatisi

      Lipaki Tsa Jehova le Thuto

      Ntle leha ho bontšitsoe ka hosele, Mangolo a Segerike bukaneng ena a qotsitsoe ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, ’me Mangolo a Seheberu a qotsitsoe Bibeleng ea Sesotho e tloaelehileng. Moo NW e tlang ka mor’a taba e qotsitsoeng, ho bontša hore phetolelo e tsoa ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References

  • Tse ka Hare
    Lipaki Tsa Jehova le Thuto
    • Tse ka Hare

      LEQEPHENG LA

      4 Pono ea Lipaki Tsa Jehova ka Thuto

      10 Mananeo a Thuto

      14 Phephetso ea ho se Tšoane ha Bolumeli

      19 Litekanyetso Tsa Boitšoaro Tse Lokelang ho Hlomphuoa

      27 Karolo ea Batsoali

      31 Qetello

  • Morero oa Bukana Ena
    Lipaki Tsa Jehova le Thuto
    • Morero oa Bukana Ena

      RAFILOSOFI oa Modache Spinoza o ile a ngola: “Ke ’nile ka leka ho se tšehe liketso tsa batho, ho se li llele, leha e le ho li hloea, empa ke leka ho li utloisisa.” Joaloka tichere, u talimane le phephetso ea ho leka ho utloisisa lipono, limelo, le litumelo tsa liithuti tse tlhokomelong ea hao, ho akarelletsa le barutoana bao e leng bana ba Lipaki Tsa Jehova. Ka linako tse ling, liithuti tse joalo li ka ’na tsa ba boemong bo bonahalang e le ba ho se lumellane le mekhoa eo ka kakaretso e amohelehang litabeng tse itseng. Empa ha ho hlakile hore liketso tse joalo li etsoa ka lebaka la litumelo tsa bolumeli le tsa boitšoaro tsa seithuti, u lokela ho lebisa tlhokomelo ea hao ho tsona. Bukana ena e ngotsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society (lefapha la khatiso la Lipaki Tsa Jehova) ’me e reretsoe ho u thusa hore u utloisise liithuti tsa Lipaki hamolemo haholoanyane. Re tšepa hore u tla ipha nako ea ho e bala ka hloko.

      Ho utloisisa litumelo tsa bolumeli tsa motho e mong ha ho hloke hore u li amohele kapa u li latele, ’me ho fa motho boitsebiso hase ho mo sokolla. Bukana ena ha e leke ho u qobella kapa ho qobella liithuti tsa hao ho ba le pono ea bolumeli ea Lipaki. Takatso ea rōna ke hore feela re u fe boitsebiso ka melao-motheo le litumelo tseo tse ling tsa liithuti tsa hao li li rutoang ke batsoali ba tsona e le hore u tle u nolofalloe haholoanyane ho utloisisa bana ba Lipaki le ho sebelisana le bona. Ka sebele, ho ka ’na ha etsahala hore e se be kamehla bana ba etsang seo ba se rutoang, kaha ngoana ka mong o ithuta ho koetlisa letsoalo la hae.

      Joaloka batsoali ba bangata, Lipaki Tsa Jehova li batla hore bana ba tsona ba fumane molemo o moholohali sekolong. E le hore li ka finyella seo, li ruta bana ba tsona ho sebelisana le matichere a bona. Ka ho tšoanang, batsoali ba Lipaki le bana ba bona baa ananela ha matichere a ba tšoara ka kutloisiso le tlhompho.

      Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba tsebahalang lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha ba utloisisoe. Ka hona re tšepa hore bukana ena e tla u thusa ho utloisisa bana ba Lipaki ba tlhokomelong ea hao hamolemo haholoanyane. Ka ho khethehileng, re tšepa hore u tla bona hore na ke hobane’ng ha maemong a itseng a khethehileng, ba ka ’na ba bolela hore ba na le tokelo ea ho se kenelle linthong tse ling tse etsoang.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

      COVER: Pharaoh: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck. BACK COVER: Pyramids: From the book The Pictorial History of the World; Butterfly: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck

  • Pono ea Lipaki Tsa Jehova ka Thuto
    Lipaki Tsa Jehova le Thuto
    • Pono ea Lipaki Tsa Jehova ka Thuto

      Joaloka batsoali bohle, Lipaki Tsa Jehova li amehile ka bokamoso ba bana ba tsona. Ka lebaka leo li nka thuto e le ea bohlokoa haholo. “Thuto e lokela ho thusa batho hore e be litho tsa sechaba tse molemo. Hape e lokela ho ba thusa ho hlaolela ho lemoha setso sa bona le ho phela bophelo bo khotsofatsang haholoanyane.”

      JOALOKAHA taba ena e qotsitsoeng ho The World Book Encyclopedia e bontša, o mong oa merero e meholo ea ho kena sekolo ke ho koetlisetsa bana bophelo ba letsatsi le letsatsi, e leng se akarelletsang ho ba nolofalletsa ho hlokomela litlhoko tsa lelapa nakong e tlang. Lipaki Tsa Jehova li lumela hore bona ke boikarabelo bo halalelang. Bibele ka boeona e re: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Lilemo tse qetoang sekolong li lokisetsa bana boikarabelo boo ba tla bo jara bophelong. Ka hona, Lipaki li ikutloa hore thuto e lokela ho nkoa ka ho teba haholo.

      Lipaki li leka ka matla ho phela tumellanong le taelo ea Bibele e reng: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e etse ka lipelo tsa lōna tsohle, joalokaha eka le ne le sebeletsa Morena eseng batho.” (Bakolose 3:23, Today’s English Version) Molao-motheo ona o sebetsa likarolong tsohle tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, ho akarelletsa le sekolong. Kahoo Lipaki li khothalletsa bacha ba tsona ho sebetsa ka thata le ho nka ka ho teba mesebetsi eo ba e abetsoeng sekolong.

      Hape Bibele e ruta ho ikokobelletsa melao ea naha eo motho a lulang ho eona. Ka hona, ha ho kena sekolo ho fihlela lilemong tse itseng ho tlama, Lipaki Tsa Jehova li boloka molao ona.—Baroma 13:1-7.

      Le hoja re sa nyenyefatse bohlokoa ba koetliso bakeng sa bophelo ba letsatsi le letsatsi, Bibele e bontša hore ona hase oona feela morero oa thuto leha e le hona hore ke o ka sehloohong. Thuto e atlehileng e lokela hore e boele e eketse thabo ea bana ea ho phela le ho ba thusa ho ba le sebaka sechabeng e le batho ba tsitsitseng hantle. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova li ikutloa hore ho khetha mesebetsi e etsoang ka mor’a nako ea sekolo ke habohlokoa haholo. Li lumela hore boikhathollo bo molemo, ’mino, lintho tse etsoang ka morero oa ho phomotsa kelello, ho itlhakisa ’meleng, ho etela lilaebrari le litsi tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa, le tse ling tse joalo, li phetha karolo ea bohlokoa thutong e leka-lekaneng. Ho phaella moo, li ruta bana ba tsona ho hlompha batho ba hōlileng le ho batla menyetla ea ho ba thusa.

      Ho Thoe’ng ka Thuto e Tlatselletsang?

      Ka lebaka la theknoloji e ncha, menyetla ea mesebetsi e fetoha joalo-joalo. Phello ke hore, bacha ba bangata ba tla tlameha ho sebetsa likarolong kapa mesebetsing eo ba sa e koetlisetsoang ka ho khethehileng. Ka lebaka leo, mekhoa ea bona ea ho sebetsa le boikoetliso ba bona ba botho, haholo-holo matla a bona a ho

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela