Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/97 leq. 1
  • Matšoele a Ntse a Eketsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšoele a Ntse a Eketsoa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khato e Tiileng ea ho Finyella Tsoelo-pele e Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Bohle re ka Kenya Letsoho ho Etseng Barutuoa ba Bacha
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • U ’ne U Hatele Pele Moeeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ipolokeng le le Matla Moeeng, Lulang le Hloekile Bakeng sa Tšebeletso ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 4/97 leq. 1

Matšoele a Ntse a Eketsoa

1 Joalokaha e bile ’nete lekholong la pele la lilemo, khōlo eo phutheho ea Bokreste e bang le eona kajeno ke e hlollang. (Lik. 2:41; 4:4) Selemong se fetileng, ho ile ha kolobetsoa barutuoa ba bacha ba 366 579, karolelano ea ba fetang 1000 ka letsatsi! Lilemong tse tharo tse fetileng ho kolobelitsoe ba fetang milione. Ka sebele, Jehova o ’nile a tsoela pele ho eketsa matšoele a balumeli.—Lik. 5:14.

2 Ba bangata ba bacha ba hlokang phihlelo bophelong ba Bokreste ba hloka thuso le koetliso ho ba matla tumelong. (Baroma 15:1) Har’a Bakreste ba pele ho ne ho e-na le ba bang bao, le ka mor’a lilemo ba kolobelitsoe, ba ileng ba hlōleha ‘ho hatela pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheb. 5:12; 6:1) Ke ka lebaka leo, lengolong la hae le eang ho Baheberu, Pauluse a ileng a totobatsa libaka tseo ho tsona ho hlokahalang hore Bakreste ba hōle moeeng. Ke life tsona tseo, hona thuso e hlokahalang e ka fanoa joang?

3 Ho Fumana Mekhoa e Metle ea ho Ithuta: Tumellanong le taeo ea Pauluse, ho ba seithuti se molemo ho akarelletsa ho ithuta ka mafolofolo, ho pheta-pheta le ho sebelisa “lijo tse tiileng” tse lokiselitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Baheb. 5:13, 14; bona le Molula-Qhooa oa August 15, 1993, leqepheng la 12-17.) Ka ho kopanyelletsa balumeli ba bacha meqoqong ea moea le ho arolelana le bona mahakoe a bohlokoa a ’nete ao u a sibolotseng ka phuputso eo u e entseng ka bouena, u ka ’na ua ba susumelletsa ho fumana mekhoa e metle ea ho ithuta. Mohlomong ka linako tse ling u ka memela motho e mocha thutong ea hao ka bouena kapa ea lelapa.

4 Ho ba Teng Libokeng Kamehla: Mohlala oa hao o tšepahalang le mantsoe a lerato a khothatso li tla thusa litho tse ncha tsa phutheho ho qoba karolo e ’ngoe eo re amehang ka eona e boletsoeng ke Pauluse—“tloaelo” eo ba bang ba nang le eona ea ho se ee libokeng tsa Bokreste. (Baheb. 10:24, 25) Li thuse ho utloisisa ka ho feletseng hore liboka ke tokisetso ea moea ea ho pholosa bophelo ba tsona e li hokahanyang le phutheho. Nka bohato ba pele hore u li etse hore li ikutloe li amoheleha e le karolo ea mokhatlo oa rōna oa bara ba motho.

5 Ho Atamela Jehova ka Tšepo: Hore re tle re hlōle mefokolo ea nama le ea botho, re tlameha ho batla Jehova ka thapelo, re mo hlalosetse maikutlo a rōna a tebileng le lintho tseo re amehileng ka tsona haholo-holo. Ba bacha ba tlameha ho ithuta hore, joalokaha Pauluse a khothalelitse, ha ho hlokahale hore ba tsilatsile ho kōpa thuso ho Jehova. (Baheb. 4:15, 16; 10:22) Ho pheta liphihlelo tsa hao tsa botho ntlheng ena ho tla matlafatsa tšepo ea motho e mocha ho Jehova ea hore o utloa lithapelo tse tlohang botebong ba pelo.

6 Ho Behella Nako ka Thōko Bakeng sa Tšebeletso: Pauluse o ile a boela a bontša hore ‘ka mehla ha re nyehela Molimo sehlabelo sa thoriso,’ hoo ke ho matlafatsang moeeng. (Baheb. 13:15) Na u ka mema mohoeletsi e mocha hore a kopanele le uena litokisetsong tsa hao tsa beke le beke bakeng sa tšebeletso ea tšimo? Mohlomong bobeli ba lōna le ka lokisetsa linehelano kapa ho nahanela tšobotsi ea tšebeletso eo e mocha a e-song ho e leke.

7 Matšoele a ntseng a eketsoa ke mohloli oa thabo e khōlō. Ho itšebelisa ha rōna ho koetliseng le ho khothatseng litho tse ncha tsa phutheho ho tla li thusa ho hōlisa tumelo e matla e hlokahalang ‘ho boloka lisoule tsa tsona li phela.’—Baheb. 3:12, 13; 10:39.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela