Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/97 leq. 3
  • Seboka le Balebeli ba Setereke

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seboka le Balebeli ba Setereke
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 5/97 leq. 3

Seboka le Balebeli ba Setereke

Ka la 11 February, 1997, balebeli ba setereke ba tšeletseng ba sebeletsang tlas’a lekala la Afrika Boroa ba bile le seboka sa bona sa selemo le selemo mona Bethele ho tla tšohla litlhoko tsa tšimo ea rōna esita le ho tlaleha ka tsoelo-pele e entsoeng selemong se fetileng. Ka lebaka la puisano ena, re rata ho khetholla libaka tse tharo tse tobileng tšimong ea rōna tse hlokang tlhokomelo.

1)Ho haha bomoea ba mohoeletsi e mong le e mong. Ho na le tlhokahalo ea hore batho ka bomong, malapa esita le ba etellang pele ba ikitlaetse ka matla ho etsa thuto ea botho le ea lelapa, le ho bala Lentsoe la Molimo, Bibele, kamehla.

2)Ho ba teng libokeng tsohle tse hlano tsa phutheho kamehla. Sena ke bothata haholo-holo tšimong ea Senyesemane le Seafrikanse.

3)Ho sebeletsa ho kopanela haholoanyane tšebeletsong, le ho tlaleha tšebeletso eo hang-hang bofelong ba khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Liphuthehong tse ngata tšebeletso ea tšimo e theohile. Balebeli bohle ba setereke ba bile le maikutlo a hore ho fetohela libokeng tsa Sontaha hoseng ho bile le phello e kotsi tšebeletsong ea tšimo ea Sontaha hoseng.

Karabelo ea hao ke efe litlhokong tsee? Na u ka hlahlobisisa boemo ba hao le ho bona moo uena u le motho ka mong kapa le le lelapa le ka etsang lintlafatso? Satane o leka ka matla ho fokolisa barab’abo rōna le ho etsa hore re khoehlise tšebeletsong. Lefatše le boetse le nanaretse bophelo ba barab’abo rōna ba bang. Ka lebaka leo ho na le tlhokahalo e potlakileng ea hore kaofela ha rōna re lule re le matla moeeng le ho tiisetsa tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Baheb. 10:35-39.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela