Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Botšepehi Tlas’a Thibelo
KA LILEMO tse 11 mosebetsi oa boboleli o ne o thibetsoe ka molao ke ’muso naheng e ’ngoe e ka Boroa-bochabela ea Asia. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, baena ba bile le lebaka la ho lumela hore batho ba bang ba litulong tsa boikarabelo ’musong ba batla ho nolofatsa boemo. Ho bonahala eka thibelo eo e ne e tlisitsoe ke tšusumetso e matla ea malumeli a Bokreste-’mōtoana har’a batho ba sebetsang ’musong.
Ka linako tse ling baena ba ’nile ba hatelloa ka ho alosoa ka mokhoa o matla, ho tšoaroa, le ho hlongoa lipotso ka matla. Ba sebetsang mekhatlong ea ’Muso ba ’nile ba sokeloa ka hore ba tla theoleloa litulong tse tlaase mosebetsing kapa ba qobelloe ho ea pencheneng haeba ba sa kene mokheng oa lipolotiki oa naha. Sehlopha se seng sa bahoeletsi se ile sa shaptjoa hampe.
Lipaki li boetse tsa amohuoa litokelo tsa tsona tsa molao, tse kang litšebeletso ka makhotleng a ’muso le tokelo ea ho tsamaisa liphupu. (Ba boholong ba khetha moruti hore a etse sena.) Libakeng tse ling, Lipaki li bile li thibeloa le ho ngolisa manyalo ka molao!
Empa, ba tsamaisang mosebetsi moo baa tlaleha: “Kamehla, moo baena ba talimanang le tseko ka sebete, ka hlompho ba fana ka bopaki bo tsoang Bibeleng, ho hlongoa lipotso ho qetella ho khaolitse ’me le ho alosoa ka matla hoa kokobela, e leng ho fang baena monyetla oa hore ka mokhoa o sebetsang ba tsoele pele ka boboleli le ho etsa barutuoa.”—Mattheu 28:19, 20.
Ka mohlala, khaitseli e mong ea neng a ntse a hlongoa lipotso o ile a botsoa hore na lebitso lena la Jehova re le nka hokae. Ka sebete a phetla Bibele ea hae ho Exoda 15:3, moo lebitso leo le hlahang teng. Ea neng a mo hloma lipotso, molaoli oa sesole, a bala le eena ka Bibeleng, a re: “E, ka sebele. Le teng ka Bibeleng.” Eaba o retelehela ho moruti ea neng a ntse a le teng ha ho hlongoa khaitseli lipotso, a botsa: “Ke hobane’ng ha le sa tsebise batho lebitso leo?” Ka ho qakeha moruti a arabela: “E, lebitso leo le teng Testamenteng ea Khale. Empa kahobane naha ena ha e na likamano tsa setsoalle le Iseraele, ha re sebelise lebitso leo.” Eaba khaitseli o lokolloa hang-hang!
A sebelisa boitsebiso bo tsoang ho motho “ea thahasellang,” mapolesa a hlakola kopano ea pele likopanong tse tharo tsa setereke bosiung ba pele ho letsatsi leo e neng e lokela ho qala ka lona! Leha ho le joalo, batho ba ’maloa lebothong la sepolesa ba nang le kutloisiso ba thusa ho thibela hore ho hloma lipotso ho se tsoele pele. Ba sa tšabe letho, baena ba tšoara likopano tse ling tse peli.
Ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea bolumeli naheng ena, ho sa ntsane ho e-na le ba ratang ho loka. Ka mohlala, mohiri e mong, ka ho bona botšepehi ba baena melao-motheong ea bona le ho seo ba se lumelang, o se a tšepa baena haholoanyane. Ba neoa boikarabelo bo boholoanyane mosebetsing.
Bana ba kenang sekolo ba hlaheloa ke lintho tse tšoanang. Matichere a lipelo li tšepahalang a ba tsoela pelo ka boemo bo tiileng boo ba bo nkileng bakeng sa seo ba se lumelang.
Le hoja boemo ba tšimo bo ’nile ba nolofalla baena, likereke li sa ntsane li tsoela pele ka tlhekefetso ea tsona ’me li leka ka mekhoa eohle eo li ka e khonang ho thibela mosebetsi oa bopaki. Ka linako tse ling li leka ho lematsa batho ba ithutang Bibele le Lipaki. Leha ho le joalo, batho ba thahasellang ba sa ntsane ba phallela kahare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Phihlelo e ’ngoe e bolela ka nkhono ea lilemong tsa hae tsa bo70. Kamor’a hore a sebetsoe leihlo le leng, a senola takatso ea hae ea ho ba pula-maliboho ea thusang. Ka baka la lilemo tsa hae, pele o ne a ikutloa hore tlhokahalo ea lihora tse 60 e ne e le khōlō haholo bakeng sa hae, empa kamor’a hore a bo leke, a fumana hore o ne a ka ho etsa. Ha e le hantle, ka matsatsi a leshome feela a qalang, o ne a se a sebelitse lihora tse 38 tšebeletsong ea tšimo; a tsamaisitse libuka tse peli, libukana tse tharo, le limakasine tse peli tšimong e thata; ’me o ne a qalisitse lithuto tse peli tsa Bibele. O ne a thabile!
Ka kakaretso, boemo ba tšebeletso ea tšimo naheng eo bo botle haholo. Haholo-holo kamorao ho likhetho tse akaretsang, baena ba ile ba nolofalloa ho tsoela pele ka litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa bopaki. Ruri sena se potlakisitse mosebetsi. Mohoeletsi ea tloaelehileng o khona ho ba le lithuto tsa Bibele tse supileng ho ea ho tse leshome. Pele, beng ba matlo ba ne ba rata haholo ho tseba hore na re bo-mang, re tsoa hokae, joalo-joalo. Joale baena ba se ba batla ba sa hloke ho ipolela hore na ke bo-mang. Batho ba lapetse lijo tsa moea tse khotsofatsang. Kannete tšimo e soeufaletse ho kotuloa.—Mattheu 9:37, 38.
Ruri baena naheng ena ba bolokile botšepehi tlas’a teko, haufinyane tjena ba thabetse keketseho ea 7 lekholong ea bahoeletsi! Ba nka khato e tšoanang le eo mopesaleme Davida a ileng a e nka ha a ne a re: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke tsamaee ka botšepehi ba ka.”—Pesaleme ea 26:11, NW.