-
Buka ea Bibele ea 57—Filemone“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
-
-
1. Litšobotsi tse ling tsa lengolo le eang ho Filemone ke life?
LENGOLO lena la Pauluse le tletseng mosa le lerato le hapa thahasello ea Bakreste haholo kajeno. Hase feela hore ke eona epistole e khutšoanyane ka ho fetisisa e bolokiloeng e tsoang ho “moapostola ho lichaba” empa ka har’a Bibele eohle ke Johanne oa Bobeli le oa Boraro feela tse nang le boitsebiso bo fokolang ho feta ba eona. Hape, ke lona feela lengolo le nang le ‘litaba tsa botho’ la Pauluse, ka hore le ne le sa lebisoa phuthehong ka ho toba kapa ho molebeli ea ikarabellang empa le ne le lebisitsoe ho motho ea itseng ’me le ne le bua feela ka bothata bo khethehileng boo Pauluse a neng a batla ho buisana ka bona le moena enoa oa Mokreste, eo ho bonahalang eka e ne e le Filemone ea ruileng haholo, ea neng a phela motseng oa Frygia oa Kolosse, hona khubung ea Asia Minor.—Ba-Roma 11:13, NW.
2. Lengolo le eang ho Filemone le ngotsoe tlas’a boemo bofe hona ka morero ofe?
2 Morero oa lengolo lena o senotsoe ka tsela e hlakileng: Ha Pauluse a ne a koalletsoe teronkong Roma ka lekhetlo la pele (59-61 C.E.), o ne a e-na le bolokolohi bo boholo ba ho bolela ka ’Muso oa Molimo. E mong oa ba ileng ba mamela boboleli ba hae e ne e le Onesima, lekhoba le neng le balehile tlung ea Filemone, motsoalle oa Pauluse. Ka lebaka leo, Onesima o ile a fetoha Mokreste, ’me ka tumello ea Onesima, Pauluse o ile a etsa qeto ea ho mo khutlisetsa ho Filemone. Hape, Pauluse o ile a ngola mangolo a eang liphuthehong tsa Efese le Kolosse hona nakong ena. Mangolong ana ka bobeli, o ile a fa makhoba le beng ba makhoba ba Bakreste keletso e ntle ea hore na tsela e nepahetseng eo ba lokelang ho itšoara ka eona kamanong ea bona ke efe. (Ba-Ef. 6:5-9, BPN; Ba-Kol. 3:22–4:1, BPN) Leha ho le joalo, ka holimo ho sena, Pauluse o ile a hlophisa lengolo le eang ho Filemone leo ho lona eena ka seqo a ileng a etsa thapeli lebitsong la Onesima. E ne e le lengolo leo a le ngotseng ka seqo—e leng seo Pauluse a neng a sa tloaela ho se etsa. (Filemone 19) Kamano ena ea botho e ile ea etsa hore thapeli ea hae e be le tšusumetso e khōlō.
3. E ka ’na eaba lengolo le eang ho Filemone le ngotsoe neng, hona le ile la romeloa joang?
3 Mohlomong lengolo lena le ngotsoe hoo e ka bang ka 60-61 C.E., kaha ho bonahala eka Pauluse o ne a entse mosebetsi oa boboleli Roma nako e telele ka ho lekaneng hoo basokolohi ba neng ba se ba le teng. Hape, ka lebaka la hore temaneng ea 22 o senola tšepo ea ho lokolloa, re ka fihlela qeto ea hore lengolo lena le ngotsoe ka mor’a hore ho fete nako e itseng a kentsoe teronkong. Ho bonahala eka mangolo ana a mararo, la Filemone le a eang liphuthehong tsa Efese le Kolosse, a ile a neheletsoa Tykike le Onesima.—Ba-Ef. 6:21, 22; Ba-Kol. 4:7-9.
4. Ke eng e pakang bongoli le bonnete ba tlaleho ea Filemone?
4 Ho bontšang hore Pauluse ke eena mongoli oa Filemone ke temana ea pele, moo a boletsoeng ka lebitso. Origen le Tertullian ba ne ba lumela hore e ne e le eena mongoli oa lengolo lena.a Bonnete ba tlaleho ea buka ena bo boetse bo tšehetsoa ke ho thathamisoa ha eona, hammoho le liepistole tse ling tsa Pauluse, Mosaletseng oa Muratori oa lekholong la bobeli la lilemo C.E.
LITABA TSE KA HARE TSA FILEMONE
5. (a) Lengolo lee le qala ka litumeliso le pabatso life? (b) Pauluse o bolella Filemone eng ka lekhoba la hae Onesima?
5 Onesima o khutlisetsoa ho mong’a hae ‘e se e le ea fetang lekhoba ka bohlokoa’ (Litem. 1-25). Pauluse o romela litumeliso tse mofuthu ho Filemone, Affia “khaitseli ea rōna,” Arkippe “lesole la habo rōna,” le phutheho e ka tlung ea Filemone. O babatsa Filemone (eo lebitso la hae le bolelang “Ea Ratang”) ka lerato le tumelo tseo a nang le tsona ho Morena Jesu le bahalaleli. Litlaleho tsa lerato la Filemone li tliselitse Pauluse thabo le matšeliso a maholo. Joale Pauluse, monna ea hōlileng eo e bileng e leng motšoaruoa, o senola maikutlo a hae ka bolokolohi bo boholo ba ho bua mabapi le ‘ngoan’a’ hae Onesima, eo e ileng ea ba ‘ntat’ae’ ha a ntse a le litlamong teronkong. Pele Onesima (eo lebitso la hae le bolelang “Ea Tlisang Phaello”) o ne a se na thuso ea letho ho Filemone, empa joale o molemo ho Filemone le Pauluse.—Litem. 2, 10, NW.
6. Pauluse o khothalletsa hore Onesima a tšoaroe joang, hona o beha mabaka ka tsela efe e nang le mosa le tlhompho?
6 Moapostola o ne a tla thabela ho boloka Onesima e le hore a tle a mo sebeletse teronkong, empa o ne a ke ke a etsa joalo ka ntle ho tumello ea Filemone. Kahoo o mo khutlisetsa ho eena, ‘e se e se lekhoba empa e se e le ea fetang lekhoba ka bohlokoa, e le ngoan’abo rōna ea ratoang.’ Pauluse o kōpa hore Onesima a amoheloe ka mosa, ka tsela e tšoanang le eo Pauluse a neng a tla amoheloa ka eona. Haeba Onesima o foselitse Filemone, molato oo ha e mpe e be oa Pauluse, hobane Pauluse o bolella Filemone, “Ke ka ’na u leng seo u leng sona: Ke oona molato oa hao.” (Litem. 16, 19, BPN) Pauluse o tšepile hore a ka ’na a lokolloa haufinyane le hore a ka ’na a etela Filemone, ’me o qetella ka litumeliso.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
7. Mabapi le Onesima, Pauluse o ile a khomarela pitso ea hae e phahameng ea ho ba moapostola joang?
7 Joalokaha lengolo lena le bontšitse, Pauluse o ne a sa bolele “molaetsa o molemo o rarollang mathata a sechaba,” a sa leke ho felisa tsamaiso e teng ea lintho le mekhoa ea eona e hlahelletseng, e kang bokhoba. Esita le makhoba a Bakreste ha aa ka a a lokolla ka bohatelli, empa ho fapana le hoo, o ile a khutlisa Onesima eo e neng e le lekhoba le balehileng, a kena leetong la lik’hilomithara tse 1 400 ho tloha Roma ho ea Kolosse, ho khutlela ho mong’a hae Filemone. Ka hona Pauluse o ile a khomarela pitso ea hae e phahameng ea ho ba moapostola, a amohela ka ho felletseng thōmo ea bomolimo eo a e fuoeng ea ho “bolela ’muso oa Molimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste.”—Lik. 28:31; Fil. 8, 9.
8. Filemone e bontša tšebeliso efe ea sebele ea melao-motheo ea Bokreste?
8 Lengolo le eang ho Filemone le senola ho hongata ka hore le bontša lerato le bonngoe tse neng li le teng har’a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ho lona re ithuta hore Bakreste ba pele ba ne ba bitsana “moena” le “khaitseli.” (Filemone 2, 20, NW) Ho phaella moo, le senolela Bakreste ba kajeno tšebeliso ea sebele ea melao-motheo ea Bokreste har’a baena ba Bakreste. Ka lehlakoreng la Pauluse, re fumana pontšo ea lerato la boena, ho hlompha likamano tsa sechaba le thepa ea e mong, mosa o nang le tlhompho o sebetsang, le boikokobetso bo babatsehang. Ho e-na le ho leka ho qobella Filemone hore a tšoarele Onesima ka matla a bolaoli ao Pauluse a neng a e-na le ’ona joaloka molebeli ea etelletseng pele ka phuthehong ea Bokreste, ka boikokobetso o ile a ipiletsa ho eena motheong oa lerato la Bokreste le setsoalle sa hae sa botho le eena. Kajeno balebeli ba ka rua molemo mokhoeng o nang le mosa le tlhompho oo Pauluse a ileng a atamela Filemone ka oona.
9. Ka ho sebetsa tumellanong le kōpo ea Pauluse, Filemone o ne a tla beha mohlala ofe o motle oo Bakreste ba o thahasellang kajeno?
9 Ka ho hlakileng Pauluse o ne a lebelletse hore Filemone a sebetse tumellanong le kōpo ea hae, ’me ho etsa ha Filemone joalo e ne e tla ba tsela ea sebele ea ho sebelisa seo Jesu a se boletseng ho Mattheu 6:14 le seo Pauluse a se boletseng ho Ba-Efese 4:32. Ka ho tšoanang kajeno ho ka lebelloa hore Bakreste ba be mosa ’me ba tšoarele moena ea khopisang. Haeba Filemone a ne a ka tšoarela lekhoba la hae leo ka molao a neng a lokolohile ho le tšoara hampe kamoo a ratang ka teng, kajeno Bakreste ba lokela hore e be ba khonang ho tšoarela moena ea khopisang—e leng ho bonolo haholo ha ho bapisoa le hoo.
10. Ho sebetsa ha moea oa Jehova ho bonahala ka ho hlaka joang lengolong le eang ho Filemone?
10 Ho sebetsa ha moea oa Jehova ho bonahala ka ho hlakileng haholo lengolong lena le eang ho Filemone. Ho bonahatsoa ke tsela ea botsebi eo Pauluse a ileng a sebetsana le bothata bona bo amang maikutlo ka eona. Ho bonahala ka ho hlaka qenehelong, leratong le mofuthu, le ho tšepeng Mokreste-’moho tseo Pauluse a li bontšang. Ho bonoa ’neteng ea hore lengolo le eang ho Filemone, joaloka Mangolo a mang, le ruta melao-motheo ea Bokreste, le khothalletsa bonngoe ba Bokreste, ’me le hōlisa lerato le tumelo tse atileng har’a “bahalaleli,” ba tšepileng ’Muso oa Molimo bao hape boitšoaro ba bona bo bonahatsang mosa o lerato oa Jehova.—Tem. 5.
-
-
Buka ea Bibele ea 58—Ba-Heberu“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
-
-
Buka ea Bibele ea 58—Ba-Heberu
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Roma
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 61 C.E.
1. Pauluse o ngotse lengolo le eang ho Baheberu tumellanong le thōmo efe?
PAULUSE o tsebahala ka ho fetisisa e le moapostola “ho lichaba.” Empa na tšebeletso ea hae e ile ea fella ho bao e seng Bajode? Le hanyenyane! Nakoana feela pele Pauluse a kolobetsoa ’me a fuoa thōmo ea mosebetsi oa hae, Morena Jesu o ile a re ho Ananiase: “Monna enoa [Pauluse] ho ’na ke sejana se khethiloeng ho isa lebitso la ka ho lichaba esita le ho marena le bara ba Iseraele.” (Lik. 9:15, NW; Ba-Gal. 2:8, 9, BPN) Ruri ho ngoloa ha buka ea Ba-Heberu ho ne ho lumellana le thōmo ea Pauluse ea ho isa lebitso la Jesu ho bara ba Iseraele.
2. Likhang tse hanyetsang hore Pauluse ke eena mongoli oa Baheberu li ka hlōloa joang?
2 Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ba bang ba belaella hore Pauluse ke eena ea ngotseng Ba-Heberu. Khanyetso e ’ngoe ke hore lebitso la Pauluse ha le hlahe lengolong lena. Empa ha e le hantle sena hase bothata, joalokaha libuka tse ling tse ngata tse amoheloang e le karolo ea Mangolo a Halalelang li sa hlahise lebitso la mongoli, eo hangata a tsejoang ka bopaki bo ka har’a buka. Ho feta moo, ba bang ba ikutloa hore e ka ’na eaba Pauluse o siile lebitso la hae ka thōko ka morero ha a ngolla Bakreste ba Baheberu Judea, kaha Bajode ba moo ba ne ba entse hore lebitso la hae le hlouoe. (Lik. 21:28, NW) Ho fetola mokhoa oa ho ngola ho tloha mokhoeng oo a ngotseng liepistole tse ling tsa hae ka oona le hona hase khanyetso e utloahalang ea hore Pauluse ke eena mongoli. E-bang Pauluse o ne a bua le bahetene, Bajode, kapa Bakreste, ka mehla o ne a bontša hore o khona “ho fetoha lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” Mona o behela Bajode mabaka joaloka Mojode, o hlahisa likhang tseo ba neng ba ka li utloisisa le ho li ananela ka ho felletseng.—1 Ba-Kor. 9:22, NW.
3. Ke bopaki bofe bo ka har’a buka ee bo tšehetsang hore Pauluse ke eena mongoli oa Ba-Heberu le bo bontšang hore o ne a e ngolletse Bajode ka ho khethehileng?
3 Bopaki bohle bo ka har’a buka ena bo tšehetsa hore Pauluse ke eena mongoli. Mongoli o ne a le Italy ’me o ne a tsamaea le Timothea. Linnete tsena li tšoanela Pauluse. (Ba-Heb. 13:23, 24) Ho feta moo, thuto e tšoana le ea Pauluse hantle, le hoja likhang li hlahisoa ka pono ea litaba ea Bajode, e reretsoeng ho ipiletsa phuthehong eo e neng e le ea Baheberu feela eo lengolo leo le neng le lebisitsoe ho eona. Ntlheng ena Commentary ea Clarke, Moqolo 6, leqephe 681, e bolela tjena mabapi le Ba-Heberu: “E ne e ngolletsoe Bajode, bao e leng bona ka tlhaho, ’me tsela eohle eo epistole eo e ngotsoeng ka eona e paka hoo. Haeba e ne e ngolletsoe Balichaba, ha ho lea mong har’a ba sekete ho bona ea neng a ka utloisisa khang eo, kahobane ba sa tsebe tsamaiso ea Bajode hantle; eo hohle mongoli enoa a hopolang hore baa e tseba.” Sena se thusa ho fana ka lebaka la phapang ea mokhoa oa ho ngoloa ha eona ha o bapisoa le oa mangolo a Pauluse a mang.
4. Ho na le bopaki bofe bo eketsehileng mabapi le hore Pauluse ke eena mongoli oa Ba-Heberu?
4 Ho sibolloa ha Chester Beatty Papyrus No. 2 (P46) hoo e ka bang ka 1930 ho fane ka bopaki bo eketsehileng ba hore Pauluse ke eena mongoli. Ha mohlahlobisisi ea tsebahalang oa taba e ngotsoeng oa Brithani Monghali Frederic Kenyon a bua ka codex ea loli, e ngotsoeng hoo e ka bang lilemo tse lekholo le halofo feela ka mor’a lefu la Pauluse, o itse: “Ke ho hlokomelehang hore Ba-Heberu e behiloe boemong bo latelang ba Ba-Roma hantle (boemo boo ho neng ho e-s’o ka ho e-ba le e ’ngoe e behoang ho bona), e leng ho bontšang hore nakong ea pele ha buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ngoloa ho ne ho se pelaelo ka hore e ngotsoe ke Pauluse.”a Potsong eona ena, Cyclopedia ea McClintock le Strong e bolela ka ho toba: “Ha ho bopaki bo tiileng, ka ntle kapa ka hare ho buka, bo tšehetsang motho ofe kapa ofe ea reng ke eena ea ngotseng epistole ena haese Pauluse.”b
-