Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/98 leq. 1
  • Moea oa Jehova o na le Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moea oa Jehova o na le Rōna
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ka Lebitso la Moea o Halalelang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Tataisoa ke Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo le Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Tsamaea ka Moea ’me U Phelele Boinehelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Kamoo Moea oa Molimo o ka U Amang ka Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 5/98 leq. 1

Moea oa Jehova o na le Rōna

1 Joaloka Lipaki tsa Jehova, re abetsoe mosebetsi o tsotehang. Jesu o itse: “Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle.“ (Mar. 13:10) Hase talingoa ho latela pono ea batho, sena se ka bonahala se ke ke sa khoneha, empa ha ho joalo. Re na le matla a maholo ka ho fetisisa bokaho-hleng a re tšehetsang—moea oa Molimo.—Mat. 19:26.

2 Bopaki ba Lekholong la Pele la Lilemo: Jesu ha a sebelisa boprofeta ba Esaia ho eena ka boeena, o ile a re: ’Moea oa Jehova o holim’a ka hore ke bolele litaba tse molemo.’ (Luka 4:17, 18) Pele a nyolohela leholimong, o ile a bole-lla baapostola ba hae hore ka mokhoa o tšoanang moea o halalelang o tla ba fa matla hore ba pake ho “isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” Ka mor’a moo, Filipi o ile a laeloa ke moea o halalelang ho ea bolella mohlanka oa lekhotla oa Moethiopia, moea o ile oa romela Petrose ho molaoli oa lekholo oa Moroma, ’me oa romela Pauluse le Barnabase ho ea bolella Balichaba. Ke mang ea neng a ka nahana hore batho ba limelo tse joalo ba ne ba ka arabela ’neteng? Empa ba ile ba etsa joalo.—Lik. 1:8; 8:29-38; 10:19, 20, 44-48; 13: 2-4, 46-48.

3 Bopaki ba Mehleng ea Kajeno: Buka ea Tšenolo e hatisa ho kenella ha moea o halalelang mosebetsing oa kajeno oa ho bolela ka ho re: “Moea le monyaluoa ba ntse ba tsoela pele ho re: ’Tloo!’... Mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.“ (Tšen. 22:17) Moea o susumelelitse sehlopha sa monyali oa Kreste le metsoalle ea sona ea “linku tse ling” ho bolella batho bohle litaba tse molemo. (Joh. 10:16) Re lokela ho ba sebete boboleling ba rōna, le ka mohla re se tsilatsile ho atamela batho ba mefuta eohle, ka linako tsohle re kholisehe hore moea oa Molimo o tla re thusa. Buka ea Selemo ea 1998 e fana ka bopaki bo kholisang ba hore moea oa Molimo o tsoela pele ho ba le bahlanka ba hae. Ak’u talime phello! Lilemong tse peli tse fetileng tsa tšebeletso, kakaretso ea batho ba fetang 1000 e ne e kolobetsoa ka letsatsi.

4 Kholiseha hore moea oa Molimo o tla tsoela pele o e-na le rōna ha re ntse re bolela molaetsa oa ’Muso ho fihlela moo e leng thato ea Jehova. Tsebo ena e lokela ho re khothatsa le ho re susumelletsa ho tsoela pele re ikitlaetsa ka matla mosebetsing ona oa bohlokoa ka ho fetisisa oa ’Muso.—1 Tim. 4:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela