-
Ho Arabela Pitso Lihleke-hlekeng tsa MicronesiaMolula-Qhooa—1987 | November 15
-
-
Kosrae selemo le selemo ke tlhohonolofatso ea sebele.” Mabapi le Belau, Roger oa tlaleha: “Re hlohonolofalitsoe ka Holo ea ’Muso e ncha le sehlopha sa bahoeletsi ba tšepahalang.” Ha a talima lilemong tse fetileng, Placido o re: “Tataiso ea Jehova le moea o halalelang li bonahetse ka ho totobetseng bophelong ba rōna. Sena se re thusitse ho atamela haufi le eena, ’me re utloa boteng ba hae ho rōna.”
Liphihlelo tse joalo li thusitse baromuoa ho khomarela likabelo tsa bona. Ba bangata ho bona ba ka hetla morao ’me ba hopola ho theoa ha phutheho ea pele sebakeng sa bona. Joaloka moapostola Pauluse, ba na le thabo e ke keng ea lekanngoa ea ‘ho se hahe motheong oa ba bang.’ (Ba-Roma 15:20) Boikutlo ba bona bo bontšoa hantle ke tlhaloso ena: “Ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Ke lumela hore Jehova o sa ntse a tla bula menyetla e mengata le ho tlisa batho ba bangata ba eketsehileng ba kang linku sehleke-hlekeng, ’me re na le tokelo ea ho kopanela mosebetsing oo.”
“Lehlohonolo la Jehova le entša motho, hase mokhathala oa hae o mo ekeletsang leruo,” ho bolela Liproverbia 10:22. Ba arabetseng pitso ea boromuoa lihleke-hlekeng tsa Micronesia ruri ba latsoitse tlhohonolofatso ena hammoho le thabo le khotsofalo tse tsoang ho Jehova.
-
-
Lipotso tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1987 | November 15
-
-
Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na Pauluse o ne a bua ka Jehova kapa Jesu ha a ngola hore: “Morena a re ho ’na: Matla a ka a entsoe a phethahetseng mefokolong”?
Ho bonahala moapostola Pauluse a ne a bua ka Morena Jehova. Ka ho hlokomela mantsoe a Pauluse a likolohileng taba, ha re bone feela hore ke hobane’ng ho le joalo empa hape re ka boetse ra tebisa kananelo ea rōna ka kamano e mahareng a Molimo le Mora oa hae. Pauluse o ngotse:
“Hore ke se ke ka ikutloa ke phahame haholo, ke neiloe phatsa e hlabang ka nameng, e leng lengeloi la Satane, le tle le ’ne le nkoahlele, ke hore ke se ke ka iphahamisa haholo. Ka baka lena, ke rapetse Morena hararo, hore ntho eo e tlosoe ho ’na; empa leha ho le joalo Morena a re ho ’na: ‘Mosa oa ka u sa tšoanelang o u lekane; hobane matla a ka a entsoe a phethahetseng mefokolong.’ Ka baka leo, ka thabo, nka mpa ka ithorisa ka mefokolo ea ka, hore matla a Kreste a lule holim’a ka joaloka tente.”—2 Ba-Korinthe 12:7-9, NW.
Mohlomong phatsa e hlabang nameng ea Pauluse e ne e le bothata ba mahlo kapa baapostola ba bohata ba neng ba phephetsa mosebetsi oa hae oa boapostola. (Ba-Galata 4:15; 6:11; 2 Ba-Korinthe 11:15, 12-15) Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, e ne e ikemiselitse ho nyahamisa Pauluse kapa ho mo sitisa ho itlotlisa ka tšebeletso ea hae. Kahoo ka makhetlo a mararo a kōpa hore e tlosoe. Empa o kōpile mang hona ke mang ea arabetseng ka hore “matla a ka”?
Kaha serapa se bua ka “matla a Kreste,” ho bonahala mohlomong Pauluse a ne a kōpa matla ho Morena Jesu. Ntle ho pelaelo, o na le matla ’me a ka a neha barutuoa ba hae. (Mareka 5:30; 13:26; 1 Timothea 1:12) Ha e le hantle, Mora oa Molimo o “boloka lintho tsohle ka lentsoe la matla a hae.”—Ba-Heberu 1:3, NW; Ba-Kolosse 1:17, 29.
Leha ho le joalo, Morena Molimo ke mohloli oa ho qetela oa matla, ao a ka a nehang ’me a bile a a nehang barapeli ba hae. (Pesaleme ea 147:5; Esaia 40:26, 29-31) Matla a joalo a tsoang ho Molimo a nolofalelitse Jesu ho etsa mehlolo ’me a ntse a tla mo nolofaletsa ho nka bohato. (Luka 5:17; Liketso 10:38) Ka ho tšoanang, baapostola ba Jesu le barutuoa ba bang ba fumane matla ho Jehova. (Luka 24:49; Ba-Efese 3:14-16; 2 Timothea 1:7, 8) Bana ba ne ba akarelletsa Pauluse, ea sebelelitseng “ho ea ka neo ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo a o neiloeng [moapostola] ho ea ka tšebeletso ea matla a oona.”—Ba-Efese 3:7, NW.
Kaha Pauluse o ile a kōpa hore ‘phatsa e hlabang nameng, e leng lengeloi la Satane,’ e tlosoe, ke ho utloahalang hore o ile a lebella hore Morena Molimo a etse sena, kaha Jehova ke eena feela eo lithapelo li lebisoang ho eena. (Ba-Filippi 4:6; Pesaleme ea 145:18) Ho feta moo, ha Jehova a ne a khothatsa Pauluse ka mantsoe ana, “Matla a ka a entsoe a phethahetseng mefokolong,” ha a qhelele Jesu kathōkō. Matla a tsoang ho Morena Molimo a ka hlalosoa e le “matla a Kreste [a neng a le] joaloka tente” holim’a Pauluse, hobane ‘Kreste ke matla a Molimo le bohlale ba Molimo.’ (1 Ba-Korinthe 1:24) Kahoo, 2 Ba-Korinthe 12:7-9, ho ea ka New World Translation e re thusa ho ananela hamolemo tsela ea bohlokoahali eo ka eona Jehova a sebelisang Mora oa hae ho phethahatsa thato ea bomolimo.
-