Balebeli ba Etellang Pele—Molebeli ea Okamelang
1 Ho sebeletsa u le molebeli ka phuthehong ke boikarabelo bo tebileng. (Lik. 20:28; 1 Tim. 3:1) Sehlooho sena ke sa pele letotong la lihlooho tse tla thathamisa mesebetsi e sa tšoaneng ea baholo ba Bakreste e le hore bohle re ka utloisisa mosebetsi oa bohlokoa oo ba o etsang molemong oa rōna.
2 Mokhatlo o khetha molebeli ea okamelang hore a sebeletse ka nako e sa lekanyetsoang. Kaha molebeli ea okamelang o hokahanya lintho, sena se thusa baholo ho lebisa tlhokomelo e loketseng mesebetsing eo ba e abetsoeng. (Tšebeletso ea Rōna, leq. 41-2) See se akarelletsa eng?
3 Molebeli ea okamelang o amohela poso ea phutheho ’me o e fetisetsa ka potlako ho mongoli hore a sebetsane le eona. Molebeli ea okamelang ha a lokisetsa liboka tsa baholo, o fumana litlhahiso ho baholo litabeng tseo ho hlokahalang hore ho buisanoe ka tsona ebe o etsa kemiso ea seo ho tla buisanoa ka sona. O boetse o sebetsa e le molula-setulo libokeng tsa baholo. Ha ho etsoa liqeto, o hlokomela hore li phethahatsoa ka nepo. O okamela tokisetso ea Seboka sa Tšebeletso le ho etsoa ha kemiso ea lipuo tsa phatlalatsa. Ke eena ea fanang ka tumello ea ho etsoa ha litsebiso tsohle tse etsetsoang phutheho, o fana ka tumello ea ho lefshoa ha litšenyehelo tsohle tse tloaelehileng, ’me o tiisa hore liak’haonte tsa phutheho li hlahlojoa ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo.
4 Joaloka molula-setulo, molebeli ea okamelang o hokahanya mosebetsi oa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho. Ha seithuti sa Bibele se kōpa ho amoheloa e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang kapa ha mohoeletsi ea sa kolobetsoang a batla ho kolobetsoa, molebeli ea okamelang o lokisetsa hore baholo ba buisane le eena. Molebeli ea okamelang o boetse o etella pele ho lokisetseng ketelo ea molebeli oa potoloho e le hore phutheho e ka rua molemo o feletseng bekeng eo e khethehileng ea tšebetso.
5 Mesebetsi ea molebeli ea okamelang e mengata ebile ha e tšoane. Ha ka boikokobetso a ntse a hlokometse boikarabelo ba hae “ka tieo eohle,” rōna bohle re ka phetha karolo ea rōna ka ho sebelisana le baholo. (Baroma 12:8) Haeba re ‘mamela’ re bile re ‘ipeha tlas’a’ ba etellang pele har’a rōna, ba ka etsa mosebetsi oa bona ka thabo ea sebele e khōloanyane.—Baheb. 13:17.