-
Tsoela Pele U Ikoetlisa Sepheo sa Hao e le Boinehelo ba BomolimoTšebeletso ea ’Muso—1992 | December
-
-
Tsoela Pele U Ikoetlisa Sepheo sa Hao e le Boinehelo ba Bomolimo
1 Ka ho sa khaotseng Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re koetlisetsa ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Tim. 2:15, NW) Na u ngolisitse? Haeba ha ho joalo ’me ua tšoaneleha, ke hobane’ng ha u sa rue molemo ka tokisetso ee e ntle ka ho ingolisa hona joale?
2 Karolo ea bohlokoa ea sekolo ke lenaneo la ’malo oa Bibele oa beke le beke. Kemiso ea hao ea thuto ea botho e lokela ho kopanyeletsa ho bala likhaolo tse bontšitsoeng Bibeleng e le hore u qetelle u balile Bibele kaofela.
3 Ho qala ka kemiso ea sekolo ea 1993, ’malo oa Bibele o koaheloang ke Puo No. 2 o tla baloa kaofela ho sa etsoe khefu lintlheng tse ling. Sena se bolela hore seithuti se fanang ka puo ena se tla kopanyeletsa boitsebiso bo hlalosang kenyeletsong ea sona le qetellong ea puo feela. Moena ea abetsoeng ho nehelana ka lintlha tse khōlō tsa Bibele o lokela ho fokotsa litlhaloso tsa hae ha a bua ka litemana tse abetsoeng Puo No. 2 e le hore sebui se abetsoeng puo eo se ka hōlisa boitsebiso ba sona ka ho feletseng ’malong oa Bibele.
4 Molebeli oa sekolo o tla tšoaea leqephe la Keletso ea Puo la ba nehelanang ka Lipuo No. 2, 3, le 4. Ha hoa lebelloa hore a latele tatelano e leqepheng la keletso empa a ka fana ka keletso e tobileng lintlheng tseo ho tsona seithuti se lokelang ho ntlafatsa. Ha ho hlokahale hore a tšoaee leqephe la keletso la sebui se nehelanang ka Kabelo No. 1, le hoja a ka se eletsa lekunutung ha ho hlokahala.
5 Bohle ba tšoanelehang ba lokela ho sebelisa ka botlalo monyetla oa litokisetso tsa moea tse etsoang ke Jehova, ho kopanyeletsa koetliso e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Koetliso e joalo e ka lebisa tšebeletsong e atlehang haholoanyane.—1 Tim. 4:7.
-
-
LitsebisoTšebeletso ea ’Muso—1992 | December
-
-
Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R8,00. January: Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso” ka monehelo oa R2,60. February: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00. March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R8,00 kapa Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ka monehelo oa R4,00.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka December 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo.
◼ Sehopotso sa 1994 se tla ba ka Moqebelo, March 26, ka shoalane. Tsebiso ena e fanoang esale pele ea letsatsi la mokete oa Sehopotso ka 1994 e fanoa e le hore baena ba ka beeletsa libaka kapa ba etsa litumellano tse hlokahalang bakeng sa liholo tse fumanehang ha ho e-na le liphutheho tse ngata haholo tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me ba tlameha ho fumana libaka tse ling.
◼ Ho qala ka tokollo ea January 8, 1993, ho tla hatisoa makasine o tsoang hanngoe ka khoeli oa Tsoha! ka Setsonga. Liphutheho li khothaletsoa hore li romele Odoro ea Kabo (M-AB-202) le lipeeletso hang-hang.
◼ Nako le nako ho hlokahala liaparo tse boemong bo botle tse kileng tsa sebelisoa le lieta bakeng sa baena ba Afrika Boroa le linaheng tse haufi. Liaparo tse kileng tsa sebelisoa tse ka aparoang ’me li le boemong bo botle li ka romeloa ho Mokhatlo ka har’a mekotla e koetsoeng ea polasetiki kapa mabokose. Ka kōpo romelang liaparo tsa banna, basali, le bana ka mekotleng e sa tšoaneng ’me le ngole mokotla ka mong hantle hore na o tšetse eng.
◼ Baholo le/kapa bahlanka ba sebeletsang bao maemo a bona a ba lumellang ba khothaletsoa hore ba khutlele Venda hammoho le malapa a bona. Ho na le baena ba ’maloa ba joalo bao e ka ’nang eaba ba na le matlo le thepa e itseng Venda bao ho leng bonolo hore ba khutle ’me ba thuse mosebetsing oa ho ruta le ho matlafatsa liphutheho.
◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:
Gujarati: Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? (bakeng sa Mahindu; phutheho le batho bohle: lisente tse 80; bo-pula-maliboho: lisente tse 40). Hindi: Our Problems—Who Will Help Us Solve Them? (bakeng sa Mahindu; phutheho le batho bohle: lisente tse 80; bo-pula-maliboho: lisente tse 40).
-
-
Lebokose la LipotsoTšebeletso ea ’Muso—1992 | December
-
-
Lebokose la Lipotso
◼ Na re lokela ho letsetsa Mokhatlo thelefono bakeng sa ho fumana likarabo lipotsong tsa Bibele kapa ha re batla keletso ea botho?
Batho ba bangata ba sebelisa thelefono bakeng sa ho etsa lintho kapele, empa hangata ho ameha ho fetang feela ho potlaka. Lefatšeng ho tloaelehile ho eteletsa pele boiketlo ba botho; batho ba qoba ho ikitlaetsa.
See se fapane hakaakang le keletso ea Molimo! O re phehella hore re batle tsebo joalokaha eka re batla matlotlo a patiloeng, e leng ho bolelang hore re ikemisetse ho ikitlaetsa. Phihlelo e paka hore ho etsa joalo ho fella ka khotsofalo ea nako e telele.—Liprov. 2:1-4.
Boiteko bo joalo bo loketse haeba ho hlaha potso nakong eo re lokisetsang ho kopanela libokeng kapa haeba re tobana le bothata ba botho. Ho e-na le ho letsetsa Mokhatlo thelefono, re tla rua molemo ka hore rōna ka borōna re etse lipatlisiso ka Bibeleng le likhatisong tsa rōna, haholo-holo ho Watch Tower Publications Index, ka li-index tsa eona tsa bohlokoa tsa Mangolo le tsa lihlooho.
Ka mor’a hore ‘re batle matlotlo a patiloeng’ ka tsela ena, re ka atamela e mong oa baholo ba phutheho ea habo rōna haeba re ntse re hloka thuso. Baholo ba na le tsebo e ngata ea Bibele le phihlelo ea ho batla boitsebiso. Ka ho khetheha thuso ea bona e leka-lekaneng e tla ba e loketseng haeba re hloka keletso tabeng ea bothata ba botho kapa ho etsa qeto, hobane ba haufi le rōna ’me ba tseba boemo ba rōna.—Bapisa le Liketso 8:30, 31.
Haeba ho ntse ho bonahala hore ho hlokahala boitsebiso bo eketsehileng bo tsoang ho Mokhatlo ka ho toba, hangata ho molemo ho ngola lengolo. Baholo ba ka boetse ba thusa tabeng ea ho lokisetsa sena. Lengolo le joalo le tla fana ka nako bakeng sa hore karabo e thehoe lipatlisisong kapa ho nahanisisa ho lekaneng, hoo hangata ho ke keng ha etsoa ha ho sebelisoa thelefono.
-
-
Peho ea Tšebeletso ea SeptemberTšebeletso ea ’Muso—1992 | December
-
-
Peho ea Tšebeletso ea September
Bahoe. Bo-pu. Bo-pu.
Bohle. Ba Thus. Ba Kam.
Botswana 665 11 23
Lesotho 1 724 74 191
Namibia 606 20 28
St. Helena (Aug.) 140 1 -
South Africa 52 612 1 965 3 848
Swaziland 1 543 45 130
-