-
Sebelisa Nako ea Hao HamolemoTšebeletso ea ’Muso—1995 | June
-
-
Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo
1 Jehova o amehile ka nako. O batla hore le rōna re amehe ka nako. Ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o re thusa hore re amehe ka nako. Kamehla re khothalletsoa hore re be le ‘ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Ba-Kor. 15:58, NW) Ka tsela ena, re tla atleha haholoanyane tšebeletsong ea Jehova.
2 Kaofela ha rōna re na le nako e lekanang beke le beke—lihora tse 168. Re sebelisa nako ea rōna hamolemo hakae? Na re bontša hore ruri rea tseba hore na ke nako efe ho ea ka pono ea Jehova? Na re khelosoa ke mesebetsi eo e seng ea bohlokoa?
3 Ke habohlokoa hore re hlophisehe hantle. Ba bangata ba leka ho ba le lethathamo la lintho tse tlang pele. Ntho ka ’ngoe e behoa lethathamong ho latela bohlokoa ba eona. See se ka lekanyetsoa joang? Bibele e bolela hore motho o lokela ho “fumana tse molemo ka mesebetsi ea hae.” (Moek. 3:13, BPN) Mesebetsi e meng e na le liphello tse molemo ho feta e meng. Hlahloba liphello tseo mosebetsi ka mong o tla li hlahisa. Na ho phetha mosebetsi oo ho tla hlahisa melemo e hlokomelehang? Na u tla “fumana tse molemo” bakeng sa mosebetsi oa hao o boima? Haeba ha ho joalo, mohlomong hase mosebetsi o tlang pele.
4 Tšebeletsong ea Rōna: Re ananela ha ba bang ba fihla libokeng tsa tšebeletso ka nako, ba mamela litaelo ka hloko, ’me ba tloha hang-hang ho ea tšimong. Re khetha ho tšoareha ka boboleli ho e-na le ho leta. Ka ho totobetseng Pauluse o ile a bona ho hlokahala ka matla hore ho be le tlhophiso ha a ne a ngola: “Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.”—1 Ba-Kor. 14:40.
5 Ha re le tšebeletsong ea tšimo, re ka lahleheloa ke nako ea bohlokoa ka khefu ea lijo tse bobebe. Leha ho le joalo, ha maemo a leholimo a se matle, ho ba le khefu ho tla re khatholla ’me ho re thuse hore re ’ne re tsoele pele. Leha ho le joalo, ba bangata ba khetha ho tšoareha ka ho pakela batho ’me ba tlohela ho ba le botsoalle le baena linakong tsa khefu ea lijo tse bobebe ka nako e beheletsoeng ka thōko bakeng sa tšebeletso. Ho hlokahala ho leka-lekana.
6 “Mokotatsie e tseba nako ea eona” ea ho falla, ’me bohloa “bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula” e le hore bo itokisetse mariha, joalokaha Bibele e bolela. (Jer. 8:7; Liprov. 6:6-8) Ke lona lekunutu la ho sebelisa nako hamolemo. Le rōna re tlameha ho tseba ‘nako ea rōna.’ Re lokela hore re amehe ka nako, empa leha ho le joalo ha ho hlokahale hore re be ba sa fetoheng ka ho fetelletseng. Ho hlokahala hore re tsebe eseng feela seo re tlamehang ho se etsa empa hape le nako eo re tlamehang ho se etsa ka eona. Re tlameha ho tloaela ho nahanela pele, ho fana ka sebaka bakeng sa lintho tse ka ’nang tsa re liehisa. Hape re lokela ho ikemisetsa ho fokotsa mesebetsi e meng bakeng sa ho ba le nako ea ntho e itseng ea bohlokoa haholoanyane, e kang ho lokisetsa liboka tsa rōna, tšebeletso ea tšimo, le mesebetsi e meng ea puso ea Molimo.
7 Re batla ho tšoana le Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo, ea re rutang hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona.” (Moek. 3:1) Ka ho sebelisa nako ea rōna hantle, re ka ‘phethisisa tšebeletso ea rōna.’—2 Tim. 4:5.
-
-
Litaba tsa Puso ea MolimoTšebeletso ea ’Muso—1995 | June
-
-
Litaba tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Re thabela ho etsa tsebiso ea hore Phutheho ea Upington e nehetse Holo ea eona ea ’Muso ka la 25 February, 1995. Phutheho ena e na le bahoeletsi ba 57 ’me ba 196 ba ile ba ba teng ha e neheloa. Ena ke Holo ea ’Muso ea bo20 e nehetsoeng selemong sena sa tšebeletso.
-
-
Lebokose la LipotsoTšebeletso ea ’Muso—1995 | June
-
-
Lebokose la Lipotso
◼ Re ka araba joang ka mokhoa o atlehang haholo libokeng?
Re lebella ka cheseho ho kopana hammoho libokeng tsa beke le beke tsa phutheho. Mona re ba le monyetla oa ho bontša tumelo ea rōna le ho khothatsa ba bang ka likarabo tsa rōna. (Liprov. 20:15; Ba-Heb. 10:23, 24) Re lokela ho talima ho araba e le tokelo ’me re hahamalle ho ba le seabo kamehla. Re ka etsa sena joang ka mokhoa o atlehang?
Ho lokisetsa ke mohato oa pele. Ho bala le ho nahana ka boitsebiso esale pele ke habohlokoa. Leka ho fumana moelelo oa se boleloang. Le hoja e ka ’na eaba taba eo ho se ho ile ha buisanoa ka eona nakong e fetileng, batla lintlha tse hōlisitsoeng kapa tse hlakisitsoeng tse fanoeng. Hopola sehlooho se akaretsang sa boitsebiso. Ha u lokisetsa likarabo ho sengoliloeng se nang le thuto e tebileng ea buka ea Bibele, joaloka buka ea Tlhōrō ea Tšenolo, leka ho bona kamoo temana e itseng e amanang le litemana tse e potolohileng. Ho sebelisa litlhahiso tsena ho tla susumetsa matla a hao a ho nahana. Ho tla u thusa hore u lokisetse likarabo tse ntle ’me u thabisoe ke ho kopanela ha hao.
Likarabo tse molemohali li khutšoanyane, li behiloe ka mantsoe a bonolo, ’me li thehiloe ho sengoliloeng se ithutoang. Motho ea arabang pele o lokela ho araba potso ka ho toba, a siee lintlha tse ling bakeng sa likarabo tse eketsehileng. Qoba likarabo tse telele, tse hlahlathelang tse senyang nako ’me li sitisa ba bang ho araba. Bua ka mantsoe a hao, ho e-na le ho bala karabo ea hao lentsoe ka lentsoe ho tsoa ho sengoliloeng. Likarabo tse tlatsetsang li ka akarelletsa lintlha tse koahelang litemana tse qotsitsoeng tsa Lengolo. Mamela ka hloko se boleloang ke ba bang e le hore u ka qoba ho pheta-pheta ho sa hlokahaleng.
Ho molemo ho phahamisa letsoho ka makhetlo a mangata empa eseng serapeng se seng le se seng. Re khothalletsa bacha hore ba be le seabo ho faneng ka likarabo. Haeba u leqe tabeng ea ho araba, u ka tsebisa mokhanni esale pele hore na u tla thabela ho araba serapeng sefe, ’me mohlomong o tla khona ho u fa monyetla oa ho etsa joalo.
Kaofela ha rōna re lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho ba le seo re tla se abela ba bang libokeng tsa phutheho ha ho hlokahala hore bamameli ba kopanele. Hopola, katleho ea liboka tse joalo e itšetlehile haholo ka boikemisetso ba rōna le katleho ea rōna ha re araba.—Pes. 26:12.
-
-
Thuto ea Buka ea PhuthehoTšebeletso ea ’Muso—1995 | June
-
-
Thuto ea Buka ea Phutheho
Kemiso bakeng sa lithuto tsa phutheho bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Ho tloha ho: Ho ea ho:
La 5 June: leq. 134, ¶21 leq. 138, ¶35
La 12 June: leq. 138, ¶36 leq. 142, ¶4*
La 19 June: Leqephe lohle la 139
La 26 June: leq. 143, ¶5 leq. 146, ¶17
* Ho sa kenyelletsoa leqephe la 139.
-
-
Peho ea Tšebeletso ea MarchTšebeletso ea ’Muso—1995 | June
-
-
Peho ea Tšebeletso ea March
Bahoe. Bo-pu. Bo-pu.
Bohle. Ba Thus. Ba Kam.
Botswana 826 22 47
Lesotho 2 064 105 203
Namibia 758 20 26
St. Helena (Feb.) 134 2 -
South Africa 58 009 2 364 4 247
Swaziland 1 649 79 145
-