Kamoo Litho Tsa Lelapa li Sebelisanang Hammoho Kateng Hore li Kopanele ka Botlalo—Thutong ea Bibele
1 ’Nete e eketsa morero oa sebele bophelong ba lelapa, empa ho sebeletsa Jehova ka katleho hase ntho e itlelang feela tjee. Ho hlokahala nako le boiteko bakeng sa ho haha lelapa le matla moeeng. Ho na le tlhokahalo e khōlō ea hore litho tsa lelapa li sebelisane haufi-ufi ha li leka ho etsa sena. Sehlooho sena sa pele letotong le nang le likarolo tse tharo se tla lebisa tlhokomelo tabeng ea hore na malapa a ka sebelisana hammoho joang ho ntlafatseng mekhoa e metle ea ho ithuta.
2 Ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi: Liproverbia 24:5 (NW), e bolela hore “motho ea nang le tsebo o eketsa matla.” Tsebo e fumanoang ka ho bala Lentsoe la Molimo kamehla e fa motho matla a ka hare a hlokahalang hore a hanele litlhaselo tsa Satane moeeng. (Pes. 1:1, 2) Na le bala Bibele kamehla hammoho le le lelapa? Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e na le “Kemiso e Tlatsetsang ea ’Malo oa Bibele” bakeng sa beke ka ’ngoe selemong. Hore e lateloe, ho hlokahala metsotso e leshome feela ea nako ea lelapa letsatsi ka leng. Khethang nako e loketseng ea hore le bale Bibele le ho hlahloba temana ea letsatsi e hlahang ho Ho Hlahlobisisa Mangolo, e kang nako ea lijo tsa hoseng, ka mor’a hore le je lijo tsa mantsiboea, kapa pele le robala. Etsang sena hore e be karolo ea mokhoa oa lelapa la lōna letsatsi le letsatsi.
3 Ka ho Ithuta Hammoho Beke le Beke: Thuto ea Bibele ea lelapa e lokela ho ba ntho e ka sehloohong ea lelapa bekeng. Setho ka seng se lokela ho e tšehetsa ka hore se kopanele ka cheseho thutong. Hlooho ea lelapa e tla rata hore e hlahlobe litlhoko tsa lelapa ha e khetha boitsebiso bo tla ithutoa le letsatsi, nako, le bolelele ba thuto. Etsang hore thuto ea lelapa e be ntho e tlang pele kemisong ea beke. Le se ke la lumella lintho tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo hore li le sitise.—Bafil. 1:10, 11.
4 Ntate e mong eo kamehla a neng a fumana mehala ea mosebetsi ha a le hae o ne a hakolla thelefono nakong ea thuto ea lelapa. Haeba batho ba hlokang tšebeletso ba ne ba e-tla lapeng, ba ne ba memeloa hore ba kopanele thutong kapa ba eme ho fihlela e felile. Ntate eo o ne a ikemiselitse hore ho se be letho le neng le ka sitisa thuto ea lelapa. Sena se ile sa e-ba le tšusumetso e tebileng ho bana ba hae, ’me khoebo ea hae le eona e ile ea atleha.
5 Ke ho thabisang hakaakang ha litho tsa lelapa li sebelisana hammoho mesebetsing ea moea! Ho etsa boiteko ka botšepehi ba ho kopanela ka botlalo thutong ea Bibele ea lelapa ho tla tlisa tlhohonolofatso ea Jehova.—Pes. 1:3.