Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • E-ba ea Atlehang Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea ’Muso—1998 | November
    • petrole. Ho etsa bonnete ba hore re phetha tšebeletso ea rōna ka mokhoa o hlophisehileng, o nang le seriti, re tla sebetsa feela tšimong eo re e abetsoeng ntle le ha ho entsoe litokisetso tse khethehileng ka Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ea phutheho e ’ngoe, tsa hore ba thusoe.—Bapisa le 2 Bakorinthe 10:13-15.

      19 Liphutheho tse ling tse nang le libaka tse ngata tseo ho tsona ho ka etsoang bopaki ba phatlalatsa li hlophisitse libaka tsena hore e be masimo. Joale karete ea tšimo e fuoa mohoeletsi a le mong kapa sehlopha. Sena se nolofalletsa hore ho koaheloe tšimo ka katleho ’me se thibela hore bahoeletsi ba bangata haholo ba sebetse sebakeng se le seng ka nako e tšoanang, tumellanong le molao-motheo o ho 1 Bakorinthe 14:40: “Lintho tsohle a li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”

      20 Ponahalo ea rōna ea botho e lokela hore kamehla e be e nang le seriti le e emelang basebeletsi ba jereng lebitso la Jehova. Ho boetse ho joalo le ka thepa eo re e sebelisang. Mekotlana ea libuka e tabohileng le Libibele tse sosobaneng maqephe kapa tse litšila li tlosa seriti molaetseng oa ’Muso. Ho ’nile ha boleloa hore moaparo le boitlhopho “ke mokhoa o potlakang oa puisano sechabeng o fang batho ba u potolohileng boitsebiso ka hore na u mang le ka seo u leng sona le moo u oelang teng tlhophisong ea lintho.” Ka hona, ponahalo ea rōna ha ea lokela ho ba e bohlasoa kapa e sa hlophisehang, leha e le hore e be e phatsimang kapa e feteletseng, empa kamehla e be e “tšoanelang litaba tse molemo.”—Bafil. 1:27; bapisa le 1 Timothea 2:9, 10.

      21 Ho 1 Bakorinthe 9:26, moapostola Pauluse o re: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka ba ea otlang moea.” Re etsisa Pauluse, re ikemiselitse ho ba le tšebeletso e atlehang, e hlahisang litholoana. Ha re ntse re kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho paka re le karolo ea “lebotho la litsie” la Jehova kajeno, e se eka re ka sebelisa kahlolo e molemo ea Bokreste le temoho ka ho tlisa molaetsa oa poloko ho bohle ba leng tšimong ea rōna.

  • Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane
    Tšebeletso ea ’Muso—1998 | November
    • Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane

      Joalokaha ho bontšitsoe ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1997, leqepheng la 1, joale re fana ka lethathamo la libaka tseo ho tsona ho nang le tlhokahalo ea baholo, bahlanka ba sebeletsang le bo-pula-maliboho. Leha e le bafe, ebang ba lenyalong kapa ke masoha, ba ka ratang ho fallela ho se seng sa libaka tsena ba lokela ho hlahloba boitsebiso bo bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 112 ’me joale ba buisane ka hona le baholo ba sebakeng sa habo bona. Ikutloe u lokolohile ho ngolla lekaleng bakeng sa lintlha tse eketsehileng ka sebaka leha e le sefe sa tsena.

      Bapong: Ka bophirimela ho Brits. Tsimo e khōlō e nang le bahoeletsi ba 29. Ho hlokahala bo-pula-maliboho, baholo, kapa bahlanka ba sebeletsang ho etella pele.

      Clocolan: E na le sehlopha sa bahoeletsi ba robong. Ho hlokahala malapa a matla kapa bo-pula-maliboho ho ea thusa sebakeng sena.

      Van Stadensrus: Haufi le Wepener. Ho na le morali’abo rōna ea sebetsang a le mong sebakeng sena. Batho ba ’maloa ba thahasellang ba ba teng libokeng tsa beke le beke ’me ba hloka thuso. Ho hlokahala bo-pula-maliboho, baholo, kapa bahlanka ba sebeletsang ho etella pele le ho ea sebetsa tšimong ena e hlahisang litholoana.

      Botswana

      Kanye: Phutheho e nang le bahoeletsi ba 35 le moholo a le mong. E hloka thuso ea moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, ea nang le lelapa.

      Lesotho

      ’Mantšebo: Phutheho e nang le bahoeletsi ba 115 le moholo a le mong. Ho hlokahala baholo ka potlako.

      Pitse’s Nek: Phutheho e nyenyane e nang le bahoeletsi ba 25 e hloka thuso ea moholo kapa mohlanka ea sebeletsang.

      Quthing: Phutheho e khōlō e nang le bahoeletsi ba 122 e nang le baholo ba babeli. E hloka thuso ea baholo, haholo-holo ba nang le malapa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela