Rapella Thuso ea Jehova
1 Jesu o ile a hatisa ho barutuoa ba hae hore ho hlokahala tlhohonolofatso ea Jehova tšebeletsong ea bona. (Mat. 9:37, 38) Lithapelo tsa rōna tse tlohang botebong ba pelo le liteboho hammoho le likōpo tse matla le lithapeli li bontša ho itšetleha ha rōna ka ho feletseng ka Jehova bakeng sa thuso ea hae. (Bafil. 4:6, 7) Mangolo a re khothalletsa hore re tsoele pele ho rapela “ka mofuta o mong le o mong oa thapelo le thapeli,” ’me sena se ne se tla sebetsa le lithapelong tsa rōna mabapi le tšebeletso.—Baef. 6:18.
2 Re rorisa Jehova ka thapelo ka lebaka la litšobotsi tsa hae le lintho tseo a li finyellang tseo ho seng tse lekanang le tsona. Re boetse re mo rorisa e le Mofani oa litaba tse molemo tseo re li bolelang. Ke eena ea lokeloang ke hore re mo rorise hobane ke eena feela ea atlehisang tšebeletso ea rōna.—Pes. 127:1.
3 Lithapelo tsa rōna tsa ho leboha li bontša kananelo bakeng sa kutloisiso eo Jehova a re fileng eona mabapi le thato ea hae le morero oa hae. Na hase tokelo ho arolela ba bang linnete tsa ’Muso? Re leboha Jehova bakeng sa sohle seo re se finyellang tšebeletsong.—Pes. 107:8; Baef. 5:20.
4 Ka tsela e loketseng haholo, re kōpa thuso ea Jehova bakeng sa ho fumana batho ba tla lumela ha re ba kōpa ho ithuta Bibele le bona hape re kōpa thuso hore re finyelle lipelo tsa bona ka ’nete. Ka ho etsa kōpo e joalo, re lumela hore ke Molimo feela ea ka etsang hore mosebetsi oa rōna o behe litholoana tšebeletsong.—1 Bakor. 3:5-7.
5 Morali e mong oabo rōna o ile a ba le boikutlo ba hore mosali e mong ea tselaneng ea hae ea limakasine o ne a sa bale Molula-Qhooa le Tsoha! A sa batle hore likoranta tsena tsa bohlokoa li lahloe, o ile a kōpa Jehova ka tieo hore haeba mosali eo a sa li bale, a li hane ha a li tlisa. Ha morali’abo rōna a mo etela lekhetlong le latelang, monna oa mosali eo o ile a re: “Kea u leboha ka ho tlisa limakasine tsena kamehla. Kea li bala ’me ka sebele kea li thabela.”
6 Ka boikokobetso le ka kōpo e tiileng, re ka kōpa Jehova hore a re thuse hore re sebetsane le ho se thahaselle ha batho le ho soma ha bona le ho hlōla tšabo leha e le efe ea motho e le hore re ka tsoela pele re pakela ba bang ka sebete. (Lik. 4:31) Haeba re tsoela pele ho rapela “ka mofuta o mong le o mong oa thapelo le thapeli” ha ka kutlo re phehella tšebeletso ea rōna e halalelang, re ka tšepa hore Jehova o tla re thusa.—1 Joh. 3:22.