Nka Lebitso la Jehova le Khabane e le la Bohlokoahali
1 Satane o ile a senya botumo ba lebitso la Molimo ha a ne a hlohlelletsa batsoali ba rōna ba pele hore ba etse sebe. Diabolose o ile a fana ka maikutlo a hore Jehova o ne a buile leshano ho Adama. (Gen. 3:1-5) Kaha lebitso la Molimo le amahanngoa le matla a Molimo a ho phethahatsa lentsoe la hae, qoso ea Satane e ne e le ketselletso e mpe ka ho fetisisa. Ka ho phethahatsa morero oa hae oa bomolimo ka ho tsoelang pele, Jehova o ile a hlakola thohako lebitsong la hae ’me a le etsa le khabane.—Esa. 63:12-14.
2 Re batho bao Jehova a ba ‘bitsang ka lebitso la hae.’ (Lik. 15:14, 17) Sena se re neha monyetla oa hore re bontše kamoo re ikutloang kateng ka ho halalela ha lona. Re fumana hore lebitso la Jehova le khabane e le kannete, kaha le emela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, e mosa, e lerato, e mohau le e lokileng. Re hlolloa ke boholo ba lebitso le khanyang la Molimo. (Pes. 8:1; 99:3; 148:13) Re lokela ho susumelletseha ho etsa eng?
3 Halaletsa Lebitso la Molimo: Ho ke ke ha etsoa hore lebitso la Molimo le halalele ho feta kamoo le seng le ntse le halalela kateng. Empa ka boitšoaro ba rōna bo botle le ho bolela ka ’Muso, re ka bontša hore re nka lebitso la Molimo e le la bohlokoahali haholo. A re phatlalatseng: “Rorisang Jehova, rapelang lebitso la hae, le tsebise lichaba liketso tsa hae; tumisang, le re: Lebitso la hae ke le phahamileng.” (Esa. 12:4) Re ka etsa see joang?
4 Re ka sebelisa monyetla o mong le o mong oa ho bolela lebitso la Jehova le sohle seo le se emelang. Ebang ke ka tsela e reriloeng kapa e sa reroang, ka ntlo le ntlo kapa mabenkeleng, seterateng kapa ka thelefono, mosebetsi oa rōna oa ho bolela o tlotlisa Jehova. Ha re fumana ba thahasellang ba mamelang, re lokela ho behelana nako e tobileng hore re khutlele le ho ea ba ruta ho eketsehileng ka Jehova. Hoo ho bolela hore re tlameha ho boloka nako eo re e behelaneng ntle ho phoso ’me re mamelle boitekong ba rōna ba ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele. Ka thabo, selemo se seng le se seng ba makholo a likete ba fumana monyetla oa ho tseba, ho hlompha le ho halaletsa lebitso le khabane la Jehova.
5 Ho kopanela ha rōna ka pelo eohle mosebetsing oa ho halaletsa lebitso la Molimo ka ho hlakileng ho bontša moo re emeng teng tsekong e phahamisitsoeng ke Satane Edene. Ona ke mosebetsi o hlomphehang ka ho fetisisa le o khabane oo re ka o etsang. A re nkeng lebitso le khabane la Jehova e le la bohlokoahali ’me re le rorise ka cheseho!—1 Likron. 29:13.