Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Tsoaloa Hangata
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • ho ithuta haholoanyane ka eona, ho hlahloba mabaka a hore u ka e tšepa?

      Haeba e Mong a Re—

      ‘Ke lumela ho tsoaloa hangata’

      U ka ’na ua arabela: ‘U na le tšepo ea hore ho tla qetella ka bophelo bo molemo, na ho joalo? . . . Mpolelle, na u ka rata ho phela lefatšeng le kang le hlalositsoeng mona ho Tšenolo 21:1-5?’

      Kapa u ka re: ‘Ke ananela ha u mpolella hoo. Na nka botsa, Na haesale u ho lumela? . . . Ke eng e entseng hore u furalle tumelo ea hao ea pele?’ (Joale mohlomong u ka sebelisa maikutlo a tlas’a sehlooho se leqepheng 176.)

      Monyetla o mong: ‘Ke ’nile ka thabela ho qoqa le ba bang ba nang le tumelo eo. Na nka botsa, Ke hobane’ng ha u ikutloa hore ho tsoaloa hangata hoa hlokahala?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u hopola lintlha tsohle tsa bophelo boo u lumelang hore u kile ua bo phela? . . . Empa hoo e ne etlaba hoa bohlokoa haeba motho a ne a tla lokisa liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng ’me a ntlafatse, na ha ho joalo?’ (2) Haeba motho a bolela hore ke mosa hore ebe rea lebala, u ka ’na ua botsa: ‘Empa na u nka bolebali e le molemo bophelong ba motho ba letsatsi le letsatsi? Joale, ka hore re lebale ntho eohle eo re ithutileng eona kamorao ho lilemo tse ling le tse ling tse ka bang 70, na re ka thuseha hore re ntlafatse bophelo ba rōna?’ (3) Haeba motho a bolela hore ke batho ba molemo feela ba tsoaloang hape e le batho, u ka ’na ua botsa: ‘Joale ke hobane’ng ha maemo a lefatše a ntse a tsoela pele ho mpefala? . . . Bibele e bontša hore na ntlafatso ea sebele e tla etsoa joang mehleng ea rōna. (Dan. 2:44)’

  • Ho Tsoaloa la Bobeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Ho Tsoaloa la Bobeli

      Tlhaloso: Ho tsoaloa la bobeli ho ama ho kolobetsoa metsing (‘ho tsoaloa ka metsi’) le ho tsoaloa ka moea oa Molimo (‘ho tsoaloa ka moea’), ka hona motho a fetoha mora oa Molimo ea lebelletseng ho kopanela ’Musong oa Molimo. (Joh. 3:3-5) Jesu o bile le phihlelo ena, joalokaha ho le joalo ka ba 144 000 bao e leng majalefa a ’Muso oa leholimo le eena.

      Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Bakreste ba bang ba “tsoaloe la bobeli”?

      Molimo o rerile ho kopanya palo eitseng ea batho ba khabane le Jesu Kreste ’Musong oa leholimo

      Luka 12:32: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.”

      Tšen. 14:1-3: “Joale, ka talima, ’me ka bona Konyana [Jesu Kreste] e eme thabeng ea Sione, e e-na le ba . . . likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene. . . . ba lopolotsoeng lefatšeng.” (Bona maqephe 228, 229, tlas’a sehlooho “Leholimo.”)

      Batho ba ke ke ba ea leholimong ka ’mele ea nama le mali

      1 Ba-Kor. 15:50: “Seo ke mpang ke se bolela, banab’eso, ke hoba nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo, ’me ho bola ho ke ke ha e-ja lefa la ho sa boleng.”

      Joh. 3:6: “Se tsoetsoeng ke nama, ke nama; ’me se tsoetsoeng ke Moea, ke moea.”

      Ke batho ba ‘tsoetsoeng la bobeli’ feela, kahoo ba fetoha bara ba Molimo, ba ka kopanelang ’Musong oa leholimo

      Joh. 1:12, 13: “Empa bohle ba le [Jesu Kreste] amohetseng, le ba neile tokelo ea ho ba bana ba Molimo, e leng ba lumelang lebitso la lona; ba sa kang ba tsoaloa ke mali, leha e le ka ho rata ha nama, leha e le ka ho rata ha monna, ba mpa ba tsoetsoe ke Molimo.” (“Bohle ba le amohetseng” ha e bolele batho bohle ba lumetseng ho Kreste. Hlokomela hore na ho boleloa bo-mang, joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea 11 [“bahabo lona,” Bajode]. Tokelo eona eo e atoloselitsoe ho batho ba bang, empa ho “mohlatsoana” feela.)

      Ba-Roma 8:16, 17: “Le oona Moea o emelana le moea oa rōna, hore re bana ba Molimo. ’Me ha re le bana, re majalefa: majalefa a Molimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utloa bohloko le eena, re tle re neoe khanya le eena.”

      1 Pet. 1:3, 4: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung, re tle re fuoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng, le boloketsoeng lōna leholimong.”

      Ba tla etsa’ng leholimong?

      Tšen. 20:6: “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”

      1 Ba-Kor. 6:2: “Na ha le tsebe hoba bahalaleli ba tla ahlola lefatše?”

      Na motho ea sa ‘tsoaloang la bobeli’ a ka bolokoa?

      Tšen. 7:9, 10, 17: “Ka mora’ tseo [hoba moapostola Johanne a utloe palo ea ba tla ‘tsoaloa la bobeli,’ ba neng ba tla bōpa Iseraele oa moea ’me ba be le Kreste leholimong; bapisa Ba-Roma 2:28, 29 le Ba-Galata 3:26-29], ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana. . . . Konyana [Jesu Kreste] e har’a terone e tla ba alosa, ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo.”

      Hoba e thathamise batho ba bangata ba tumelo ba pele ho Bokreste, Ba-Heberu 11:39, 40 e re: “Bao bohle, ba emetsoeng ka baka la tumelo ea bona, ha ba ka ba neoa seo ba se baletsoeng; hobane Molimo o re bonetse ho hong ho fetisang, ba tle ba se ke ba phetheha, rōna re le sieo.” (Mona ho boleloa bo-mang ka “rōna”? Ba-Heberu 3:1 e bontša hore ke “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo.” Batho ba pele ho Bokreste ba neng ba e-na le tumelo, ba tlameha e be ba na le tšepo ea bophelo bo phethahetseng kae-kae ntle ho leholimong.)

      Pes. 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”

      Tšen. 21:3, 4: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona: lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela