Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “New World Translation”
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Ke hobane’ng ha ho bonahala litemana tse ling li le sieo?

      Litemana tseo, tse fumanoang liphetolelong tse ling, ha li eo meqolong ea boholo-holo ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho e fumanehang. Ha li bapisoa le liphetolelo tse ling tsa morao tjena, tse kang The New English Bible le Jerusalem Bible ea K’hatholike, ho bonahala hore bafetoleli ba bang le bona ba hlokometse hore litemana tsena tseo ho buuoang ka tsona hase karolo ea Bibele. Mabakeng a mang, li nkiloe karolong e ’ngoe ea Bibele eaba li ekelletsoa bukeng e kopitsoang ke mongoli.

      Haeba e Mong a Re—

      ‘Le na le Bibele ea lōna’

      U ka ’na ua arabela: ‘U na le phetolelo efe ea Bibele? Na ke . . . (thathamisa tse teng ka puo ea heno)? Ho na le liphetolelo tse ngata.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Ke thabela ho sebelisa phetolelo leha e le efe eo u e ratang. Empa mohlomong u ka ’na ua thahasella ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke rata New World Translation haholo. Ke ka lebaka la puo ea eona ea kajeno le e utloahalang, hape hobane bafetoleli ba ile ba tšoarella haufi haholo le seo lipuo tsa pele tsa Bibele li neng li se bua.’

      Kapa u ka re: ‘Seo u se buang se nketsa hore ke ikutloe hore e tlameha e be u na le Bibele ka lapeng la hao. U sebelisa phetolelo efe ea Bibele? . . . Na u ka thabela ho tla le eona?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Bakeng sa rōna bohle, ho sa tsotellehe hore na re sebelisa phetolelo efe, ho Johanne 17:3 Jesu o hatisitse ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola, joalokaha u ka e bona mona Bibeleng ea hao. . . . ’

      Monyetla o mong: ‘Ho na le liphetolelo tse ngata tsa Bibele. Mokhatlo oa rōna o khothalletsa hore re sebelise tse ngata tsa tsona e le hore re ka bapisa ra ba ra thusa liithuti ho fumana se hlileng se boleloang ke Mangolo. Joalokaha e ka ’na eaba u-ua tseba, qalehong Bibele e ne e ngotsoe ka Seheberu, Searame, le Segerike. Ka hona re ananela seo bafetoleli ba se entseng ho e ngola ka lipuo tsa habo rōna. U sebelisa phetolelo efe ea Bibele?’

      Tlhahiso e eketsehileng: ‘Ho hlakile hore u motho ea ratang Lentsoe la Molimo. Ka hona kea tiisa hore u ka thahasella ho tseba hore na ke phapang efe e khōlō pakeng tsa New World Translation le liphetolelo tse ling. E ama lebitso la motho oa bohlokoahali eo ho buuoang ka eena ka Mangolong. Na u-ua tseba hore na ke mang?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u ne u tseba hore lebitso la hae la botho le hlaha ka Bibeleng ka Seheberu sa pele ka makhetlo a ka bang 7 000—ho feta lebitso lefe kapa lefe?’ (2) ‘Ho etsa phapang ea eng hore na re sebelisa lebitso la Molimo kapa che? Koana, na u na le metsoalle ea hlooho ea khomo eo u sa tsebeng mabitso a eona? . . . Haeba re batla kamano ea botho le Molimo, re tla be re tlohile ka leoto le nepahetseng ha re o tseba ka lebitso. Hlokomela seo Jesu a se boletseng ho Johanne 17:3, 6. (Pes. 83:18)’

  • Paradeise
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Paradeise

      Tlhaloso: Phetolelong ea Septuagint ea Segerike ea Bibele bafetoleli ka nepo ba sebelisitse lentsoe “paradeise” (pa·raʹdei·sos) ha ba bua ka tšimo ea Edene, hobane ka ho hlakileng e ne e le serapa se kopetsoeng sa lifate le lipalesa. Kamor’a tlaleho e ho Genese, litemana tsa Bibele tse buang ka paradeise li supa (1) tšimo ea Edene ka boeona, kapa (2) lefatše ka kakaretso kamoso ha le tla be le fetoletsoe boemong bo kang ba Edene, kapa (3) maemo a tlokomang a moea a har’a bahlanka ba Molimo ba lefatšeng, kapa (4) litokisetso leholimong tse hopotsang motho ka Edene.

      Na “Testamente e Ncha” e bua ka Paradeise ea kamoso ea lefatšeng kapa hoo ho ka “Testamenteng ea Khale” feela?

      Ho arola Bibele likoto tse peli, ho phahamisoa bohlokoa ba lipolelo motheong oa hore na li ka karolong ea “Khale” kapa ka ho e “Ncha” ho hanana le Mangolo. Ho 2 Timothea 3:16 rea bolelloa: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) Ba-Roma 15:4 e bua ka Mangolo a bululetsoeng a pele ho Bokreste ha e re: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta.” Kahoo, karabelo e utloahalang potsong e lokela ho nahanela Bibele eohle.

      Genese 2:8 e re: “Jehova Molimo a hloma tšimo [“serapa sa lifate le lipalesa,” Mo; “paradeise,” Dy; pa·raʹdei·son, LXX]

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela