Etsisa Jehova ka ho Hloka Leeme
1 Jehova o amehile ka batho. O amohela e mong le e mong ea etsang thato ea hae a sa ee ka leeme. (Lik. 10:34, 35) Ha Jesu a ne a ruta batho, le eena o ne a sa ee ka leeme. (Luka 20:21) Re lokela ho etsisa mohlala oa bona, joaloka Pauluse, ea ileng a ngola: “Ho na le Morena ea tšoanang holim’a bohle, ea ruileng ho bohle ba ipiletsang ho eena.”—Baroma 10:12.
2 Ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho bohle bao re kopanang le bona ho tlisa khanya ho Molimo. Re lokela ho tsoela pele re abela ba bang molaetsa ona o babatsehang, ho sa tsotellehe morabe oa bona, maemo a bona a bophelo, a thuto, kapa a lichelete. (Baroma 10:11-13) Sena se bolela ho pakela ba tla mamela—banna, basali, bacha le ba hōlileng. Re lokela ho ea ntlong e ’ngoe le e ’ngoe e le hore re fe mong’a ntlo ka mong monyetla oa hore a utloe ’nete.
3 Bontša e Mong le e Mong Thahasello: Pakane ea rōna ke ho buisana le motho e mong le e mong eo re ka khonang ho buisana le eena. Ba hopotse sena, bahoeletsi ba bang ba ’nile ba atleha ho pakela batho ba ileng lingakeng, lipetlele, mahaeng a maqheku, litsing tsa boiketlo ba sechaba le tsa thuso ea ho loantša mokhoa o itseng. Ho feta moo, bahoeletsi ba bang ba ile ba pakela batsamaisi ba mapato, batsamaisi le baeletsi ba likolo le baahloli. Ha u atamela ba boholong, ho loketse ho bontša kananelo ea hao ho bona ka litšebeletso tse molemo tseo ba fanang ka tsona sechabeng. E-ba le tlhompho, ’me u khethe lihlooho tse nakong tse sebetsanang ka ho khetheha le mosebetsi oo ba o etsang le mathata a amanang le oona.
4 Ketsahalong e ’ngoe morali’abo rōna o ile a khona ho buisana le moahloli e mong ofising ea hae. Ka mor’a ho ba le moqoqo o hlasimollang, moahloli o ile a ithaopela ho hlalosa: “Ua tseba ke’ng seo ke se ratang ka Lipaki tsa Jehova? Li na le melao-motheo e tsitsitseng eo li sa e kheloheng.” Ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle ho motho enoa ea nang le tšusumetso.
5 Re ke ke ra bala se ka lipelong tsa batho. Leha ho le joalo, ka ho buisana le motho e mong le e mong eo re kopanang le eena, re bontša tumelo ea rōna ea hore Molimo o na le bokhoni ba ho tsamaisa mosebetsi oa rōna. Ho feta moo, sena se fa batho tokelo ea ho utloa le ho arabela molaetseng oa tšepo. (1 Tim. 2:3, 4) A re sebeliseng nako ea rōna ka bohlale ’me re ikitlaelletse ho etsisa Jehova ka ho hloka leeme ka ho finyella batho bohle bao re ka khonang ho ba finyella ka litaba tse molemo.—Baroma 2:11; Baef. 5:1, 2.