Pina ea 218
Paradeiseng le Kreste
1. Ke Jesu ea tšepisitseng (tšepisitseng),
‘U’a ba le ’na Paradeiseng (mona fatšeng).’
Ho re thusang ho lumela
Lentsoeng la Jehova
Ke tšepiso ena (etsoang ho Jah).
E re fa tšepo ea tsoho (ea ba shoeleng),
Pusong ea Moren’a khotso (ea sebele).
Ka Bibeleng re ithuta
Ka ’Muso’a Jehova
O seng o tla busa.
2. Ke ‘nku tse ling’ tse tla phela (ka nyakallo),
Fatšeng le lecha kamehla (mehla eohle).
Li utloisisa Bibele. Li’e hlompha kahohle.
Ho hang ha li tšabe (ha li tšabe).
Le joale re sa rapella (re sa phetse),
Ho sebeletsa Jehova (Ea phahameng),
Ho mo rorisa kamehla
Le ho mo tlotlisa
Ha re ntse re phela.
3. Paradeiseng ho ea feela (ba lokileng),
Bao ba ke keng ba koeneha (ba koeneha).
Ke Ntate ea hlalositseng
Ntho tse profetiloeng
Ho ‘linku tseo tse ling’ (tsa lesaka).
Li ruta taba tsa ’Muso (oa Molimo).
Ho tlatsa batho ka thabo (e sa feleng).
Ka tsela eo li’e latetseng
Li’a ba Paradeiseng
Le Kreste’a tsositsoeng.