-
Rahaba—O Ile a Boleloa a Lokile ka Mesebetsi ea TumeloMolula-Qhooa—1993 | December 15
-
-
la ho sebelisa ha bona boitšoaro bo bobe, le tlhohonolofatso ea hae ho Rahaba le tlhōlo ea Jeriko, li fana ka bopaki ba hore lihloela ha lia ka tsa kopanela boitšoarong bo bobe.—Levitike 18:24-30.
Ho thoe’ng ka mantsoe a khelosang a Rahaba ho ba phalletseng lihloela? Molimo o ile a amohela tsela ea hae. (Bapisa le Ba-Roma 14:4.) O ile a ipeha kotsing e le hore a ka sireletsa bahlanka ba Molimo, a fana ka bopaki ba tumelo ea hae. Le hoja ho bua leshano le ntšang kotsi ho fosahetse mahlong a Jehova, motho haa tlameha ho senola boitsebiso ba ’nete ho batho ba se nang tokelo ea ho bo tseba. Esita le Jesu Kreste ha a ka a fana ka makolopetso a feletseng kapa likarabelo tse tobileng ha ho etsa joalo ho ne ho ka hlahisa kotsi ho sa hlokahale. (Mattheu 7:6; 15:1-6; 21:23-27; Johanne 7:3-10) Ka ho hlakileng, tsela ea Rahaba ea ho lahla liofisiri tsa lira e lokela ho talingoa ka tsela eo.
Moputso oa Rahaba
Rahaba o ile a putsoa joang bakeng sa ho bontša tumelo? Ka sebele ho bolokoa ha hae nakong ea thipitlo ea Jeriko e ne e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. Hamorao, o ile a nyaloa ke Salmone (Salma), mora oa Nashone morenana oa lehoatata oa leloko la Juda. Joaloka batsoali ba Boaze ea tšabang Molimo, Salmone le Rahaba ba ile ba etsa sehokelo lesikeng le lebisang ho Morena Davida oa Iseraele. (1 Likronike 2:3-15; Ruthe 4:20-22) Ha bohlokoa haholoanyane, Rahaba eo e neng e le letekatsi ke e mong oa basali ba bane feela ba boletsoeng ka mabitso lelokong la Jesu Kreste ho Mattheu. (Mattheu 1:5, 6) Ke tlhohonolofatso e kaakang e tsoang ho Jehova!
Le hoja e se Moiseraele ’me e kile ea e-ba letekatsi, Rahaba ke mohlala o ikhethang oa mosali ea bontšitseng ka mesebetsi ea hae hore o ne a na le tumelo e feletseng ho Jehova. (Ba-Heberu 11:30, 31) Joaloka ba bang, ba khaolitseng bophelo ba botekatsi, o tla fumana moputso o mong hape—ho tsosoa lefung ho ea bophelong ba paradeise lefatšeng. (Luka 23:43) Ka lebaka la tumelo ea hae e ileng ea tšehetsoa ke mesebetsi, Rahaba o ile a fumana kamohelo ea Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato le ea tšoarelang. (Pesaleme ea 130:3, 4) ’Me ka sebele mohlala oa hae o motle o fana ka khothatso ho barati bohle ba ho loka hore ba talime ho Jehova Molimo bakeng sa bophelo bo sa feleng.
-
-
Ho Boloka Mahlo a Rōna a “Tsepame” Mosebetsing oa ’MusoMolula-Qhooa—1993 | December 15
-
-
Ho Boloka Mahlo a Rōna a “Tsepame” Mosebetsing oa ’Muso
REPHABLIKI ea Jeremane ea Puso ea Sechaba ka Sechaba (German Democratic Republic [G.D.R.]), kapa e neng e tsejoa e le Jeremane Bochabela, e ile ea fihla lilemong tse bohareng ka thata. Ho ba teng ha eona ka lilemo tse 41 ho ile ha fela ka October 3, 1990, ha sebaka sa eona, se batlang se lekana le Liberia kapa setereke sa Tennessee, United States, se ne se kopanngoa le Rephabliki ea Jeremane ea Puso e buellang kabo ea matla a ho busa, e ’nileng ea bitsoa Jeremane Bophirima.
Ho kopanngoa hape ha li-Jeremane tsena tse peli ho ’nile ha tlisa liphetoho tse ngata. Se neng se arohantse linaha tsena tse peli, e ne e se feela moeli oa sebele, empa e ne e le moeli pakeng tsa bophelo ba batho. See sohle se ile sa bolela eng ho batho ba moo, hona bophelo bo fetohile joang bakeng sa Lipaki tsa Jehova?
-