Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Hlōla Bobe
    Molula-Qhooa—1999 | May 1
    • Ho Hlōla Bobe

      “A NA ntja eo e shoeleng e rohakela’ng morena, mong’a ka? U ntumelle ke ee, ke mo khaole hlooho.” Kōpo ena e ne e e-tsoa ho Abishai, molaoli oa lebotho la Baiseraele. E ne e le ha a arabela ka bohale ha a utloa mong’a hae, Morena Davida, a rohakoa ka lehloeo ke Mobenjamini ea bitsoang Shimei.—2 Samuele 16:5-9.

      Abishai o ne a lumellana le filosofi e tloaelehileng kajeno—boikutlo ba ho busetsa molamu sefateng. E, Abishai o ne a batla hore Shimei a khole litholoana tsa ho rohaka Davida.

      Empa Davida o ile a itšoara joang? Davida o ile a thibela Abishai, a re: ‘Mo tlohele.’ Le hoja a ne a se molato oa lintho tseo Shimei a neng a mo rohakela tsona, ka boikokobetso Davida o ile a hanela teko ea ho iphetetsa. Ho e-na le hoo, o ile a tlohela taba matsohong a Jehova.—2 Samuele 16:10-13.

      Ha Davida a khutlela boreneng ka mor’a hore a balehe bofetoheli bo sa kang ba atleha ba mora oa hae, Shimei o ile a ba har’a ba pele ba ileng ba mo lumelisa le ho kōpa tšoarelo. Abishai o ile a boela a batla ho mo bolaea, empa le lekhetlong lena, Davida ha aa ka a lumella seo.—2 Samuele 19:15-23.

      Ketsahalong ena, Davida o ile a ipaka e le ea tšoantšetsang Jesu Kreste ka mokhoa o tšoanelehang, eo ka eena moapostola Petrose a ileng a ngola: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola . . . empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.”—1 Petrose 2:23.

      Kajeno, Bakreste ba khothalletsoa hore ebe ‘ba ikokobelitseng kelellong, ba se ke ba phetetsa bobe ka bobe.’ (1 Petrose 3:8, 9) Ka ho latela mohlala o behiloeng ke Davida le Jesu Kreste, le rōna re ka khona ho ‘’na re hlōla bobe ka molemo.’—Baroma 12:17-21.

  • Na U ka Rata ho Eteloa?
    Molula-Qhooa—1999 | May 1
    • Na U ka Rata ho Eteloa?

      Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela