-
BokhopoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
ka see . . . ? (Sebelisa maikutlo a serapeng 1 leqepheng 68 mabapi le bolelele ba nako eo Molimo o bo mamelletseng ka eona.)’
Kapa u ka re: ‘Kea tiisa hore u tla lumellana le ’na ha ke re mang kapa mang ea nang le matla a ho haha ntlo ka sebele a ka e hloekisa. . . . Kaha Molimo o bōpile lefatše, e ke ke ea e-ba bothata hore o le hloekise. Ke hobane’ng ha o eme halelele hakaale? Ke fumane karabelo ena e le e khotsofatsang haholo. Mpolelle hore na u nahana joang. (Ebe le bala hammoho taba e maqepheng a 68-70.)’
-
-
BokoenehiHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Bokoenehi
Tlhaloso: Bokoenehi ke ho tlohela kapa ho lahla borapeli le tšebeletso ea Molimo, hantle-ntle ke ho fetohela Jehova Molimo. Bakoenehi ba bang ba ipolela hore ba tseba Molimo ba bile baa o sebeletsa, empa ba hana lithuto kapa litlhokahalo tse beiloeng ka Lentsoeng la oona. Ba bang ba re ba kholoa Bibele empa ba hana mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
Na re ka lebella hore bakoenehi ba tla hlaha kahare ho phutheho ea Bokreste?
1 Tim. 4:1: “Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa bademona.”
2 Ba-Thess. 2:3: ‘Le se ke la thetsoa ke motho le ka mokhoa o le mong; hobane letsatsi la Jehova le ke ke la tla ntle le hore ho etsahale koeneho pele, ’me ho hlahe motho eo oa sebe, mor’a tahleho.’
Matšoao a mang a tsebahatsang bakoenehi—
Ba batla ho etsa ba bang balateli ba bona, kahoo, ba baka likarohano tsa mekha ea bokhelohi
Lik. 20:30: “Ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo [“tse sothehileng,” NW], ho ikhulela barutuoa.”
-