-
“Ho Tloha Boseeng U Tsebile”Molula-Qhooa—1998 | April 15
-
-
“Ho Tloha Boseeng U Tsebile”
HO LATELA liphuputso tsa morao tjena tsa saense, ho buisa masea ho susumetsa khōlo ea ’ona ea boko haholo, ho hōlisa matla a ’ona a ho nahana, a ho beha mabaka le ho rarolla mathata. Sena se etsahala ka ho khetheha selemong sa pele bophelong ba lesea. International Herald Tribune e tlaleha hore hona joale, bafuputsi ba bang ba lumela hore “palo ea mantsoe ao lesea le a utloang letsatsi ka leng ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e bontšang esale pele bohlale boo le tla ba le bona hamorao, ho atleha ha lona sekolong le ho tsoella ha lona bophelong.”
Leha ho le joalo, mantsoe a lokela ho buuoa ke motho. Ho bonahala thelevishene kapa seea-le-moea li sa eme sebakeng sa motho.
Setsebi sa saense e sebetsanang le methapo Univesithing ea Washington, e Seattle, U.S.A. se boletse: “Joale rea tseba hore ho sebelisana ha methapo ho qala lesea le sa le lenyenyane haholo le hore ha e le hantle boko ba lona bo emela hore bo be le phihlelo e le hore bo fumane hantle hore na methapo e sebelisana joang. Re sa tsoa hlokomela haufinyane tjena hore na tšebetso ena e qala khale hakae. Ka mohlala, masea a ’nile a ithuta molumo oa puo ea habo ’ona ha a e-na le likhoeli tse tšeletseng.”
Phuputso ea morao tjena e loantša maikutlo a atileng a hore bana ba tla hōla tsebong hafeela ba fuoa lerato le lengata. E boetse e totobatsa bohlokoa ba karolo e phethoang ke batsoali khōlong ea ngoana.
Sena se re hopotsa mantsoe a lengolo le bululetsoeng leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Timothea: “Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko.” Mohlomong mangolo a halalelang ao Timothea oa lesea a ileng a a bolelloa ke ’mè oa hae le nkhono oa hae ba lumetseng, a ile a phetha karolo ea bohlokoa khōlong ea hae e le mohlanka ea ikhethang oa Molimo.—2 Timothea 1:5; 3:15.
-
-
Na U ka Rata ho Eteloa?Molula-Qhooa—1998 | April 15
-
-
Na U ka Rata ho Eteloa?
Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang lapeng la hao ho u khannela thuto ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.
-