Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tataiso ea Molimo ho Khetheng Molekane oa Lenyalo
    Molula-Qhooa—2001 | May 15
    • lintho tsa moea le molekane oa hae ea sa lumelang. Ha e le hantle, ntho ea bohlokoa haholoanyane, ‘ho nyala Moreneng’ ke taba e amang botšepehi ho Jehova. Ha re etsa lintho tumellanong le Lentsoe la Molimo, lipelo tsa rōna ha li re ahlole, hobane re etsa se “khahlisang mahlong a hae.”—1 Johanne 3:21, 22.

      18. Ha motho a nahana ho kena lenyalong, o lokela ho ela hloko litaba life tsa bohlokoa, hona hobane’ng?

      18 Ha ho nahanoa ka lenyalo, bokhabane le bomoea tsa eo motho a lebeletseng ho kena lenyalong le eena e lokela ho ba lintho tse ka sehloohong tseo a nahanang ka tsona. Botho ba Bokreste, hammoho le ho rata Molimo le ho inehela ka moea oohle ho eena, ke tsa bohlokoa haholo ho feta botle. Ba thabelang ho amoheloa ke Molimo ke ba lemohang le ba phethahatsang tlamo ea bona ea ho ba balekane ba lenyalo ba matla moeeng. ’Me banyalani ba ba matla haholo ha ka bobeli ba inehetse ho ’Mōpi ’me ba amohela ka ho feletseng tataiso ea hae. Ka tsela ena Jehova oa hlomphuoa, ’me lenyalo le qala motheong o tiileng oa moea o tla tlatsetsa bonngoeng bo tšoarellang.

  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa—2001 | May 15
    • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng

      “Le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—BAEFESE 6:4.

      1. Morero oa Molimo ka lelapa e ne e le ofe, empa ho e-na le hoo ho ile ha etsahala’ng?

      “ATANG le ngatafale le tlale lefatše.” (Genese 1:28) Jehova Molimo o ile a theha tokisetso ea lelapa ka mantsoe ao ho Adama le Eva. (Baefese 3:14, 15) Banyalani bao ba pele ba ne ba ka lebella ho bona lefatše le tletseng bana ba bona—e le meloko e mengata ea batho ba phethahetseng ba phelang ka thabo lefatšeng la paradeise ’me ba momahane borapeling ba ’Mōpi oa bona e Moholo. Empa Adama le Eva ba ile ba oela sebeng, ’me lefatše ha lea ka la tlala batho ba lokileng, ba tšabang Molimo. (Baroma 5:12) Ho e-na le hoo, bophelo ba lelapa bo ile ba senyeha ka potlako, ’me lehloeo, pefo le ho hloka “lerato la tlhaho” li busitse, haholo-holo ‘matsatsing ana a ho qetela.’—2 Timothea 3:1-5; Genese 4:8, 23; 6:5, 11, 12.

      2. Bana ba Adama ba ne ba e-na le matla a ho etsa eng, empa ho ne ho tla hlokahala eng ho haha malapa a matla moeeng?

      2 Adama le Eva ba ne ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo. Le hoja Adama e ne e se e le moetsalibe, Jehova o ile a mo lumella ho ba le bana. (Genese 1:27; 5:1-4) Joaloka ntat’a bona, bana ba Adama ba ne ba e-na le matla a ho tseba se setle le se sebe ’me ba ne ba ka ithuta ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Ba ne ba ka rutoa hore na ba rapele ’Mōpi oa bona joang hammoho le ho rutoa bohlokoa ba ho mo rata ka

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela