Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Sephiri sa Moqolo o Ngotsoeng ka Letsoho oa Vatican
    Molula-Qhooa—1989 | May 1
    • e ne e le kotsing ea ho felloa ke botumo ba eona. Qetellong ea lekholo leo, likopi tse ntle tse nang le lifoto qetellong li ile tsa fumaneha.

      Moqolo o ngotsoeng ka letsoho o na le maqephe a 759. Ha o na karolo e khōlō ea Genese, Lipesaleme tse ling, le likarolo tse qetellang tsa Mangolo a Segerike a Bokreste. O ngotsoe matlalong a bonojoana, a masesaane, ao ho nahanoang hore ke matlalo a litšepe, ka mokhoa o bonolo, o makhethe. Lebitso la oona la molao ke Codex B, ’me le kajeno o ka bonoa Laebraring ea Vatican. Ha o sa patiloe, ’me morao-rao tjena bohlokoa ba oona ke hona bo utloisisoang le ho ananeloa lefatšeng lohle.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1989 | May 1
    • Lipotso tse Tsoang ho Babali

      ◼ Na Jehova oa qhekella kapa o thetsa batho, ho akarelletsa le bahlanka ba hae, joalokaha Jeremia 4:10 le 20:7 ho bonahala li bolela?

      Che, ’Mōpi ha a thetse, ha a mano, kapa bolotsana litšebelisanong tsa hae. Leha ho le joalo, a ka phethahatsa e bile o phethahatsa thato ea hae e lokileng ho sa tsotellehe seo batho ba neng ba ka ’na ba se lebella.

      Re bona tšobotsi e le ’ngoe ea sena ho Jeremia 4:10, moo moprofeta a ileng a bolela: “Jo! Morena Jehova, ka ’nete u thetsitse sechaba sena le Jerusalema, ha u itse: Le tla ’ne le be le khotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ea fihla moeeng.”

      Jehova o ile a sebelisa Jeremia ho bolela esale pele tlokotsi e neng e tlela sechaba se khelohileng seo ho neng ho lumeloa hore sea Mo sebeletsa. (Jeremia 1:10, 15-19; 4:5-8; 5:20-30) Ho ntse ho le joalo, ho ne ho e-na le ba bang ba ipolelang hore ke baprofeta. (Jeremia 4:9) Ke’ng seo batho ba ileng ba se utloa ho bao ba neng ba bitsoa baprofeta? Molimo o ile oa e beha ka tsela ena: “Baprofeta ba profeta leshano . . . ’me sechaba sa ka se ikhahlisetsa teng.”—Jeremia 5:31; 20:6.

      Kaha Jehova o ne a sa ka a rōma baprofeta bao ba bohata, hape haa ka a ba thibela ho hasa melaetsa, e kang: “Khotso e tla ba teng ho lōna” le, “Le ke ke la hlaheloa ke bobe.” (Jeremia 23:16, 17, 25-28, 32) Batho ba ne ba lokela ho khetha—ho amohela boprofeta bo thata empa ba ’nete bo neng bo fanoa ke Jeremia kapa ba itumelle ho thetsoa ke baprofeta ba bohata le ba ikentseng, joaloka Hanania le Shemaia. (Jeremia 28:1-4, 11; 29:30-32) Kaha Jehova haa ka a thibela baprofeta bana ba khelosang, ho ka ’na ha thoe ka eena: “Ka ’nete u thetsitse sechaba sena le Jerusalema, ha u itse: Le tla ’ne le be le khotso.”

      Ka kutloisiso e fapaneng, Jeremia o ne a thetsitsoe. “Oho Jehova, u kile ua nthetsa, ka thetsoa; u kile ua ntiisetsa matla, ka hlōloa. Ke hlile ke entsoe litšeho ka tsatsi lohle, ba ntšoma kaofela.”—Jeremia 20:7.

      Pashkure, moprista ea tsebisahalang haholo, o ile a hobosa Jeremia phatlalatsa eaba o mo kenya metšoasong. Ponong ea batho, Jeremia o ne a ka ’na a ikutloa hore o fihlile bofelong ba hae, hore o ne a se a se na matla a ho tsoela pele a tobane le ho se utloeloe bohloko, ho hlokomolohuoa, ho songoa, le ho hlekefetsoa ka pefo. Empa e seng joalo. Jehova o ile a sebelisa matla a Hae khahlanong le (kapa ho fapana le) tšekamelo ea Jeremia ea botho. Molimo o ne o thetsitse Jeremia ka hore O sebelisitse motho enoa ea sa phethahalang ho phethahatsa seo moprofeta a neng a ke ke a se etsa ka matla ao e leng a hae. Jeremia a thetsitsoe kapa e ka ’na eaba o ne a makalitsoe ke sena, phello e ile ea e-ba e molemo: Ba neng ba mo hlorisa ba ile ba soabisoa, ’me molaetsa oa Molimo o ile oa fanoa.—Jeremia 20:11.

      Li utloisisoa ho latela moelelo, Jeremia 4:10 le 20:7 li lumellana le qeto ea Elihu: “Molimo o ke ke oa etsa ho sa lokang; Ea matla ’ohle a ke ke a khopamisa ho loka.”—Jobo 34:12.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela