Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Iphetola Hoa Lintho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • se boleloang ke Lentsoe la Molimo, hobane Molimo o tseba haholo ka mesebetsi ea oona ho feta mang le mang ho rōna. Ke khahloa ke seo Bibele, Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, le se bolelang mona ho Genese 1:21 (hatisa “ka mefuta ea tsona”).’ (2) ‘Joale ho Genese 2:7 re ithuta hore Molimo ha o-oa ka oa etsa motho ka liphoofolo tsa pele, empa o mo entse ka lerōle.’ (3) ‘’Me litemaneng tsa 21, 22 re fumana hore Eva ha a ka a theoa ka phoofolo, empa o theiloe ka e ’ngoe ea likhopo tsa Adama.’

      Kapa u ka re: ‘(Hoba le rale taba ka kutloano, joaloka kaholimo . . . ) Ba bang ba re ho bua hoa Bibele ka Adama e ne e le papiso feela. Empa haeba hoo ke ’nete, ho isa qetong efe?’ (1) ‘Hlokomela se boletsoeng mona ho Ba-Roma 5:19: “Hobane joale ka ha ba bangata ba beiloe baetsalibe ka ho se utloe ha motho [Adama] a le mong, ka mokhoa o joalo, ba bangata ba tla beoa ba lokileng ka ho utloa ha a [Jesu Kreste] le mong.” Ka ho tšoanang, 1 Ba-Korinthe 15:22 e re: “Joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.” Empa haeba ka sebele ho ne ho se “motho a le mong” ea neng a bitsoa Adama, ka hona motho ea joalo ha ho mohla a kileng a etsa sebe. Haeba a sa ka a etsa sebe ’me a fetisetsa lefa la sebe ho bana ba hae, ka hona ho ne ho sa hlokahale hore Kreste a tele bophelo ba hae molemong oa batho. Haeba kannete Kreste a sa ka a tela bophelo ba hae molemong oa rōna, ka hona ha ho na tebello ea bophelo bo fetang lilengoana tsa rōna tsa hona joale. Hoo ho ne ho tla bolela hore hantle-ntle ha ho letho le saletseng Bokreste.’ (2) ‘Leha ho le joalo, Bokresteng ho lohelletsoe metheo e phahameng ka ho fetisisa ea boitšoaro e ka fumanehang kae kapa kae. Na ho bonolo hore thuto e ntle ka ho fetisisa e amanang le ’nete le botšepehi e ka simoloha nthong e theiloeng leshanong?’ (Bona le maqephe 25-27, tlas’a sehlooho se seholo “Adama le Eva.”)

      ‘Empa batho ba rutehileng haholo baa ho lumela’

      U ka ’na ua arabela: ‘Ke ’nete, empa ke hlokometse hore le bona ba reng baa ho lumela ba ka ’na ba hanana ka matla le ba bang ba lumelang ho iphetola hoa lintho. (Bolela mehlala e tsoang tabeng e maqepheng 138, 139.) Ka hona, re lokela ho itlhahlobela bopaki ho bona hore na re lokela ho lumela hofe—ho iphetola hoa lintho kapa pōpo.’

      Kapa u ka re: ‘Ke ’nete. Empa ho tlile tlhokomelong ea ka hore ho na le batho ba bang ba rutehileng haholo ba sa ho lumeleng.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Phapang e bakoa ke eng? Bohle ba tloaelane le bopaki bo tšoanang. Na tšusumetso e ka kenella tabeng? Mohlomong.’ (2) ‘U ka lekanyetsa joang hore na u lumele bafe? Haele hantle, ho talima sehlopha ka kakaretso (e seng ho nyatsa batho ka bomong), u lumela hore ke sehlopha sefe se neng se tla tšepahala haholoanyane—se lumelang hore motho o bōpiloe ke Molimo ’me kahoo se ikutloa hore se ikarabella ho oona, kapa se bolelang hore se itlhahetse feela tjee ka tsietsi ’me kahoo se itjere?’ (3) ‘Ka hona, he, ho hlokahala hore re itlhahlobele bopaki ho bona hore na pōpo kapa ho iphetola hoa lintho ho fana ka likarabelo tse khotsofatsang ka ho fetisisa bophelong.’

  • Ho Ipolela
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Ho Ipolela

      Tlhaloso: Ho bolela kapa ho amohela pontšeng kapa lekunutung, (1) hore na motho o lumela eng kapa (2) libe tsa hae.

      Na litšebeletso tsa poelano, tse akarelletsang ho ipolela ka tsebeng ea moprista, kamoo li rutoang ke Kereke e K’hatholike li lumellana le Mangolo?

      Mokhoa oo moprista a buisoang ka oona

      Mokhoa oa neano, o sa ntsaneng o sebelisoa hangata, ke: “Ntlhohonolofatse, Ntate, hobane ke sitiloe. Ho fetile [nako e telele] ho tloha ha ke ne ke Ipolela ka lekhetlo la ho qetela.”—Makasine ea U.S. Catholic, October 1982, leq. 6.

      Matt. 23:1, 9, JB: “Jesu o itse, . . . ‘Le se ke la bitsa mang kapa mang lefatšeng ntate oa lōna, kaha le e-na le Ntate a le mong feela, ’me o leholimong.’”

      Libe tse ka tšoareloang

      “Kamehla Kereke e ’nile ea ruta hore sebe se seng le se seng, ho sa tsotellehe hore na se tebile hakae, se ka tšoareloa.”—The Catholic Encyclopedia (e hatisitsoeng ka tumello ea molao le ea kereke), R. C. Broderick (Nashville, Tenn.; 1976), leq. 554.

      Ba-Heb. 10:26, JB: “Haeba, kamor’a hore re tsebisoe ’nete, re ka etsa libe leha e le life ka boomo, joale ha ho sa na sehlabelo se seng bakeng sa tsona.”

      Mar. 3:29, JB: “A ho ke ho be le ea nyefolang Moea o Halalelang ’me a ke ke a tšoareloa: o molato oa sebe sa ka ho sa feleng.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela