Pina ea 206
“Thabelang Tšepong”
1. Re tlala thabo ke tšepo
E tsoang ho ’Mōpi’a lerato.
Ke eona e re tiisang,
E re etsang ba mamellang.
Eka heleme e thata
Ho thiba metsu ea Sera.
E re qobisa bokhopo,
E matlafatsa tumelo.
2. Re lebeletse ka thabo
Mohlang ho tla ba le tsoho,
’Me ba shoeleng ba tsosetsoa
Paradeiseng ho tla phela.
Ke batho bohle lefatšeng
Bao ruri ka ho sa feleng
Ba tla nyakalla haholo
Tokisetsong ea Molimo.
3. Ho ba le tšepo e matla,
A re jeng lijo tsa moea,
Re rapeleng re sa phetse
Re be re se sefeng bobe.
A re thuseng ba bangata
Ho sebeletsa Jehova.
Le bona ba tla nyakalla
Ke tšepo e khanyang ena.