Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Bokella Batho ba Tsoang Lipuong Tsohle
    Tšebeletso ea ’Muso—2002 | July
    • Ho Bokella Batho ba Tsoang Lipuong Tsohle

      1 Lentsoe la Molimo lea phethahala! Batho “ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba amohela borapeli ba ’nete. (Zak. 8:23) Lipaki tsa Jehova li thusa ‘meloko eohle, batho bohle le maleme ’ohle’ joang hore ba hloeke ka pel’a Jehova, ba e-na le tebello ea ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo’?—Tšen. 7:9, 14.

      2 Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Molimo o Arabela Hantle: Sehlopha se Busang se entse tokisetso ea hore lingoliloeng tsa Bibele li fumanehe ka lipuo tse ka bang 380 e le hore batho lefatšeng lohle ba ka utloisisa ka ho hlaka bohlokoa ba litaba tse molemo. Ho lokisa le ho hatisa lingoliloeng ka lipuo tse ngata hakana ke mosebetsi o moholohali. O akarelletsa ho theha lihlopha tsa bafetoleli ba tšoanelehang le ho ba fa lintho tseo ba li hlokang hore ba fetolele lingoliloeng tsa rōna ka lipuo tsena kaofela, haesitana le ho li hatisa le ho li romela. Leha ho le joalo, karolo ea bohlokoahali e phethoa ke mohoeletsi oa ’Muso ka mong, ea tlisetsang batho molaetsa oa Bibele o pholosang bophelo.

      3 Ho Amohela Phephetso: Tšimo ea rōna e na le batho ba limelo tse sa tšoaneng, ba buang lipuo tse ngata tsa linaha tse ling le lipuo tsa habo rōna. Ho finyella batho bana kaofela ka litaba tse molemo, bahlanka ba Molimo ba eketsehileng ba leka ka matla ho ithuta puo e ’ngoe e tloaelehileng sebakeng seo ba lulang ho sona. Ba bang ba ithuta Puo ea Matsoho. Tšimong ea lekala la Afrika Boroa ho na le liphutheho le lihlopha tse 1 630 tse bolelang litaba tse molemo ka lipuo tse 11 le ho feta. Ba bang ba e-song ho utloele ka Jehova ebile ba sa tsebe letho ka Bibele ba amohela ’nete ea Lentsoe la Molimo.—Bar. 15:21.

      4 Na re ka ikitlaetsa haholoanyane ho bolela litaba tse molemo bathong ba setso se seng tšimong ea rōna? (Bakol. 1:25) Liphutheho tse ling li hlophisa mosebetsi oa ho bolela ka lipuo tse ngata tsa sebaka ka seng. Bahoeletsi ba qala ho ithuta puo e ’ngoe ka ho lekaneng hore ba etse nehelano e bonolo, e kang: “Lumela. Ke u tliselitse litaba tsena tse molemo. [Ebe ba fana ka pampitšana kapa bukana eo ba nang le eona ka puo eo.] Sala hantle.” Ka sebele Jehova o hlohonolofatsa qalo e nyenyane joalo!

      5 Molaetsa oa ’Muso o khahla batho ba limelo le lipuo tsohle. A re nkeng monyetla oa ho ba isetsa molaetsa oo.

  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
    Tšebeletso ea ’Muso—2002 | July
    • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

      1 Re lokela ho tšepa Jehova e le hore re eme re tiile lefatšeng lena le sa tsitsang. Liketso tsa rōna li ka bontša joang hore rea mo tšepa? Ho tšepa Jehova ho ama bophelo ba rōna le ba malapa a rōna joang? Ho re thusa joang hore re hanele tšusumetso ea lefatše la Satane? Lenaneo la kopano ea potoloho la selemo sa tšebeletso sa 2003 le arabela lipotso tsena. Sehlooho sa lona se re “Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo.”—Pes. 37:3.

      2 Ha re bontše hore re tšepa Jehova feela tlas’a maemo a khethehileng kapa linakong tseo re nang le bothata. Re mo tšepa ka linako tsohle bophelong ba rōna. Sena se hatisoa ke puo e qalang e reng, “Tšepang Jehova ka Linako Tsohle.” (Pes. 62:8) Neheletsano ea lipuo tse ’nè e reng “Ho Bontša Hore re Tšepa Jehova” e tla re bontša hore na re ka fumana le ho sebelisa boitsebiso bo thehiloeng Bibeleng joang, bo ka re thusang ho haha lenyalo le atlehileng, ho sebetsana le mathata a hlahang ka lapeng le ho fumana lintho tsa nama tseo re li hlokang.

      3 Lefatše la Satane le leka ho re qobella ho ba le pono e sothehileng ka se nepahetseng le se fosahetseng ’me le baka pherekano mabapi le ntho ea bohlokoa le eo e seng ea bohlokoa. (Esa. 5:20) Puo e reng “Itebeleng Khahlanong le Lintho Tsa Lefeela Bophelong” le e reng “Qobang se Sebe—Le Etse se Molemo” li tla etsa hore re ikemisetse ka matla ho khomarela litekanyetso tsa Jehova tse phahameng.—Amose 5:14.

      4 Ha Jehova a felisa tsamaiso ea lintho ea hona joale e khopo, ho tla hlokahala hore bahlanka ba Molimo ba mo tšepe ka ho feletseng. Sena se totobatsoa puong ea phatlalatsa, e reng “Ho Lopolloa Mahlomoleng a Lefatše ho Haufi.” Ka mor’a moo, re tla memeloa ho itlhahloba puong e reng “Na U Tla Nkoa U Tšoaneloa ke ’Muso oa Molimo?” Lenaneo lena le phethoa ka khothatso e reng “Tšepa Litšepiso Tsa Jehova.”

      5 Ntlha e khōlō kopanong e ’ngoe le e ’ngoe ke puo ea kolobetso. Mang kapa mang ea batlang ho kolobetsoa o lokela ho bolella molebeli ea okamelang kapele kamoo a ka khonang e le hore ho ka etsoa litokisetso tse hlokahalang.

      6 Linakong tsena tse sa tsitsang, Jehova ke eena feela mohloli oa sebele oa tšepo le botsitso. (Pes. 118:8, 9) E se eka kaofela ha rōna re ka matlafatsa tšepo ea rōna ho eena ka ho ba teng lenaneong lohle la kopano ea potoloho.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela