Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/03 leq. 3
  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Matha ka Mamello Peisong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mamello—E Bohlokoa Bakeng sa Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Le be le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “Le Nahane ka Hloko ka ea Mameletseng”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 7/03 leq. 3

Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho

1 Mong’a rōna o ile a bolela esale pele hore barutuoa ba hae ba ne ba tla ba le matšoenyeho. (Mat. 24:9) Re lokela ho talima liteko joang? Ke eng se tla re thusa ho mamella matšoenyeho? Lenaneo la kopano ea potoloho la selemo sa tšebeletso sa 2004 le tla araba lipotso tsena. Sehlooho sa lona se re “Thabang Tšepong. Mamellang Tlas’a Matšoenyeho.”—Bar. 12:12.

2 Lineheletsano Tse Peli: Neheletsano ea pele ea sehlooho se reng “Behang Litholoana ka Mamello,” e tla tšohla litsela tseo ka tsona re behang litholoana. Ho tla buisanoa le bahoeletsi ba ’maloa mabapi le kamoo ba etsang mosebetsi oa boboleli le ho ruta ba ntse ba hopola hore nako e lekane motinyane. Ka ho khetheha batsoali ba tla lakatsa ho mamela ka hloko puo ea sehlooho se reng “Ha ba Lauoa ke Jehova,” e tla tšohla kamoo batsoali ba ka behelanang mabaka le bana ba bona kateng. Sebui sa ho qetela neheletsanong se tla totobatsa seo re tlamehang ho se etsa ho thibela lefatše ho re kenya mekhoa e mebe le ho re sitisa ho beha litholoana.—Mar. 4:19.

3 Sehlooho sa neheletsano ea bobeli se re “Mathang ka Mamello Peisong.” Se tla bontša kamoo tsela ea rōna ea bophelo e tšoanang le peiso kateng. Ke hobane’ng ha re lokela ho matha ho ea ka melao? Re ka hlobola boima bo bong le bo bong ka katleho joang ’me ra matha peisong ea bophelo re sa khathale? Keletso ea Mangolo e nakong e tla re thusa hore kaofela re tsoele pele re matha ka mamello.

4 Mamello e Tlisa Kamohelo ea Molimo: Lipuo tse tla fanoa ke balebeli ba tsamaeang e tla ba tse matlafatsang tumelo ho ba mamelang le ba sebelisang keletso. Sehlooho sa e ’ngoe ea lipuo tsa molebeli oa setereke se re “Mamello e Hlahisa Boemo bo Amohelehang.” Puo ea phatlalatsa e tla araba potso e reng: Lichaba li lokela ho tšepa lebitso la mang, ’me ho hlokahala eng hore li etse joalo? Puo ea ho qetela ea sehlooho se reng, “Le Tla Rua Meea ea Lōna ka ho Mamella,” e tla tšohla kamoo Jesu a ileng a khona ho mamella ho hloka toka a sa khopisehe.

5 U se ke ua lebala ho tla le buka ea hao ea Sekolo sa Tšebeletso hammoho le Molula-Qhooa o tla ithutoa bekeng eo. Ngola lintlha e le hore u ka tsepamisa mohopolo le ho ikhopotsa tsona nakong e tlang. Ho tla ikhopotsoa lintlha tsa lenaneo leo hamorao liphuthehong.

6 Mokete ona oa lijo tsa moea o lokiselitsoe ke Jehova ka sebele. Tloong! Re je! Re tla hoeletsa ka thabo haeba re ka ba teng ho rua molemo lenaneong lohle.—Esa. 65:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela