Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tumelo ea Rōna e re Susumelletsa Mesebetsing e Molemo
    Tšebeletso ea ’Muso—2002 | May
    • Tumelo ea Rōna e re Susumelletsa Mesebetsing e Molemo

      1 Tumelo e ile ea susumelletsa Noe, Moshe le Rahaba hore ba nke khato. Noe o ile a haha areka. Moshe o ile a tela bophelo ba menyaka ea nakoana tlung ea Faro ea borena. Rahaba o ile a pata lihloela a ba a mamela litaelo tsa tsona, a pholosa ba ntlo ea hae. (Baheb. 11:7, 24-26, 31) Tumelo ea rōna e re susumelletsa ho etsa mesebetsi efe e molemo kajeno?

      2 Ho Paka: Tumelo e re susumelletsa ho bua ka Molimo oa rōna ea babatsehang le ka litokisetso tseo a li entseng ho tlisa thabo e sa feleng. (2 Bakor. 4:13) Ka linako tse ling, re ka ’na ra ikutloa re le leqe ho fana ka bopaki. Empa ha re ‘beha Jehova ka pel’a rōna kamehla,’ rea matlafala le tšabo ea kokobela. (Pes. 16:8) Kahoo tumelo ea rōna e re susumelletsa ho abelana litaba tse molemo le beng ka rōna, baahelani, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona le ba bang neng le neng ha monyetla o hlaha.—Bar. 1:14-16.

      3 Ho Bokana Hammoho: Ho ba teng kamehla libokeng ke mosebetsi o mong o molemo o hlahisoang ke tumelo. Joang? Ho bontša hore rea lumela hore Jesu o na le rōna ka moea oa Molimo o halalelang ha re bokane hammoho libokeng tsa Bokreste. (Mat. 18:20) Ho bonahatsa takatso ea rōna ea ‘ho utloa seo moea o se bolellang liphutheho.’ (Tšen. 3:6) Re nka ka ho teba taeo eo re e fuoang hobane ka tumelo, rea bona hore re rutoa ke Morupeli oa rōna e Moholo, Jehova.—Esa. 30:20.

      4 Lintho Tseo re li Khethang: Tumelo e matla linthong tsa sebele tse sa bonoeng e re susumelletsa ho etelletsa pele lintho tsa moea bophelong ba rōna. (Baheb. 11:1) Hangata sena se akarelletsa ho tela lintho tse itseng tse bonahalang. Ka mohlala, moholo e mong o ile a hana ho amohela mosebetsi o lefang hantle hobane a ne a tla fosa liboka, a be hōle le lelapa la hae, hape a khaotse tšebeletso ea bopula-maliboho. E se eka le rōna re ka beha tšepo ea rōna e feletseng tšepisong ea Bibele ea hore Jehova o tla hlokomela ba ‘batlang ’muso pele le ho loka ha hae.’—Mat. 6:33.

      5 Ba bang ba hlokomela tšusumetso e matla eo tumelo e bang le eona bophelong ba rōna. Ha e le hantle, tumelo ea rōna e tsejoa lefatšeng ka bophara. (Bar. 1:8) Ka hona, e se eka kaofela ha rōna re ka bonahatsa ka mesebetsi ea rōna e molemo hore tumelo ea rōna ea phela.—Jak. 2:26.

  • Na U Sebelisa Bukana ea Seo a se Hlokang ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea ’Muso—2002 | May
    • Na U Sebelisa Bukana ea Seo a se Hlokang ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele?

      1 Haeba nako le nako u qoqa ka Bibele le motho ea thabelang, ’me le tšohla taba e itseng khatisong e khothalelitsoeng, le haeba e le ka nakoana e seng kae feela, na u lemohile hore seo ke hona ha u khanna thuto ea Bibele? Ha e le hantle, sena se nkoa e le thuto le haeba e tšoareloa monyako kapa ka thelefono. Ke hobane’ng ha u sa etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa thuto e joalo khoeling ea May le June u sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang?

      2 Lokisetsa U Tle U Atlehe: Ha u nehelana ka bukana ea Seo a se Hlokang, tseba hantle seo u batlang ho se bua. Haeba u etsa leeto la ho boela, nahana ka seo u se buileng ketelong ea pele. Ipotse: ‘Nka ntšetsa pele puisano eo ka lirapa life bukaneng ’me tsa lebisa thutong ea Bibele?’ Haeba u tsamaea ka ntlo le ntlo, nahana ka lihlooho tse tla ipiletsa ho mocha, motho ea hōlileng, monna, kapa mosali. Hlahloba lihlooho tse bukaneng ena, ebe u khetha se ipiletsang. Ka mor’a ho khetha tsela eo u tla qalisa moqoqo ka eona, itloaetse eona ka makhetlo a ’maloa. Sena ke se seng sa linotlolo tsa katleho.

      3 Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002 e fane ka lintlha tse robeli tsa “Litlhahiso Tsa ho Tsamaisa Bukana ea Seo a se Hlokang.” Lebokose le reng “Katamelo e Tobileng” le bontša kamoo ho ka sebelisoang bukana ena kateng ho qalisa lithuto. U ka ’na ua sebelisa tlhahiso e qalang tjena:

      ◼ “Na u ne u tseba hore ka metsotso e seng mekae feela u ka fumana karabo ea potso ea bohlokoa ea Bibele? Ka mohlala, ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata hakaale a ipolelang hore ke a Bokreste? Na u kile ua ipotsa potso ee?” Ha motho a qeta ho arabela, phetla thuto ea 13 ebe le tšohla lirapa tse peli tse qalang. Ha nako e lumela, bala temana kapa tse peli ’me le buisane ka tsona. Ebe u bala potso ea ho qetela e qalong ea leqephe, u ntan’o re: “Karolo e setseng ea thuto ena e totobatsa matšoao a mahlano a khethollang bolumeli ba ’nete. Ke tla thabela ho khutla re tl’o buisana ka ’ona.”

      4 Phehella: Sebelisa monyetla o mong le o mong ho bontša kamoo thuto ea Bibele e tšoaroang kateng ka bukana ea Seo a se Hlokang. Kōpa tlhohonolofatso ea Jehova. (Mat. 21:22) Ka ho phehella boitekong ba hao, u ka ’na ua latsoa thabo ea ho thusa motho e mong ho amohela litaba tse molemo!

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela