Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bokoenehi
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • ea hae e neetsoe bobe, a tle a etse bolotsana, a sebe Jehova ka lipuo tsa bohata, a beele moea oa ea lapileng tlala, a time ea nyoriloeng seno.” (Bapisa Esaia 65:13, 14.)

      Bokoenehi bo tebile hakae?

      2 Pet. 2:1: “Ba kenyang ka sephiri lithuto tse senyang, ’me ka ho latola Morena ea ba lopolotseng, ba tla ikhulela tšenyeho e sehlōhō holimo.”

      Jobo 13:16: “Moikaketsi [“mokoenehi,” NW] a ke ke a itlhahisa pel’a oona [Molimo].”

      Ba-Heb. 6:4-6: “Ba seng ba kile ba bonesetsoa, ba lekileng neo ea leholimo, ba filoeng kabelo Moeeng o Halalelang, ba latsoitseng lentsoe le monate la Molimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla, bao ha ba ka oa [“joale ha ba ka koeneha,” RS], ha ho kamoo ba ka boelang ba nchafatsoa hore ba boele ba bake, hobane ba boela ba ithakhisetsa Mor’a Molimo, ba mo etsetsa nyeliso.”

  • Bolumeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Bolumeli

      Tlhaloso: Mokhoa oa borapeli. Bo akarelletsa tsamaiso ea maikutlo a bolumeli, litumelo, le mekhoa; tsena e ka ’na ea e-ba tsa botho, kapa tsa buelloa ke mokhatlo o hlophisitsoeng. Hangata bolumeli bo ama ho lumela ho Molimo kapa ho melimo ea palo eitseng; kapa ba nka batho, lintho, litakatso, kapa matla e le lintho tse ka rapeloang. Malumeli a mangata a theiloe boithutong ba batho ba tlhaho; hape ho na le bolumeli bo senotsoeng. Ho na le bolumeli ba ’nete le ba bohata.

      Ke hobane’ng ha malumeli a le mangata hakana?

      Phuputso e sa tsoa etsoa e fihletse qeto ea hore ho na le malumeli a sehlooho a 10 le lihlopha tsa bokhelohi tse ka bang 10 000. Ho tsona tse ka bang 6 000 li Afrika, tse 1 200 United States, ’me tse makholo-kholo li linaheng tse ling.

      Ho na le mabaka a mangata a entseng hore ho be le lihlopha tse ncha tsa bolumeli. Ba bang ba ’nile ba bolela hore malumeli a sa tšoaneng kaofela a emela litsela tse sa tšoaneng tsa ho nehelana ka ’nete ea bolumeli. Empa ha ho bapisoa lithuto tsa oona le mekhoa ea oona le seo Bibele e se supang, ho e-na le hoo, ho bonahala hore ho se tšoane hoa bolumeli ho tsoetsoe ke hore batho ba fetohile balateli ba batho ho e-na le ho mamela Molimo. Hoa hlokomeleha hore, lithuto tse tšoanang tseo a nang le tsona, empa e le tse fapaneng le Bibele, boholo li simolohile Babylona ea boholo-holo. (Bona maqephe 30, 31, tlas’a sehlooho “Babylona e Moholo.”)

      Ke mang ea susumetsang pherekano e joalo ea bolumeli? Bibele e tsebahatsa Satane Diabolose e le “molimo oa lefatše lena.” (2 Ba-Kor. 4:4) E re lemosa hore “lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo.” (1 Ba-Kor. 10:20) Ke hoa bohlokoa hakaakang he, ho tiisa hore re hlile re rapela Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, le hore borapeli ba rōna boa mo khahlisa!

      Na bolumeli bohle boa amoheleha ho Molimo?

      Baahl. 10:6, 7: “Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pel’a Jehova; ba sebeletsa bo-Baale le bo-Ashtarothe, le melimo ea Syria, le melimo ea Sidone, le melimo ea Moabe, le melimo ea bana ba Ammone, le melimo ea ba-Filista; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa. Eaba khalefo ea Jehova e tukela ba-Iseraele.” (Haeba motho a rapela ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ho fapana le Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, ho totobetse hore mokhoa oo a rapelang ka oona ha o amohelehe ho Jehova.)

      Mar. 7:6, 7: “A [Jesu] re ho bona [Bafarisi le bangoli ba Bajode]: Esaia o na a profete hantle bakeng sa lōna, lōna baikaketsi, kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Sechaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa lipelo tsa bona li hole le ’na. Empa ba ntšebelletsa lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.” (Ho sa tsotellehe hore na sehlopha se ipolela hore se rapela mang, haeba ba tšoarelletse lithutong tsa batho ho e-na le Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, borapeli ba bona ke ba lefeela.)

      Ba-Roma 10:2, 3: “Ke paki ea bona, ea hore ba na le cheseho ho Molimo, empa e seng ka kelello. Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Molimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlas’a ho loka ha Molimo.” (Batho ba ka ’na ba e-ba le Lentsoe le ngotsoeng la Molimo empa ba haelloa ke tsebo e nepahetseng ea se ka ho lona, hobane ha baa ka ba rutoa ka nepo. Ba ka ’na ba ikutloa hore ba chesehela Molimo, empa e ka ’na eaba ha ba etse seo o se hlokang. Borapeli ba bona e ke ke ea e-ba bo khahlisang Molimo, na ha ho joalo?)

      Na ke ’nete hore bolumeli bohle bo botle?

      Malumeli a mangata a hlile a ruta hore motho ha a lokela ho bua leshano kapa ho utsoa, le tse ling tse joalo. Empa na hoo ho lekane? Na u ka thabela ho noa metsi a nang le mahloko a bolaeang feela hobane e mong a u tiiselitse hore boholo ba seo u se noang ke metsi?

      2 Ba-Kor. 11:14, 15: ‘Satane le eena o ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka.’ (Mona re hlokomelisoa hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e simolohang ho Satane e ka ’nang ea bonahala e le mpe. O mong oa mekhoa e ka sehloohong eo a thetsang batho ka eona ebile bolumeli ba bohata ba mefuta-futa, boo bo bong ba bona a bo neang ponahalo ea ho loka.)

      2 Tim. 3:2, 5: “Batho . . . ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.” (Ho sa tsotellehe hore na ba re ba rata Molimo kapa che, haeba bao u rapelang le bona ba sa sebelise Lentsoe la oona ka tieo bophelong ba bona, Bibele e u phehella hore u ikarohanye le ba joalo.)

      Na ho loketse ho tlohela bolumeli ba batsoali ba motho?

      Haeba seo batsoali ba rōna ba re rutileng sona se hlile se e-tsoa ka Bibeleng, re lokela ho tšoarella ho sona. Le haeba re ithuta hore mekhoa ea bona ea bolumeli le seo ba se lumelang ha li lumellane le Lentsoe la Molimo, batsoali ba rōna ba lokeloa ke tlhompho ea rōna. Empa ho thoe’ng haeba u ithuta hore mokhoa o itseng oa batsoali ba hao o ne o le kotsi bophelong ’me o ka khutsufatsa bophelo ba motho? Na u ka ba etsisa ’me ua khothalletsa le bana ba hao hore ba etse joalo, kapa na ka hlompho u ka arolelana le bona seo u ithutileng sona? Ka ho tšoanang, tsebo ea ’nete ea Bibele e tlisa boikarabelo. Haeba ho ka etsahala, re lokela ho arolelana le litho tsa malapa seo re ithutang sona. Re tlameha ho etsa qeto: Na re hlile re rata Molimo? Na re

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela