Bohlokoa bo Fetisisang ba Bohlale ba Bomolimo
1 Batho ba bang ba nahana hore Lipaki Tsa Jehova li lokela ho ameha haholo ka ho imolla moloko oa batho mathateng ao o tobaneng le ’ona kajeno. Batho ba joalo ha ba bone bohlokoa bo fetisisang ba mosebetsi oa rōna oa ho ruta batho Bibele. Ho joalokaha moapostola Pauluse a ngotse: “Puo e mabapi le thupa ea tlhokofatso ke booatla ho ba timelang, empa ho rōna ba ntseng ba pholosoa, ke matla a Molimo.” (1 Bakor. 1:18) Ka sebele, rea tseba hore tšebeletso ea Bokreste ke mosebetsi oa bohlokoahali o etsoang lefatšeng kajeno.
2 Bophelo bo Molemo Hona Joale: Boiteko ba batho ba ho rarolla mathata a moloko oa batho bo hlahisitse litholoana tse fokolang haholo. Melao ha ea thibela ho eketseha ha bokebekoa. Lilekane tsa khotso le mabotho a khotso ha aa felisa ntoa. Mananeo a sechaba a hlōlehile ho felisa bofuma. (Pes. 146:3, 4; Jer. 8:9) Ho fapana le hoo, molaetsa oa ’Muso o fetotse bophelo ba batho ba limilione ka ho ba thusa ho apara botho bo bocha bo amoheloang ke Molimo. (Bar. 12:2; Bakol. 3:9, 10) Ka ho etsa joalo, ba thabela bophelo bo ntlafetseng hona joale.—1 Tim. 4:8.
3 Bokamoso bo Khanyang: Ho phaella ho re thuseng ho sebetsana ka katleho le mathata a hona joale a bophelo, bohlale ba bomolimo bo re nolofalletsa ho lokisetsa bokamoso ka tsela e atlehileng. (Pes. 119:105) Bo re thibela ho etsa boiteko bo se nang thuso ba ho fetola tsamaiso ea hona joale ea lintho. (Moek. 1:15; Bar. 8:20) Re leboha hakaakang hore ebe ha re senye bophelo ba rōna re lelekisa lipakane tseo e leng litoro feela! Ho e-na le hoo, re ikitlaetsa re lebisitse tlhokomelo tšepisong e tiileng ea Jehova ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” leo ho loka ho tla aha ho lona. Ha letsatsi la Jehova la kahlolo le fihla, ho tla totobala hore ba ileng ba itšetleha ka bohlale ba bomolimo ba entse khetho e nepahetseng.—2 Pet. 3:10-13; Pes. 37:34.
4 Le hoja bohlale ba bomolimo bo ka bonahala bo sa utloahale ho batho ba ikakhetseng ka setotsoana ‘bohlaleng ba tsamaiso ena ea lintho,’ ha e le hantle ke eona feela tsela e molemo e lokelang ho lateloa. (1 Bakor. 1:21; 2:6-8) Kahoo, re tsoela pele ho phatlalatsa lefatšeng lohle molaetsa o tsoang ho Molimo, e leng eena “ea bohlale a le mong.”—Bar. 16:27.