Re ka Etsa Seo Jehova a se Hlokang
1 Ho boloka melao le melao-motheo ea Jehova ke tsela e molemohali ea bophelo kajeno, ’me ho re thusa ho rala motheo o motle bakeng sa bokamoso bo sa feleng. (Pes. 19:7-11; 1 Tim. 6:19) Leha ho le joalo, lefatše la Satane le re beha tlas’a khatello e khōlō. Bothata bo eketsehileng bo bakoa ke ’mele ea rōna e sa phethahalang. Ha re ntse re leka ho phetha boikarabelo ba rōna ba Mangolo, ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa re selebaletsoe. (Pes. 40:12; 55:1-8) Re ka ba ra ipotsa hore na re ka khona ho etsa sohle seo Jehova a se hlokang ho rōna. Ka linako tse joalo, re ka thusoa ke’ng ho lula re tsitsitse moeeng?
2 Litaelo Tsa Jehova ha li Boima: Le ka mohla Jehova ha a lebelle hore re etse lintho tse re sitang. Litaelo tsa hae ha li boima empa li molemong oa rōna. (Deut. 10:12, 13; 1 Joh. 5:3) O nahanela mefokolo ea rōna, “oa hopola hore re lerōle.” (Pes. 103:13, 14) Ka mohau Molimo o amohela boiteko ba rōna bo molemohali ba ho mo sebeletsa, esita le haeba bo fokola ka lebaka la maemo a rōna. (Lev. 5:7, 11; Mar. 14:8) O re mema hore re lahlele meroalo ea rōna ho eena, ’me o re tiisetsa hore o tla re nolofalletsa ho lula re tšepahala.—Pes. 55:22; 1 Bakor. 10:13.
3 Ho Hlokahala Mamello: Litlaleho tsa Bibele tsa batho ba bolokileng botšepehi joaloka Elia, Jeremia le Pauluse li bontša hore ho hlokahala mamello. (Baheb. 10:36) Jehova o ile a ba tšehetsa linakong tsa mahlomola le ho nyahama. (1 Mar. 19:14-18; Jer. 20:7-11; 2 Bakor. 1:8-11) ’Me re susumetsoa ke botšepehi ba barab’abo rōna ba mehleng ea kajeno. (1 Pet. 5:9) Ho thuisa ka mehlala e joalo ho ka re thusa hore re se ke ra felloa ke matla meeeng ea rōna.
4 Tšepo litšepisong tsa Molimo ke “ankora bakeng sa moea.” (Baheb. 6:19) E ile ea susumelletsa Abrahama le Sara ho amohela kōpo ea Jehova ea hore ba tlohe lehaeng la bona ’me ‘ba lula e le bajaki naheng ea tšepiso.’ E ile ea matlafatsa Moshe hore a emele borapeli ba ’nete a sa tšabe. Ea matlafatsa Jesu hore a mamelle thupa ea tlhokofatso. (Baheb. 11:8-10, 13, 24-26; 12:2, 3) Ka ho tšoanang ho boloka tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha e khanya ka lipelong tsa rōna ho tla re thusa ho lula re tiile.—2 Pet. 3:11-13.
5 Ho hopola liketso tsa rōna tsa nakong e fetileng tsa botšepehi, boitelo le sebete ho ka boela ha re matlafatsa tšebeletsong ea rōna. (Baheb. 10:32-34) Ho re hopotsa thabo eo re bang le eona ha re fa Jehova seo a se hlokang ho rōna—e leng boinehelo ba moea oohle.—Mat. 22:37.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Ka linako tse ling re ka ’na ra lokela ho loantšana le maikutlo afe, hona hobane’ng?
2. Seo Jehova a se hlokang ho rōna se bontša joang hore oa re nahanela?
3. Jehova o re matlafatsa joang hore re mamelle?
4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho lula re hopola litšepiso tsa Molimo?
5. Ke hobane’ng ha e ka ba ho khothatsang ho nahana ka liketso tsa rōna tsa nakong e fetileng tsa botšepehi?