Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Monna ea Thabileng ea Nang le Mosali ea Ratehang”
    Molula-Qhooa—1999 | September 1
    • “Monna ea Thabileng ea Nang le Mosali ea Ratehang”

      KA LINAKO tse ling, batho ba bang ba qosa Lipaki tsa Jehova ka ho toba ka hore li senya manyalo. Leha ho le joalo, manyalo a mangata a atlehileng ao ho ’ona molekane a le mong e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova a bontša hore sena hase ’nete ho hang. Ho mamela keletso ea Bibele bophelong ba lelapa ho etsa hore manyalo e be a thabileng, joalokaha lengolo le latelang le hatisitsoeng koranteng e ’ngoe ea Fora le bontša.

      “E se e batla e le lilemo tse 28 joale ke le monna ea thabileng ea nang le mosali ea ratehang eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova. O hōlisitse bana ba ka ba bahlano, bao ba babeli ba bona e neng e se ba hae, a ba hlokomela le ho ba bontša lerato le leholo ka tsela e tšoanang. Kaha hona joale ke motsamaisi oa k’hamphani e nang le basebetsi ba 45, ke rata ho u tiisetsa hore o tlatselitse haholo hore ebe ke atlehile mosebetsing. Ke ka lebaka leo eitseng ha ke bona sehlooho koranteng eo ke e balang kamehla se bua ka hore Lipaki tsa Jehova ke tšokelo tikolohong ea Lot-et-Garonne, ke ileng ka etsa qeto ea hore ke u fe bopaki ba ’nete.”

      Lengolo leo le boetse le re: “Ha li tsube kapa hona ho tahoa. Na see ke tšokelo? Ke Bakreste ba mamellang batho ba bang ba sa qobelleng motho leha e le ofe hore a latele melao ea bona. Ho e-na le hoo, li beha mohlala ka litsela tse ngata. . . . Ha li kopanele manyofonyofong a lichelete kapa thekisong ea lithethefatsi. Ha li nke likano tsa ho lula li hloekile, ’me kea u tiisetsa hore li phela ka tsela e tloaelehileng. . . .

      “Mohlomong u ka ’na u mpotsa: Joale ke hobane’ng ha uena ka bouena u se e mong oa Lipaki tsa Jehova? Kahobane ho hlokahala tumelo ea Bokreste le ho ba le litekanyetso tse tiileng tsa boitšoaro, ’me lintho tsena ha li fumanehe habonolo har’a batho ba bangata.”

  • Na U ka Rata ho Eteloa?
    Molula-Qhooa—1999 | September 1
    • Na U ka Rata ho Eteloa?

      Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela