Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsebahatsa ’Nete e Mabapi le Jesu
    Tšebeletso ea ’Muso—2002 | November
    • Tsebahatsa ’Nete e Mabapi le Jesu

      1 Bakreste ba tlotsitsoeng, ba thusoa ke metsoalle ea bona ea linku tse ling, ‘ba na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.’ (Tšen. 12:17) Mosebetsi ona ke oa bohlokoa, kaha poloko e fumaneha ka eena feela.—Joh. 17:3; Lik. 4:12.

      2 ‘Ke Tsela, ’Nete le Bophelo’: Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Joh. 14:6) Ke ka Jesu feela, e leng “tsela,” re ka atamelang Molimo ka thapelo le ho ba le kamano e amohelehang le Eena. (Joh. 15:16) Jesu ke “’nete” ka kutloisiso ea hore boprofeta le liriti tse boletsoeng ka Mangolong a Seheberu li ile tsa fetoha ntho ea sebele ka eena. (Joh. 1:17; Bakol. 2:16, 17) Ka sebele, morero o ka sehloohong oa boprofeta ba ’nete ke ho fana ka leseli le eketsehileng mabapi le karolo ea hae e ka sehloohong ho phethahatseng morero oa Molimo. (Tšen. 19:10) Hape, Jesu ke “bophelo.” E le hore re fumane tlhohonolofatso ea bophelo bo sa feleng, bohle re lokela ho bontša tumelo sehlabelong sa hae sa thekollo.—Joh. 3:16, 36; Baheb. 2:9.

      3 Ke Hlooho le Morena ea Busang: Batho ba boetse ba lokela ho ela hloko matla a maholo a ho laela ao Jehova a a fileng Mora oa hae. Jesu o behiloe e le Morena oa ’Muso oa Molimo—‘’me lichaba li lokela ho mo mamela.’ (Gen. 49:10) Ho phaella moo, Jehova o mo khethile ho ba Hlooho ea phutheho. (Baef. 1:22, 23) Re lokela ho thusa liithuti tsa rōna tsa Bibele ho utloisisa kamoo Jesu a tsamaisang phutheho kateng le ho sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho fana ka ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’—Mat. 24:45-47.

      4 Ke Moprista ea Phahameng ea Mosa: Kaha Jesu o ile a feta litekong le mahlomoleng e le motho oa nama, “o khona ho phallela ba ntseng ba lekoa.” (Baheb. 2:17, 18) Ke ho thabisang hakaakang ho batho ba sa phethahalang ho tseba hore Jesu o ba utloela bohloko mefokolong ea bona ’me ka mosa o ba kōpela ka tieo! (Bar. 8:34) Motheong oa sehlabelo sa Jesu le ka tšebeletso ea hae e le Moprista ea Phahameng, re ka atamela Jehova “ka bolokolohi ba puo” e le hore re ka fumana “thuso ka nako e nepahetseng.”—Baheb. 4:15, 16.

      5 E se eka boiteko ba rōna ba ho tsebisa ba bang ’nete e mabapi le Jesu bo ka ba susumelletsa ho mo mamela le ho mo sebeletsa hammoho le rōna.—Joh. 14:15, 21.

  • Thusa Molebeli oa Hao oa Thuto ea Buka ea Phutheho
    Tšebeletso ea ’Muso—2002 | November
    • Thusa Molebeli oa Hao oa Thuto ea Buka ea Phutheho

      1 E mong le e mong oa rōna o rua melemo e mengata Thutong ea Buka ea Phutheho. Khoeling e fetileng re tšohlile kamoo molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho a phethang mosebetsi oa hae kateng. Empa re ka etsa’ng ho mo thusa ’me kahoo ra itsoela molemo le ho tsoela ba bang molemo?

      2 E-ba Teng Beke e ’Ngoe le e ’Ngoe: Kaha lihlopha tsa thuto ea buka li bolokoa li le nyenyane, ho ba teng ha hao ke habohlokoa. Iketsetse pakane ea ho ba teng beke e ’ngoe le e ’ngoe. Hape u ka thusa ka ho fihla ka nako, kaha sena se thusa molebeli ho qalisa seboka ka mokhoa o hlophisehileng.—1 Bakor. 14:40.

      3 Litlhaloso Tse Hahang: Tsela e ’ngoe eo u ka thusang ka eona ke ka ho lokisetsa hantle le ka ho fana ka litlhaloso tse hahang. Litlhaloso tse tobisitsoeng ntlheng e le ’ngoe hangata ke tsona tse molemohali, ’me sena se boetse se khothalletsa ba bang ho fana ka litlhaloso. Qoba ho akaretsa serapa kaofela. Haeba ntlha e itseng e u ama pelo, entša puisano ka ho fana ka tlhaloso e hlahisang maikutlo a hao.—1 Pet. 4:10.

      4 Haeba u e-na le tokelo ea ho bala lirapa molemong oa sehlopha, phethahatsa kabelo eo ka khothalo. Ho bala hantle ho etsa hore thuto e be e atlehileng.—1 Tim. 4:13.

      5 Ho Paka Joaloka Sehlopha: Libakeng tse ngata tsa thuto ea buka ho tšoaroa liboka tsa tšebeletso ea tšimo, ’me ho tšehetsa ha hao litokisetso tsena ho thusa molebeli ha a ntse a etella pele mosebetsing oa ho bolela evangeli. Tiisa hore u kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla. Talima litokisetso tsena e le menyetla ea hore u atamele haufi le barab’eno le ho ba khothatsa.

      6 Litlaleho Tsa Tšebeletso ea Tšimo: Tsela e ’ngoe eo u ka thusang molebeli ka eona ke ka ho fana ka tlaleho ea hao ea tšebeletso ea tšimo hang-hang bofelong ba khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Isa tlaleho ea hao ho eena ka ho toba. Mongoli o tla bokella litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tse bokeletsoeng ke balebeli ba thuto ea buka.

      7 Ho sebelisana ha hao le molebeli oa Thuto ea Buka ea Phutheho ho tla ananeloa. Ka holim’a tsohle, u ka kholiseha hore Jehova o tla ‘ba le moea oo u o bontšang.’—Bafil. 4:23.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela