Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lefatše Lohle le Ile la Timetsoa!
    Molula-Qhooa—2002 | March 1
    • Bibele e fupere tlaleho e bululetsoeng ea histori ea moo bophelo bo qalehileng teng tšimolohong. Leha ho le joalo, bopaki bo supa hore e fupere ho hongata ho feta histori feela tjee. Boprofeta ba eona bo sa foseng le bohlale ba eona bo tebileng li bontša ka ho hlaka hore e seo e ipolelang hore e sona—ke molaetsa o tsoang ho Molimo o eang ho moloko oa batho. Ho fapana le litšōmo, litlaleho tsa Bibele li akarelletsa mabitso le matsatsi haesita le boitsebiso bo amanang le tatellano ea meloko le libaka tseo liketsahalo li ileng tsa etsahalla ho tsona. E re fa pono e hlakileng ea bophelo pele ho Moroallo ’me e senola hore na ke hobane’ng ha lefatše lohle le ile la timetsoa ka tšohanyetso.

      Ke eng se neng se fosahetse ka moloko oa nakong ea pele ho Moroallo? Sehlooho se latelang se araba potso eo. Ke potso ea bohlokoa ho bohle bao mohlomong ba ipotsang hore na bokamoso ba moloko oa kajeno bo tsitsitse ho le hokae.

  • Ke Hobane’ng ha Lefatše Leo la Boholo-holo le Ile la Timela?
    Molula-Qhooa—2002 | March 1
    • Ke Hobane’ng ha Lefatše Leo la Boholo-holo le Ile la Timela?

      MOROALLO oa lefatše lohle e ne e se koluoa ea tlhaho. E ne e le kahlolo e tsoang ho Molimo. Ho ne ho fanoe ka temoso, empa ka kakaretso batho ba ne ba ile ba iphapanyetsa eona. Hobane’ng? Jesu o ile a hlalosa: “Matsatsing ao pele ho moroallo, [batho] ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.”—Matheu 24:38, 39.

      Moloko o Tsoetseng Pele

      Lintlheng tse ling, moloko o neng o phela pele ho Moroallo o ne o thabela menyetla e mengata eo re sa e thabeleng kajeno. Ka mohlala, moloko oohle oa batho o ne o bua puo e le ’ngoe. (Genese 11:1) Sena se ne se ka etsa hore ho finyelloe katleho e itseng mesebetsing ea bonono le saense e hlokang boiteko bo kopanetsoeng ba batho ba bangata ba nang le tsebo ea lintho tse fapaneng. Hape, nako e telele eo ba neng ba e phela e ne e ba fa monyetla oa hore ba tsoele pele ho bokella tsebo holim’a seo ba ithutileng sona ho pholletsa le makholo a lilemo.

      Ba bang ba bolela hore nako eo batho ba mehleng eo ba neng ba e phela e ne e se telele hakaalo le hore lilemo tse boletsoeng litlalehong tsa Bibele, ha e le hantle e ne e le likhoeli. Na seo ke ’nete? Ak’u nahane ka taba ea Mahalalele. Bibele e re: “Mahalalele a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano. Joale a tsoala Jarede. . . . Matsatsi ’ohle a Mahalalele e bile lilemo tse makholo a robeli le mashome a robong a metso e mehlano eaba oa shoa.” (Genese 5:15-17) Haeba selemo se bolela khoeli, seo se bolela hore Mahalalele o ile a tsoala mora oa hae a le lilemo li hlano feela! Selemo e ne e se khoeli, batho ba mehleng eo ba ne ba batla ba tšoana le monna oa pele Adama, ka ho ba le matla a phethahetseng. E hlile ba ne ba phela makholo a lilemo. Ke eng seo ba ileng ba se finyella?

      Makholo a lilemo pele ho Moroallo, baahi ba lefatše ba ne ba le bangata haholo hoo Kaine mor’a Adama a ileng a khona ho haha motse o moholo, oo a ileng a o bitsa Enoke. (Genese 4:17) Lilemo tse ngata pele ho Moroallo, ho ile ha e-ba le liindasteri tse sa tšoaneng. Ho ne ho e-na le litei tsa “mofuta o mong le o mong oa sesebelisoa sa koporo le tšepe.” (Genese 4:22) Ha ho pelaelo hore lisebelisoa tsena li ne li sebelisoa bakeng sa mosebetsi oa kaho, ho betla, ho rōka liaparo le bakeng sa temo. Litlaleho tse buang ka batho ba pele ba phetseng lefatšeng li ba amahanya le mesebetsi ena kaofela.

      Tsebo e bokeletsoeng ho pholletsa le lilemo e ne e tla etsa hore meloko e hlahlamang e be le tsebo ea mesebetsi e khethehileng e kang saense le theknoloji ea litšepe, temo ea lijo, ho hlahisa le ho hōlisa linku le likhomo, ho ngola libuka tse sa tšoaneng le mesebetsi e tsoileng matsoho ea bonono. Ka mohlala, Jubale e ne e le “mothehi oa bohle ba tšoarang harepa le phala.” (Genese 4:21) Tsoelo-pele e ile ea pharalla. Empa leha ho le joalo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea fela ka tšohanyetso. Ho ile ha etsahala’ng?

      Ho Ile ha Senyeha Hokae?

      Le hoja o ne o e-na le menyetla e mengata, moloko o phetseng pele ho Moroallo o ile oa ba le tšimoloho e mpe. Mothehi oa oona, Adama, o ile a fetohela Molimo. Kaine, sehahi sa motse oa pele o tlalehiloeng, o ile a bolaea ngoan’abo ka sehlōhō. Ha ho makatse hore ebe bokhopo bo ile ba ja setsi! Litholoana tsa lefa le sa phethahalang leo Adama a ileng a le siela bana ba hae li ne li eketseha.—Baroma 5:12.

      Ho ne ho hlakile hore lintho li fihlile tlhōrōng ha Jehova a etsa qeto ea hore o tla lumella hore boemo boo bo tsoele pele ka nako ea lilemo tse 120 feela. (Genese 6:3) Bibele e re: ‘Bobe ba motho bo ne bo le bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e ne e le mpe feela ka linako tsohle. . . . Lefatše le ne le tletse pefo.’—Genese 6:5, 11.

      Ka mor’a nako e itseng, Noe o ile a bolelloa ka ho toba hore Molimo o ne a tla felisa nama eohle ka moroallo. (Genese 6:13, 17) Le hoja Noe e ile ea e-ba “’moleli oa ho loka,” kamoo ho bonahalang kateng ho ne ho le thata hore batho ba lumele hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e ba potolohile e ne e tla fela. (2 Petrose 2:5) Ke batho ba robeli feela ba ileng ba mamela keletso eo ’me ba pholosoa. (1 Petrose 3:20) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa ho rōna kajeno?

      See se Bolela’ng ho Rōna?

      Re phela mehleng e tšoanang le ea Noe. Kamehla re utloa ka liketso tse tšosang tsa bokhukhuni, mehato e reretsoeng ho timetsa morabe ka ho feletseng, lihlopha tse thunyang batho kantle ho morero le pefo ea ka malapeng e jeleng setsi ka tsela e tšosang. Hang hape lefatše le tletse pefo, ’me joaloka pele, lefatše le boleletsoe esale pele ka kahlolo e tlang. Jesu ka boeena o itse o tla tla e le Moahloli ea behiloeng oa Molimo ’me o tla arola batho feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli. Ba fumanoang ba sa tšoanelehe, Jesu o itse, “ba tla ea phelisong e sa feleng.” (Matheu 25:31-33, 46) Leha ho le joalo, Bibele e bolela hore lekhetlong lena ho tla ba le baphonyohi ba limilione—bongata bo boholo bo rapelang Molimo a le mong feela oa ’nete. Lefatšeng le tlang, ba tla thabela bophelo khotsong e sa feleng le tšireletsehong ho feta leha e le neng pele.—Mikea 4:3, 4; Tšenolo 7:9-17.

      Ba bangata ba soma lipolelo le litemoso tse kang tsena tsa Bibele tse mabapi le kahlolo e tla bontša hore lipolelo tse joalo e ne e se tsa lefeela. Empa moapostola Petrose o hlalositse hore bo-mo-tšoaea-liphoso ba joalo ba iphapanyetsa ’nete. O ile a ngola: “Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi . . . ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae?’ . . . Etsoe, ho ea ka takatso ea bona, ha ba ele hloko ’nete ena, hore ho ne ho e-na le maholimo ho tloha khale le lefatše le neng le eme le setlellane ho tsoa metsing le har’a metsi ka lentsoe la Molimo; ’me ka mekhoa eo lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi. Empa ka lentsoe le tšoanang

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela