Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Litsebiso
    Tšebeletso ea ’Muso—2004 | May
    • Litsebiso

      ◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u khutlela ho batho ba thahasellang, ba ka ’nang ba akarelletsa ba bileng teng Sehopotsong kapa liketsahalong tse ling tsa puso ea Molimo empa ba sa kopanele kamehla le mokhatlo o hlophisitsoeng, lebisa tlhokomelo ho tsamaiseng buka ea Rapela Molimo. Ho lokela hore ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele, haholo-holo haeba batho ba bang ba se ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang. June: Ithute ho Mosuoe e Moholo. Haeba batho ba re ha ba na bana, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. Ha u sebelisa bukana ena, lebisa tlhokomelo ho qaliseng lithuto tsa lehae tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32, ntle le ea Thuto le Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?

      ◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.

      ◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ho na le liphetoho likopanong tsa setereke tse latelang:

      LA 3-5 DECEMBER:

      Gaborone (Senyesemane) Deiti e ncha

      LA 4-5 DECEMBER:

      Rundu (Sekwangali) Deiti e ncha

      LA 10-12 DECEMBER:

      Vereeniging (Sesotho/Sezulu) Deiti e ncha

      LA 24-26 DECEMBER:

      Giyani (Setsonga) Kopano e ncha

      Kimberley (Setswana) Kopano e ncha

      Klerksdorp (Setswana) E hlakotsoe

      Phalaborwa (Setsonga) E hlakotsoe

      LA 31 DECEMBER, 2004 –LA 2 JANUARY, 2005:

      Mmabatho (Setswana) Kopano e ncha

      ◼ Li-disc Tse Ncha Tse Fumanehang:

      Ithute ho Mosuoe e Moholo—Senyesemane

  • Mokhoa oa ho ba Thusa
    Tšebeletso ea ’Muso—2004 | May
    • Mokhoa oa ho ba Thusa

      Bakreste ba ’nete ba kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa ea ho bolela litaba tse molemo. (Bafil. 2:17) Ho ba thusa ho finyella seo, ho na le libukana, lipampitšana le lihlooho tse itseng ka lipuo tse 20 atereseng ea Internet ea www.watchtower.org. Morero oa mocha ona oa boitsebiso oa Internet hase ho abela Lipaki Tsa Jehova lingoliloeng tsa morao-rao. Morero oa oona ke ho fa batho bohle boitsebiso bo nepahetseng bo tsoang Bibeleng ka seo Lipaki Tsa Jehova li se rutang.

      Morao tjena, lingoliloeng tse mocheng oa rōna oa boitsebiso oa Internet li ekelitsoe haholo. Ho kentsoe bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka lipuo tse fetang 220. Hape, ho tloha tokollong ea Molula-Qhooa oa January 1 le ea Tsoha! ea January 8, 2004 ka lipuo tsohle, ho bontšitsoe aterese ea mocha oa rōna oa boitsebiso oa Internet leqepheng la ho qetela.

      U ka sebelisa kofuto ee joang? U ka ’na ua kopana le motho ea bonahalang a thahasella empa a tseba puo e itseng feela. Haeba a khona ho kena Interneteng, u ka mo bontša aterese ea Internet e leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa kapa la Tsoha! Ka tsela eo a ka ’na a khona ho hlahloba bukana ea Seo a se Hlokang ka puo ea hae ho fihlela u ka khona ho mo tlisetsa lingoliloeng tsa puo ea hae. Kapa u ka ’na ua khona ho mo fetisetsa phuthehong kapa sehlopheng se buang puo ea hae.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea ’Muso—2004 | May
    • Litaba Tsa Puso ea Molimo

      ◼ Liphutheho tse latelang li ile tsa thabela ho neheloa ha Liholo tsa tsona Tsa ’Muso: Boitumelo, Molelema (Bloemhof) le Thamoanchi (Kuruman). Re thaba le tsona ha li ntse li ntšetsa pele lintho tse amanang le ’Muso.

      ◼ Bahoeletsi ba Afrika Boroa ba 9 282 ba liphutheho tse 426 ba ile ba kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang ka 2003, ba tsamaisa libuka tse 5 055, libukana tse 40 331 le limakasine tse 55 231. Ba ile ba qeta lihora tse 77 983, ba etsa maeto a ho boela a 6 580 ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 1 594.

      Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba 29, bao le bona ba ileng ba kopanela tšebeletsong ka nako eo, ba ile ba tsamaisa libuka tse 751, libukana tse 5 801 le limakasine tse 2 837. Ba ile ba qeta lihora tse 12 534, ba etsa maeto a ho boela a 3 971 ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 682. Banyalani ba bang ba ileng ba khutlela tšimong eo ba neng ba e sebetsa ka 2002, ba itse ba ile ba thabela ho fumana hore batho ba bane bao ba neng ba ithuta Bibele le bona selemong se fetileng, ba ne ba tsoetse pele hantle ba se ba bile ba itokolotse kerekeng. Hona joale ba babeli ke bahoeletsi ba sa kolobetsoang ’me e mong o boletse hore o lakatsa ho kolobetsoa.

  • Ho Tsamaisa Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo
    Tšebeletso ea ’Muso—2004 | May
    • Ho Tsamaisa Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo

      ◼ “Na u nahana hore lefatše e ne e tla ba sebaka se molemo haeba batho ba ne ba phela tumellanong le polelo ee? [Bala Matheu 7:12a. Ebe u emela karabelo.] Buka ena e na le lithuto tse ngata tsa mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 17.

      ◼ “Kajeno batsoali ba bangata ba leka ho ruta bana ba bona litekanyetso tse molemo. Na u nahana hore see se molemo? [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 22:6.] Hlokomela hore batsoali ba khothalletsoa ho qala ho ruta bana ba bona ba sa le banyenyane. Buka ena e hatisitsoe ka morero oa ho ba thusa ho etsa seo.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 15, 18, kapa 32.

      ◼ “Hangata batsoali ba makatsoa ke lipotso tseo bana ba bona ba li botsang. Ho ka ba thata ho araba tse ling tsa lipotso tseo, na ha ho joalo? [Emela karabelo. Ebe u bala 2 Timothea 3:14, 15.] Ho tloha boseeng ’mè oa Timothea le nkhono oa hae ba ile ba mo ruta seo Mangolo a se buang. Buka ena e ka thusa batsoali hore ba etsetse bana ba bona se tšoanang kajeno.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong tse seng kae le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 11 le ea 12 kapa ea 34 ho ea ho 36.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela